Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 LITŠOANTŠO TSA KHALE

Constantine

Constantine

Constantine ke moemphera oa pele oa Roma oa ho ipolela hore ke Mokreste. Ka ho etsa joalo, o ile a ba le tšusumetso e khōlō historing ea lefatše. O ile a amohela bolumeli bona boo litho tsa bona li neng li hlorisoa pele, eaba o bo susumelletsa hore bo etse lintho tse ileng tsa etsa hore e qetelle e le Bokreste-’mōtoana. Ho latela The Encyclopædia Britannica, batho ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ile ba e-ba le “tšusumetso e matla haholo sechabeng le lipolotiking” ho feta ntho leha e le efe ho theosa le histori.

KE HOBANE’NG ha u lokela ho tseba ka moemphera oa boholo-holo oa Roma? Haeba u thahasella Bokreste, u lokela ho tseba hore tsela eo Constantine a neng a laola lipolotiki le bolumeli ka eona, e ’nile ea ama mekhoa le litumelo tsa likereke tse ngata ho fihlela kajeno. A re ke re boneng hore na o ile a etsa seo joang.

LIKEREKE LI ILE TSA NGOLISOA KA MOLAO ’ME TSA SEBELISOA HAMPE

Ka 313 C.E., Constantine o ne a busa karolo e ka Bophirimela ea ’Muso oa Roma, ha Licinius le Maximinus ba ne ba busa karolo e ka Bochabela. Constantine le Licinius, ba ile ba fa batho bohle bolokolohi ba borapeli, ho akarelletsa le Bakreste. Constantine o ile a sireletsa Bokreste a nahana hore bolumeli bo tla momahanya puso ea hae. *

Kahoo, Constantine o ile a ferekana ha a hlokomela hore likereke li ne li arohane ka lebaka la liqabang tse neng li le teng ka har’a tsona. E le ha a leka ho li boelanya, o ile a theha lithuto tseo a neng a re ke tse nepahetseng ’me a qobella likereke hore li li rute. Babishopo ba ne ba lokela hore ba se ke ba tšepahalla lithuto tsa bolumeli e le hore ba ratoe ke Constantine, ’me ba ileng ba etsa seo ba ile ba lumelloa hore ba se ke ba lefa lekhetho ’me a ba tšehetsa ka chelete e ngata. Rahistori ea bitsoang Charles Freeman o ile a re: “Ho ruta lithuto tsa Bokreste tseo ho neng ho nkoa hore li nepahetse, e ne e se e se taba ea bolumeli feela,  empa e ne e le ea hore likereke li fumane chelete e ngata.” Kahoo, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba hlahella haholo litabeng tsa lefatše. Rahistori ea bitsoang A.H.M. Jones o re: “Kereke e ne e sa iphumanela mosireletsi feela empa e ne e boetse e iphumanetse le moeta-pele.”

“Kereke e ne e sa iphumanela mosireletsi feela empa e ne e boetse e iphumanetse le moeta-pele.”—Rahistori A.H.M. Jones

HO ILE HA THEHOA BOKRESTE BA MOFUTA OFE?

Selekane seo Constantine a ileng a se etsa le babishopo, se ile sa etsa hore bolumeli bo rute lithuto tsa Bokreste hammoho le tsa bohetene. Ho ne ho tla ba thata hore babishopo ba hane hore seo se etsahale kaha moemphera o ne a batla ho tšehetsoa ke malumeli a mangata, eseng ho fumana bolumeli ba ’nete. Ho feta moo, o ne a busa ’musong oa bohetene. Rahistori e mong o ile a ngola hore e le hore Constantine a khahlise malumeli ao ka bobeli, o ile a “ba teme-peli tseleng eo a etsang lintho ka eona le pusong ea hae.”

Le hoja Constantine a ne a ipolela hore o tšehetsa Bokreste ka ho feletseng, o ne a ntse a keneletse boheteneng. Ka mohlala, o ne a sebelisa bolepi ba linaleli le bonohe—e leng liketso tseo Bibele e li nyatsang. (Deuteronoma 18:10-12) Seemahaleng sa hae se Roma, Constantine o bontšitsoe a etsetsa melimo ea bohetene mahlabelo. O ile a tsoela pele ho tlōtla molimo oa letsatsi ka ho mo kenya cheleteng ea tšepe le ho khothalletsa batho hore ba rapele molimo eo. Ho elella qetellong ea bophelo ba hae, Constantine o ile a laela batho ba motsaneng oa Umbria, Italy hore ba hahele eena le ba lelapa la hae tempele le hore ba khethe baprista ba neng ba tla sebeletsa ho eona.

Constantine ha aa ka a kolobetsoa hore e be “Mokreste” ho fihlela matsatsi a ’maloa pele ho lefu la hae ka 337 C.E. Litsebi tse ngata li nahana hore o ile a lieha ho kolobetsoa hobane a ne a batla ho tšehetsoa lipolotiking ke Bakreste le bahetene ba neng ba le pusong ea hae. Ha e le hantle, tlaleho ea bophelo ba hae le ho lieha ha hae ho kolobetsoa li entse hore batho ba be le khoao ea hore na ehlile o ne a lumela ho Kreste joalokaha a ne a bolela. Leha ho le joalo, ’nete ke hore: Kereke eo Constantine a ileng a e ngolisa ka molao, e ile ea e-ba le tšusumetso e matla lipolotiking le bolumeling, e leng eona e ileng ea fetohela lithuto tsa Kreste ’me ea amohela lithuto tsa lefatše. Jesu o ile a re ka balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:14) Kerekeng ena e neng e se e ruta lithuto tsa lefatše, ho ile ha tsoa lihlopha tse ngata tsa bolumeli.

See se bolela’ng ho rōna? Se bolela hore ha rea lokela ho amohela lithuto tsa kereke leha e le efe empa re lokela ho li hlahloba re sebelisa Bibele.—1 Johanne 4:1.

^ ser. 6 Ho latela buka e ’ngoe, batho ba bangata ba ne ba sa kholiseha hore na Constantine o amohetse Bokreste ka maikutlo a matle hobane “o ne a ntse a sekametse borapeling ba bohetene esita le ho elella qetellong ea puso ea hae.”