Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tseba Litsela Tsa ho Buisana le Bana

Tseba Litsela Tsa ho Buisana le Bana

Leka ho ipha nako ea ho mamela ha ngoana a batla ho buisana le uena

“Ke ithutile ho mamela le ho mamelisisa. Ke etsa joalo ho sa tsotellehe hore na ke khathetse hakae.”—MIRANDA, AFRIKA BOROA.

Bothata.

Cristina o re: “Bothata boo ke nang le bona hase ba ho se fumane nako ea ho ba le morali oa ka feela, empa ke ho leka ho tsepamisa kelello le hore ke bontše hore ke amehile ka eena ho sa tsotellehe boikarabelo bo bong boo ke nang le bona le mokhathala.”

Litlhahiso.

Etsa hore bana ba hao ba khone ho buisana le uena ba phutholohile. Elizabeth, e leng ’mè oa bana ba bahlano o re: “Ke leka ho ba behela mohlala ka hore ke ba phetlele sefuba, ebe le bona baa phutholoha. Ke boetse ke ba khothalletsa hore ba buisane le hore ba se ke ba robala ba koatelane. Ho feta moo, baa tseba hore ha ke rate ha ba ‘topola’—ba sa batle ho buisana le ba bang.”

U se ke ua iphapanya ha bana ba hao ba bua. Lyanne o ngotse a re: “Ha mora oa ka a sa le monyenyane, o ne a buela ruri ’me ke lula ke mo thōlisa. Joale ha a kena lilemong tsa bocha, o ile a khaotsa ho bua ’me ka hlokomela hore ke entse phoso e khōlō. Ke ile ka sebetsa ka thata hore lintho li boele setloaeling. Ke ile ka buisana le moholo oa phuthehong ea rōna ka taba ena. O ile a nkeletsa hore ke khobe matšoafo le hore ke itloaetse ho buisana le mora oa ka hanyane ka hanyane. Ke ile ka mamela keletso ea hae, ’me maemo a qala ho ntlafala butle-butle.”

E-ba le mamello. Moeklesia 3:7 e re, ho na le “nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” Dulce, e leng ’mè ea nang le bana ba bararo o re: “Ha bana ba ka ba ne ba sa batle ho bua, ke ne ke ba bolella hore ke ikemiselitse ho ba mamela ha ba se ba batla ho bua.” Ka sebele, ho e-na le hore u ba qobelle ho bua, ba meme ka lerato le ka mamello hore le buisane. Mokhoa ona ke oo Bibele e o khothalletsang. “Monahano oa motho o tšoana le metsi a ka selibeng se tebileng, empa ea nang le temohisiso o khona ho a kha.”—Liproverbia 20:5, Good News Translation.

U “potlakele ho utloa, [u] liehe ho bua.” (Jakobo 1:19) Lizaan ea qotsitsoeng sehloohong se fetileng o re: “Ke ile ka lokela ho ithuta ho laola leleme ha bana ba ka ba mpolella mathata a bona. Ke ile ka boela ka lokela ho ithuta ho se potlakele ho fa bana keletso, empa hore ke bue le bona ke khobile matšoafo ha ba etsa lintho tse nkhalefisang.” Leasa, e leng ’mè oa bashemane ba babeli o ngotse a re: “Ha ho mohla nkileng ka tseba ho mamela ka hloko. Ka linako tse ling, ke ne ke khella fatše lintho tseo bara ba ka ba tšoenyehileng ka tsona, kahoo ke ile ka lokela ho ithuta ho ba le kutloelo-bohloko.”

 “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa.” (Bakolose 4:6) Lyanne o re: “E le hore ke se ke ka sitisa puisano pakeng tsa ka le ngoana oa ka, ke ile ka lokela ho leka ka matla ho lula ke khobile matšoafo, esita leha re bua ka litaba tse tebileng.”

Haeba u hlōleha ho etsa boiteko bo tiileng ba ho lula u khobile matšoafo, u ka sitoa ho laola bohale ’me ua omana, e leng se ka mpefatsang boemo le ho feta! (Baefese 4:31) Ka mohlala, ha u omanya ngoana, seo se ka ’na sa etsa hore u se ke ua khona ho buisana le eena ’me sa baka mathata a eketsehileng. Heidi, e leng ’mè oa ngoanana ea lilemong tsa bocha o re: “Ngoana o tšoana le khetla. Ha u bua le eena ka mosa le ka tsela e bontšang lerato, o tla phutholoha. Ha u mo omanya le ho mo nyenyefatsa, ‘khetla’ ea koaleha ’me puisano ea khaotsa. E le hore ke ikhopotse ’nete ena, ke khomarelitse setšoantšo sa khetla e bulehileng sehatsetsing sa rōna.”

Ithute bana ba hao. Yasmin ea qotsitsoeng pejana o re: “Bara ba ka ba babeli ha ba tšoane. E mong o rata ho bua; e mong eena o thōtse. Ho ea thōtseng, ke ithutile hore ha a entse phoso ke se ke ka buisana le eena ka eona hang-hang. Ho e-na le hoo, ke buisana le eena ha re ntse re bapala, kapa ha a bua ka taba e itseng eo a e ratang. Boemong boo, ke mo botsa ka mosa hore na o nahana joang ka phoso eo a ileng a e etsa.”

’Mè a ka etsa’ng haeba ngoana oa hae oa moshemane a sa ikutloe a phutholohile hore a ka buisana le eena ka litaba tsa lekunutu, joalokaha ho bile joalo ka mora oa Misao ea lilemong tsa bocha? O ile a re: “Ha u nkutloisise.” Misao o ile a kōpa thuso ho monna oa Mokreste ea hōlileng tsebong le ea tšepahalang, phuthehong ea habo. Misao o re: “O eletsa mora oa ka ’me hona joale mora oa ka o se a lokolohile.”

Karolo eo u e phethang u le motsoali e feta ea ho ba motsoalle oa ngoana feela. Iwona, e leng ’mè oa bana ba babeli o re: “Ke ne ke itloaelitse ho bolella morali oa ka ea lilemong tsa bocha makunutu a ka. Le hoja ke ne ke tseba hore ho fosahetse ho etsa joalo, ke ile ka oela lerabeng leo ’me ka lokela ho lokisa phoso eo.” Leha u batla ho ba motsoalle ea haufi oa ngoana oa hao, hopola hore u motsoali le hore ke uena ea behang molao ka lapeng. Ha u itlhompha joaloka motsoali ’me u bontša hore u hōlile kelellong le hore u tsitsitse maikutlong, u nolofalletsa bana ba hao hore ba u hlomphe le hore ba mamele taelo ea Bibele e reng: “Bana, le mamele batsoali ba lōna.”—Baefese 6:1, 2.

‘Ratang bana ba [lōna].’ (Tite 2:4) Bana ba hloka lerato feela joalokaha ba hloka lijo le metsi! Kahoo, lula u ba kholisa hore ua ba rata—’me u bontše seo ka mantsoe le ka liketso! Ha u etsa joalo, ba tla ikutloa ba sireletsehile ’me ba tla phutholoha ho buisana le uena le ho u mamela.