Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha Baa ka ba Ntela le ka Mohla

Ha Baa ka ba Ntela le ka Mohla

Ke ne ke rata joala le ntoa. Eaba ka letsatsi le leng ke fumana litaba tse bohloko haholo tse ileng tsa etsa hore ke hlahlobe bophelo ba ka. E-re ke hlalose seo.

KE HLAHETSE Rubottom, Oklahoma, U.S.A. ka 1943. Ho tloha bongoaneng ke ne ke rata ntoa. Ke ile ka qala ho noa joala ha ke le selemong sa ho qetela sekolong se phahameng. Kaha Ntate o ne a e-noa haholo a bile a rata ntoa, ʼna le eena re ile ra ba le setsoalle se sa tloaelehang. Re ne re tsamaea litantši le mekete e meng hore feela re e’o noa le ho loana.

Ke ile ka nyala ka 1966, ʼme ʼna le mosali oa ka, Shirley, ra ba le bana ba babeli, Angela le Shawn. Leha ho le joalo, ke ile ka tsoela pele ho noa joala haholo. Ke ile ka qala ho lema matekoane le ho a rekisa e le hore ke eketse moputso oa ka. Ka boela ka hireloa ho leleka batho ba sa batloeng le ba itšoarang hampe libareng tsa haeso, e leng se ileng sa mpha monyetla oa ho khotsofatsa takatso ea ka ea ho noa joala le ho loana. Ka nako eo, ke ne ke sa tšabe mang kapa mang le eng kapa eng, ebile ke sa tsotelle hore na batho ba bang ba ikutloa joang.

“U se k’a ba Ntlisetsa Motho ea Tla Bua le ’Na!”

Khaitseli ea Shirley ka malapa e ile ea fallela California, moo ka mor’a ho ithuta Bibele, e ileng ea e-ba Paki ea Jehova. Ha e khutlela Oklahoma, e ile ea bolella Shirley seo e ithutileng sona, ʼme Shirley a utloisisa kapele hore ke ʼnete. Ka mor’a hore Shirley a ithute Bibele ka botlalo, le eena o ile a etsa qeto ea ho ba Paki, ʼme a kolobetsoa ka 1976. Ho hang ke ne ke sa batle ho ikamahanya le bolumeli ba hae. Ke ile ka re “U se k’a ba ntlisetsa motho ea tla bua le ’na! Ho ke ke ha thusa ka letho.”

Ha ho mohla Shirley a ileng a tlohela ho tšepahalla melao-motheo ea Bibele, ʼme ha aa ka a khaotsa ho mpontša lerato. Ha e le hantle, pele eena le bana ba ea libokeng tsa Bokreste Holong ea ʼMuso, o ne a ʼmema ka mosa hore ke tsamaee le eena. Angela le eena o ne a ee a re, “Ntate, ekare u ka be u tsamaea le rōna.”

Kaha ke ne ke etsa lintho tse seng molaong, khafetsa ke ne ke tsamaea ke nkile sethunya. Ho feta moo, hangata ke ne ke robala matsekela ʼme sena se ne se baka mathata lenyalong la rōna. Ha ke khutla, ke ne ke leka ho qekisa Shirley ka ho ea libokeng tse ʼmaloa. Kamehla Lipaki li ne li ntšoara ka mosa, ʼme lithuto tsa tsona li utloahala.

Ka mor’a nako, moholo e mong oa Mokreste o ile a kōpa ho ithuta Bibele le ʼna. Ke ile ka amohela kōpo ea hae. Ka bomalimabe, seo ke neng ke ithuta sona se ne se sa nthuse hakaalo  hobane ha kea ka ka khaohana le metsoalle ea ka ea khale. Moholo enoa o ile a hlokomela sena ʼme a mpontša melao-motheo e meng ea Bibele e buang ka likotsi tsa ho ba le metsoalle e mebe. (1 Bakorinthe 15:33) Le hoja keletso ea hae e ne e thehiloe Bibeleng, e ile ea nkhopisa, ka tlohela ho ithuta ’me ka khutlela mekhoeng ea ka ea pele. Shirley le bana ba ile ba utloisoa bohloko haholo ke boikhohomoso ba ka.

“Re Ntse re U Rata”

Ka 1983, ke ile ka fumana litaba tse bohloko haholo. Ngoana oa ngoan’abo Shirley, eo ke neng ke mo rata haholo, o ne a hlokahetse. Sena se ile sa nkutloisa bohloko haholo, sa etsa hore ke nahane ka bophelo ba ka. Ke ile ka bona hore ke utloisa mosali oa ka le bana ba ka bohloko—bona bao ke neng ke nka hore ke ba bohlokoa haholo. Seo se ile sa etsa hore ke fetohe. Ha re le lefung, ntate-moholo e mong oa Paki ea bitsoang John o ile a nkopa ka letsoho eaba o re, “Ke rata ho u bolella hore re ntse re u rata.” Ke khothatso eo ke neng ke e hloka! Ke ile ka founela ntate-moholo John ka letsatsi le latelang ʼme ka mo bolella hore ke batla ho ithuta Bibele hape, ke tšepa hore lekhetlong lena ke tla etsa liphetoho tseo nka beng ke li entse khale.

