Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kōpa Thuso ho Molimo

Kōpa Thuso ho Molimo

Na u kōpa thuso ho Molimo ha u hōlisa bana?

“Ka mor’a hore monna oa ka a ntšiee kherehloa le bana, ke iIe ka kōpa Molimo hore a re tšehetse. O ile a araba thapelo ea ka. Re ne re lula re fumana lintho tseo re li hlokang. O re thusitse a ba a re tataisa.”—MAKI, JAPANE.

LEFATŠENG la kajeno leo ho lona ho ratoang lintho tse bonahalang, batho ha ba nahane ka botebo ka Molimo. Leha ho le joalo, ’Mōpi oa rōna o amehile ka rōna ebile o batla hore re atlehe bophelong. Tsela eo a ikutloang ka eona e hlalositsoe ka ho hlaka ho Esaia 41:10 ha a re: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. . . . Ka sebele ke tla u thusa.”

Sehloohong se fetileng, re ithutile kamoo Molimo a re thusang kateng ka melao ea boitšoaro e fumanoang ka Bibeleng. (2 Timothea 3:16) Empa Bibele ha e felle feela ka ho re tataisa. E senola botho bo tsotehang ba Molimo le lerato leo a re ratang ka lona. Kahoo, joalokaha batsoali ba bangata ba Bakreste ba hlokometse—ebang ba lenyalong kapa ha ba na balekane—ha re sebelisa lithuto tsa Bibele, re bona botle ba Molimo.

Robert oa Austria, o re: “Jehova Molimo ke motsoali ea molemo ho feta motsoali leha e le ofe. O tseba seo bana ba rōna ba se hlokang, ’me o tseba ho ba sireletsa. Kahoo, ’na le morali oa ka re mo rapela kamehla.”

Ayusa oa Japane, o re: “Kea thaba ha ke bona mora oa ka a bontša hore o na le tšepo ea hore Jehova o na le rōna, ha a re, ‘Jehova o na le rōna, lintho tsohle li tla loka.’”

Christina oa Italy, o re: “Ha ke bona eka bothata boo ke nang le bona bo boholo hoo nke keng ka bo rarolla, ke rapela Jehova, ebe ke bo siea matsohong a hae. Ka eona nako eo, ke khaotsa ho tšoenyeha, hobane kea tseba hore bothata boo bo tla rarolloa ka tsela e molemo ka ho fetisisa.”

Laurentine oa Fora, o re: “Kaha ke motsoali ea se nang molekane, nka tiisa hore Jehova o ntlhohonolofalitse. Ka sebele, o lopolla batho ba mahlomoleng le ba se nang ’mè kapa ntate.”

Keiko oa Japane o re: “Molimo ha a leeme. O batla ho hlokomela malapa ’ohle ka lerato, ho sa tsotellehe hore na a na le motsoali a le mong kapa ba babeli.”—Liketso 10:34.

Ha a bontša kutloelo-bohloko eo Molimo a nang le eona, Jesu Kreste o ile a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla . . . , kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.” (Matheu 11:28-30) Ha e le hantle, Jesu le Ntate oa hae, Jehova Molimo, ba batla hore re ikutloe re sireletsehile ha re le tlhokomelong ea bona e lerato. Re bala sena lengolong la Pesaleme ea 34:8: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo.” Ka sebele, Molimo o batla hore u bone hore keletso ea hae ea sebetsa, le hore o u batlela se molemo ka ho fetisisa. Na u tla amohela memo ea hae e lerato?