Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Jeremane, bana ba etsang karolo ea 33 lekholong ba hlahileng ka 2010, ke bana ba matšeo, e leng karolo e khōlō ha e bapisoa le ea 15 feela lekholong ka 1993.—ÄRZTE ZEITUNG le THE LOCAL, JEREMANE.

Ho ea ka boitsebiso ba palo ea sechaba ba 2010, bana ba United States ba etsang karolo ea 69,4 lekholong, ba lula le batsoali ba bona, ba etsang karolo ea 23,1 lekholong, ba lula le ’mè feela, ba etsang karolo ea 3,4 lekholong ba lula le ntate feela athe ba etsang karolo ea 4,1 lekholong, ba lula ba le bang.—LEFAPHA LA PALO EA SECHABA UNITED STATES, U.S.A.

Ka 2011, likoluoa tsa tlhaho li ile tsa baka litšenyehelo tsa liranta tse litrilione tse 3,2 lefatšeng ka bophara. Tšisinyeho ea lefatše e bileng teng Japane “e ile ea baka litšenyehelo tse ngata ho feta koluoa leha e le efe, e leng liranta tse litrilione tse 1,8—ho sa akarelletsoe tlokotsi ea nyutlelie e etsahetseng Fukushima.”—NEW SCIENTIST, BRITHANI.

Lefatšeng ka bophara, chisi ke eona e utsuoang haholo. Selemo le selemo mabenkele a lahleheloa ke thepa e etsang liphesente tse ka holimonyana ho tse tharo, ka lebaka la bareki le basebetsi ba utsoang mabenkeleng.—SETSI SE ETSANG LIPHUPUTSO KA LIKHOEBO, BRITHANI.

Kotsi ea “ho Otla” Bolo ka Hlooho

Ke ntho e tloaelehileng hore libapali li otle bolo ka hlooho ha li bapala bolo ea maoto. Leha ho le joalo, liphuputso tsa morao tjena tse entsoeng ho sebelisoa mekhoa ea bongaka e tsoetseng pele ea ho sheba litho tse ka hare tsa motho le ho hlahloba bokhoni ba hae ba ho utloisisa lintho, li entse hore lingaka li ngongorehe ka hore na ho bolokehile hakae ho otla bolo ka hlooho ka makhetlo. Ho ea ka bafuputsi ba Koleche ea Phekolo ea Meriana ea Albert Einstein, New York, U.S.A., tloaelo eo “e eketsa kotsi ea hore boko bo lemale le ho ama hampe bokhoni ba motho ba ho utloisisa lintho.” Ho ile ha fumanoa matšoao a ho lemala bokong ba libapali tse se nang boiphihlelo tse neng li otlile bolo ka hlooho ka makhetlo a fetang a 1 000 ho isa ho a 1 500 ka selemo—e leng makhetlo feela “a ’maloa ka letsatsi ho motho ea bapalang bolo kamehla.”

Likoloi Tse Tsamaeang ka Motlakase le Mafura [Hybrid Vehicles] li Kotsi ho Batho ba Tsamaeang Mebileng

Tlaleho ea Lefapha la Lipalangoang la United States e re: “Batho ba batlang liphetoho ba ile ba bontša kamoo ba amehileng kateng ka ho bolokeha ha batho mebileng ka lebaka la HEV [e leng hybrid electric vehicles]. Ba tšoenyehile ka hore likoloi tsena li thōtse haholo le hore ha li ntše molumo oo batho ba tsamaeang ka maoto le ka libaesekele ba itšetlehileng ka oona hore ba lemohe ha koloi e le haufi, ha ba le tseleng kapa mateanong a litsela.” Tlaleho eo e phaella ka ho re: Ha e le hantle, ha ho ne ho etsoa liteko tse itseng, “likoloi tsena li ne li e-na le monyetla o imenneng habeli oa hore li chaise batho” ho feta likoloi tse tloaelehileng. Mokhatlo oa Sechaba oa Polokeho Mebileng e Meholo, o entse tlhahiso ea hore likoloi tse tsamaeang ka mafura le tse tsamaeang ka motlakase, li lokela ho ntša molumo o itseng ha li tsamaea ka lebelo le tlaase.