Thutong ea rōna ea pele, re ile ra bua ka thapelo ʼme ka bolella ntate-moholo John hore ke tla leka ho rapela. Letsatsing le hlahlamang ke ile ka qala ho batla mosebetsi o hlomphehang, empa ha kea ka ka o fumana. Ha ke ntse ke tsamaea ka vene ea ka, ke ile ka rapela ka lentsoe le phahameng, ka re, “Jehova, haeba u batla hore ke lule sebakeng sena, mphe mosebetsi he.” Ka mor’a moo ka nahana, ‘Ekare ke fapane hlooho—kea khanna ebile ke bua ke le mong.’ Ho hlakile hore ho ne ho hlokahala hore ke ntlafatse tumelo ea ka ea hore Molimo ke “Ea Utloang thapelo” le hore ke ntlafatse lithapelo tsa ka! (Pesaleme ea 65:2) Ntho e makatsang ke hore ka letsatsi le hlahlamang feela ke ile ka fumana mosebetsi!

Ho bona matla a thapelo ho ile ha etsa hore ke rate Jehova haholo le ho tšepa tataiso ea hae

Ka mor’a moo, ke ile ka qala ho rapela khafetsa le ka tieo. Nako le nako ke ne ke bona tlhohonolofatso ea Jehova. Ke hōtse ke lumela ho Molimo, empa liketsahalo tsena li ile tsa nthusa ho bona hore 1 Johanne 5:14, e bua ʼnete ha e re: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.” Ha ke bona matla a thapelo, lerato leo ke ratang Jehova ka lona le ile la hōla ’me ka tšepa tataiso ea hae haholo.—Liproverbia 3:5, 6.

Ha ke qala ho ea libokeng tsa Bokreste hape, Lipaki li ile tsa nkamohela ka lerato. Ho feta moo, ke ile ka qala ho ananela hore ka sebele li hlile li ‘ratana ka matla haholo ho tloha pelong,’ ʼme sena se ile sa ama pelo ea ka haholo.  (1 Petrose 1:22) Ke ile ka boela ka qala ho utloisisa ʼnete ea Liproverbia 13:20 ha e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”

Ke ne ke qetile lilemo tse ngata ke phelisa ba lelapa la ka ka thata le ho ba utloisa bohloko, empa joale ke ne ke leka ho ba motho ea ratang khotso, monna ea molemo le ntate, hammoho le ho ntlafatsa tabeng ea puisano. Ke ile ka qala ho sebelisa keletso ea Bibele e reng “banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona” le e reng bo-ntate ha baa lokela ho “khentša bana ba [bona], e le hore ba se ke ba nyahama.”—Baefese 5:28; Bakolose 3:21.

Ho hlakile hore liphetoho tseo ke neng ke li etsa li ile tsa ama ba lelapa la ka hantle haholo. Ka lebaka lena, ke ile ka hlakeloa hore mantsoe a Jesu a ho Matheu 5:3 ke ʼnete ha a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” Qetellong, ke ile ka fumana thabo ea sebele!

Ka June 1984, morali oa ka Angela o ile a fuoa sebaka sa ho bua kopanong ea Lipaki Tsa Jehova. O ile a hlalosa hore na ke ne ke le motho oa mofuta ofe pele, eaba o hlalosa liphetoho tseo ke li entseng. O ile a qetella ka ho bolela hore o thabile haholo ha a mpona ke lutse moleng o ka pele har’a ba neng ba tla kolobetsoa letsatsing leo.

’Na le mosali oa ka, Shirley

Ke leboha haholo hore ebe Jehova ha a tele batho ba tšoanang le ʼna. Ke boetse ke leboha haholo hore ebe Shirley le bana ba rōna ha baa ka ba ntela. Kaha Shirley ke Mokreste oa ʼnete, ka botšepehi o ile a sebelisa keletso e ho 1 Petrose 3:1 e reng: “Basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona.” Ka lebaka la botšepehi ba hae, mamello le boitšoaro bo botle, ke ile ka fumana monyetla oa ho ithuta ʼnete ha ke lahla booatla ba ka ʼme ke qala ho etsa lintho tse nang le kelello.

Hoba ke kolobetsoe, kamehla ke sebelisa mohlala oa hae ha ke khothatsa ba bang ba nang le balekane ba sa lumelang hore ba se ke ba ba tela. Ke re ho bona: “Ka nako ea teng, Jehova a ka sebelisa matla a Lentsoe la hae, Bibele, le boitšoaro ba hao bo botle ho thusa molekane oa hao hore a fetohe, le hoja qalong ho ka bonahala eka ho ke ke ha etsahala.”