Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Litsebi Tsa Mehleng e Bohareng Tsa Mechine

Litsebi Tsa Mehleng e Bohareng Tsa Mechine

MEHLENG ena, likhoebo tse khōlō li sebelisa mechine—haholo-holo linthong tse pheta-phetoang le tse etsoang kamehla. Empa mechine ee ea othomathike, e qalile ho ba teng neng? Na e qalile makholong a lilemo a seng makae nakong ea liphetoho tse ileng tsa etsahala khoebong e khōlō Europe? Mohlomong u tla makatsoa ke ho tseba hore mechine ena e ile ea qaptjoa khale pele ho moo.

Pompo ea Al-Jazari e hulang ka litsela tse peli

Qalong ea mehla ea leseli le leholo saenseng ea Maislamo, e leng ho tloha lekholong la bo8 la lilemo ho fihlela ka mor’a lekholo la bo13 la lilemo C.E., litsebi tsa Bochabela bo Hare li ile tsa fetolela ka Searabia libuka tsa saense le filosofi tse ileng tsa etsa hore mesebetsi ea Bagerike ba tummeng ba kang Archimedes, Aristotle, Ctesibius, Hero oa Alexandria le Philo oa Byzantium, e se ke ea nyamela. * Kaha ʼMuso oa Maislamo o neng o busa ho tloha Spain ho ea fihla Afrika Leboea le ho tloha Bochabela bo Hare ho ea fihla Afghanistan, o ne o e-na le libuka tsena le tse ling, batho ba oona ba ile ba ba le tsebo e ileng ea ba nolofalletsa ho etsa mechine ea othomathike.

Buka e ngotsoeng ka letsoho ea Al-Jazari ea lekholong la bo13 la lilemo e bontšang Oache ea hae ea Tlou

Rahistori oa theknoloji, e leng Donald Hill o re mechine ena e ne e “sebetsa ka nako e telele—lihora, matsatsi le ho feta moo—ntle ho thuso ea motho.” Hobane’ng? Hobane lienjiniere li ne li qapile mokhoa oa hore mechine eo e itsamaise. Mechine ena e ne e sebelisa metsi a tsoang litankeng tse behiloeng sebakeng se phahameng e le hore e fumane matla. E ne e ipulela lipompo ebile e li koala kapa e faposetsa metsi karolong e ʼngoe. E ne e boetse e khona ho qala qalong, hape e etsa seo Hill a se bitsang “qalo ea lisebelisoa tse khonang ho ikemisa ntle le ho baka kotsi ha li e-na le bothata.” Nahana ka mehlala e meng.

Banu Musa ba Bohlale

Banu Musa, ka Searabia, kapa “bara ba Musa” ba bararo—ba ne ba lula Baghdad lekholong la borobong la lilemo. Ha ba qapa mechine ea bona e fetang 100, ba ne ba ithuta ka libuka tsa lienjiniere tse phetseng pele ho bona tsa Bagerike ba boholo-holo, e leng Philo le Hero, hammoho le ho lienjiniere tsa Machaena, Maindia le Mapersia. Ho latela mongoli oa saense Ehsan Masood, mechine ena e ne e akarelletsa matamo a runyang metsi ka linako tse fapaneng, lioache tse nang le lintho tse bapalang, linkho tse tšellang batho lino-mapholi, ebe li ea itlatseletsa. Ho latela rahistori oa saense Jim Al-Khalili, bara ba Musa ba ile ba boela ba etsa liroboto tse sa rarahanang tse kang e neng e bitsoa “ngoanana oa tee,” e neng e hlile e tšella batho tee le e neng e bitsoa seletsi sa lekolilo, ’me “mohlomong ena e bile mechine ea pele e itsamaisang.”

Mechine eo ea othomathike e ne e sebetsa ka tsela e tšoana le ea mechine ea kajeno. Ehsan Masood, e leng sengoli sa litaba tsa saense o re leha ho le joalo, mechine eo “e ne e sebelisa matla a metsi eseng k’homphieutha, empa mokhoa oo e neng e sebetsa ka oona o tšoana le oa mechine ea kajeno.”

 Al-Jazari—“Moqapi oa Liroboto”

Ka 1206, Ibn al-Razzaz al-Jazari o ile a qeta ho ngola buka ea hae eo ka linako tse ling e fetoleloang ka ho re ke Compendium on the Theory and Practice of the Mechanical Arts [Kakaretso ea Tsebo ea Mechine le Tšebeliso ea Eona]. E ’nile ea bitsoa “thuto ea ho qaptjoa ha mechine ea othomathike.” Theknoloji e ʼngoe ea al-Jazari e ne e feta hōle ea Banu Musa, ʼme litlhaloso tsa hae le litšoantšo, li ngotsoe ka mokhoa o hlakileng hoo lienjiniere tsa mehleng ena li ka khonang ho etsa mechine ea hae.

Buka ea Al-Jazari e na le litšoantšo tsa mechine e nyollang metsi, lioache tsa metsi, lioache tsa kerese, lipompo tse ntšang metsi, mechine ea ’mino le pompo e ileng ea etsoa hore e se ke ea hlola e pompa metsi ka lebili le potolohang, ho e-na le hoo e sebelise pompo e pompang ka matla. Bo-rahistori ba tlotla al-Jazari ka ho qapa lipompo tsa metsi makholo a mararo a lilemo pele ho qaptjoa tse batlang li tšoana le tsona Linaheng tsa Bophirimela.

Al-Jazari o ile a boela a etsa lioache tse qabolang empa li khona ho sebetsa. Ena e setšoantšong e entsoe bocha setsing sa mabenkele sa Dubai. E bala nako ka sekotlolo se masoba se kentsoeng ka har’a letamo la metsi le ka mpeng ea tlou. Sekotlolo sena se nka metsotso e 30 hore se tlale ebe sea teba, se qalisa liketsahalo tse khoephetsang liropo le libolo tse “ntlong e ntle” e mokokotlong oa tlou. Ka mor’a moo sekotlolo sa metsi se boetse sea phaphamala ebe ketsahalo eo e qala fatše. Mochine ona le e meng ea othomathike eo ho thoeng e qapiloe ke al-Jazari e entse hore a bitsoe “moqapi oa liroboto.”

Ruri pale ea bohlale ba motho ea makatsa! Leha ho le joalo, pale eo hase feela histori e khahlang. E boetse e etsa hore re lokise tsela eo re nahanang ka eona. Nakong ena eo batho ba bangata ba ikhantšang ka theknoloji ea kajeno, re hopotsoa hore seo re nang le sona se teng ka lebaka la batho ba bohlale le ba nahanang ka botebo ba bileng teng pele ho rōna.

^ ser. 3 Tabeng ea mosebetsi oa ho fetolela o ileng oa etsoa ke litsebi tsa Maarabia, re kōpa u shebe sehlooho se reng “Kamoo Searabia e Bileng Puo ea Barutehi,” Tsoheng! ea February 2012.