Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Pono ea Bibele

Na ho Loketse ho Etsa Mponeng ka Seo U Nang le Sona?

Na ho Loketse ho Etsa Mponeng ka Seo U Nang le Sona?

“Ho tena bokate ea lebitso le tummeng kapa ntho leha e le efe ea lebitso le tummeng, ho ka etsa hore motho ea ikhalalang a ikutloe a phahame a phela lefatšeng la litoro la hore ‘ke se-mang-mang, ’me haeba ua nkhalala, sheba feela hore na ke apere seaparo sa lebitso lefe!’”—Setsebi sa kelello Chaytor D. Mason.

BATHO ba bang ba batla ho khahla ba bang ka ho etsa mponeng ka liaparo tsa bona tsa mabitso a tummeng kapa ka lintho tse ling tse majabajaba. Ka mohlala, The Washington Post e bolela hore naheng e ʼngoe ea Asia, “batho ba sa tsoa rua ba rata lintho tsa maemo—mekotlana ea letsoho e tsoang Fora, likoloi tsa mabelo tsa Italy—ʼme ho feta moo, ba rata ho etsa mponeng [ka leruo la bona].”

Ho hlakile hore ha ho letho le phoso ha motho a thabela litholoana tsa mosebetsi oa hae. Bibele e re: “Motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata. Ke mpho ea Molimo.” (Moeklesia 3:13) Empa na ke ntho e ntle hore re ikakase, kapa re etse mponeng ka maruo a rōna? Bibele e re’ng?

“Barui ba na le Metsoalle e Mengata”

Ha barui kapa batho ba iketsang eka ke barui ba etsa mponeng ka maruo a bona, ba ka imemela metsoalle ea mofuta ofe? Bibele e re beha leseling mabapi le tsela eo batho ba leng ka eona ka ho sebelisa polelo ena e bohlale: “Mafutsana a hloiloe le ke ba ahisaneng le ʼona empa barui ba na le metsoalle e mengata.”—Liproverbia 14:20, Bibele—Phetolelo e Ncha.

Sena se bolela hore: “Metsoalle e mengata” ea batho ba ruileng, hase hakaalo hore ke metsoalle ea barui bao empa ke ea leruo la bona. Metsoalle eo e etsa setsoalle le barui hore feela e rue molemo o itseng ho bona, ’me e etsa joalo ka ho ba rorisa ka boikaketsi. Bibele e re puo e joalo ke “seipato sa bohata ka lebaka la ho chacheha ka mohono,” kapa meharo.—1 Bathesalonika 2:5.

Kahoo, ipotse, ‘Ke batla metsoalle ea mofuta ofe? Metsoalle e nthatang ka lebaka la seo ke nang le sona kapa metsoalle ea sebele e nthatang ka lebaka la seo ke leng sona?’ Bibele e bontša hore tsela eo re itšoarang ka eona e ka tlatsetsa tabeng ea hore na re ba le metsoalle ea mofuta ofe.

“Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”

Bothata bo bong bo amanang le ho etsa mponeng ka leruo, bo bonahala hantle ka Bibeleng tlalehong ea Morena Ezekiase oa Jerusalema ea boholo-holo. Ka lekhetlo le leng Ezekiase o ile a bontša bahlomphehi ba Babylona “sohle se neng se ka fumanoa matlotlong a hae.” Ho hlakile hore leruo la hae le leholo le ile la khahla baeti bana. Leha ho le joalo, e ka ʼna eaba le ile la tsosa le meharo ea bona. Ka mor’a hore ba tlohe, moprofeta oa Molimo Esaia o ile a ba sebete ho bolella Ezekiase hore ka letsatsi le leng letlotlo lohle la hae le ne le “tla isoa Babylona.” Ha ho letho le neng le tla sala. Mantsoe ao a ile a phethahala! Lilemo hamorao Bababylona ba ile ba khutla ʼme ba hapa leruo lohle la lelapa la Ezekiase.—2 Marena 20:12-17; 24:12, 13.

Hoa tšoana le kajeno, batho ba etsang mponeng ka leruo la bona ba ipeha kotsing ea hore le ba felle kaofela kapa ho fele karolo e itseng ea lona. Tlaleho e ʼngoe ea Mexico ea tlōlo ea molao  le tšireletseho e re: “Ho pepesa leruo ka boikhantšo Mexico City, ke ho mema masholu. Ho roala mabenyane a turu, lioache, le ho pepesa chelete e ngata, ho mema mahlo ho sa hlokahale.” Ho molemo hakaakang hore re mamele keletso ea Bibele ea hore motho “a se ke a ithorisa” ka maruo a hae. (Jeremia 9:23) Liproverbia 11:2 e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.”

Sheba Litšobotsi Tse Ntle Bathong ba Bang

Ho e-na le ho etsa makōkō a ‘mponeng,’ motho ea inyenyefatsang le ea ikokobetsang o thabela ho bona litšobotsi tse ntle tsa batho ba bang le makhabane a bona. Bafilipi 2:3 e re: “Le se ke la etsa letho ka khang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong oa lōna a nke ba bang ba le baholo ho eena.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Bagalata 5:26 e re: “A re se keng ra fetoha ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlhōlisano, ba honohelanang.”

Na u batla metsoalle e u ratang ka lebaka la seo u nang le sona kapa metsoalle e u ratang ka lebaka la seo u leng sona?

Ka ho tšoanang, batho ba tšabang Molimo baa tseba hore motheo oa setsoalle sa ʼnete ke ho hloka boithati le ho hlomphana le hore setsoalle se joalo ha sea itšetleha ka leruo. Ho e-na le hoo, se tiea le ho feta ha nako e ntse e ea. Liproverbia 17:17 e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.” Ho feta moo, motho ea bohlale o loanela ho khahlisa Molimo. Oa tseba hore Molimo ha a khahloe ke ponahalo ea ka ntle empa o sheba “motho ea ka sephiring oa pelo”—e leng seo re leng sona ka hare. (1 Petrose 3:4) Kahoo, o sebetsa ka thata hore a be le botho bo khahlehang boo Bibele e reng ke “botho bo bocha.” (Baefese 4:24) Karolo ea botho bona e hlalosoa ho Mikea 6:8, e reng: “Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?”

Ke ʼnete hore lefatšeng la kajeno ha ho khothalletsoe boinyenyefatso, ʼme sena ha se makatse liithuti tsa Bibele. Hobane’ng? Ha Bibele e bua ka ‘matsatsi a ho qetela,’ e boletse esale pele hore hohle batho e tla ba “ba meharo, ba ithorisang, . . . ba ikakasang . . . le ba tletseng boikhohomoso.” (2 Timothea 3:1-5, GNT) E tlameha ebe batho ba etsang mponeng ka seo ba nang le sona ba ikutloa ba phutholohile ka ho feletseng maemong a joalo. Leha ho le joalo, Molimo o re khothalletsa hore re “suthele hōle le batho ba joalo,” esere ra tšoana le bona.