Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Linaha Tsa Afrika Tse ka Tlaase ho Lehoatata la Sahara

Tlaleho ea UNICEF e mabapi le linaha tsa Afrika tse ka tlaase ho lehoatata la Sahara e re: “Ke liphesente tse 38 feela tsa bana ba lilemo tse ka tlaase ho tse hlano, ba nang le lengolo la tlhaho.” Empa, Elke Wisch, eo e leng motlatsi oa mookameli oa UNICEF oa libaka tse ka bochabela le tse ka boroa ho Afrika o re libakeng tse ling tsa moo, “ho hlokahala hore bana ba be le lengolo la tlhaho e le hore ba fumane kalafo le thuto, le hore bana ba likhutsana ba fumane lefa la batsoali ba bona.”

Italy

Ho latela phuputso e ’ngoe, bacha ba bangata ba Mataliana ba tšaba bo-’mampoli ba Inthaneteng. Ho bacha ba lilemo tse pakeng tsa 12 le 17, ba ka etsang 72 phesente ba re ba tšaba bo-’mampoli ba Inthaneteng. Bacha bana ba tšabang bo-’mampoli, ba bangata ho feta ba tšabang lithethefatsi (e leng liphesente tse 55), ba tšabang ho hlekefetsoa ke batho ba baholo (e leng liphesente tse 44), kapa ba tšabang ho tšoaroa ke mafu a tšoaetsanoang (e leng liphesente tse 24).

Japane

The Japan Times e tlalehile hore, bacha ba Japane ba hanang ho nyolloa mosebetsing ba ntse ba eketseha. Ba etsang liphesente tse 40 ba tšoenyeha ka hore batho ha ba tšepahale. Basebetsi ba bangata ha ba khone ho ntša maikutlo a bona kapa ho bua ka bolokolohi le ba boholong. Le hoja batho ba khale ba ne ba tšoarella mesebetsing, bacha ba hona joale ba etsang liphesente tse 60 ba tsoela pele ba sebetsa mesebetsing ea bona ha ba ntse ba emetse e lefang hantle.

Brazil

Lipakeng tsa 1980 le 2010, batho ba ka bang 800 000 ba ile ba bolaoa ka ho thunngoa Brazil. Mahlatsipa a fetang 450 000 a ne a le lilemo tse pakeng tsa 15 le 29. Phuputso e entsoeng morao tjena ea tlōlo ea molao, e bontša hore lipolao tsena hangata li bakoa ke liqabang tsa malapa, ho se utloane ha baahelani, mōna kapa liqabang tsa bakhanni.