Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | HA TLOKOTSI E HLAHA—KAMOO U KA E MAMELLANG KATENG

Ho Lahleheloa ke Thepa

Ho Lahleheloa ke Thepa

Ka Labohlano la la 11 March, 2011, tšisinyeho ea lefatše ea boholo ba 9,0 e ile ea otla Japane ’me ea bolaea batho ba fetang 15 000, ea ba ea senya thepa e etsang libilione tse 2 000 tsa liranta. Ha Kei ea lilemo li 32 a ne a hlokomelisoa hore tsunami e tseleng, o ile a fumana sebaka se phahameng sa ho itšireletsa. O re, “letsatsi le hlahlamang ke ile ka khutlela hae ke il’o lata lintho tseo nka li fumanang, eaba ke fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hohotsoe ke leoatle, ho akarelletsa le ntlo ea ka. Ntho e neng e setse e ne e le motheo oa ntlo feela.

“Ho ile ha nkuka nako hore ke amohele hore ke lahlehetsoe ke sohle seo ke neng ke e-na le sona. Ho ne ho se na letho—koloi ea ka; lik’homphieutha tse neng ke sebetsa ka tsona; litafole, litulo le sofa eo ke neng ke e sebelisa ha ke e-na le baeti; piano, katara, ukulele le lekolilo la ka; thepa ea ka ea lienke tsa ho taka litšoantšo, oli le lithupa tsa ho taka; thepa eohle ea ka ea ho penta le litšoantšo.”

HO MAMELLA TLOKOTSI

Leka ho nahana ka lintho tseo u ntseng u e-na le tsona ho e-na le tse lahlehileng. Bibele e re: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Kei o hopola seo a ileng a se etsa: O re, “qalong ke ile ka etsa lethathamo la lintho tseo ke li hlokang, empa seo se ile sa nkhopotsa feela ka lintho tsohle tse ileng le metsi. Ke ile ka etsa qeto ea ho ngola feela lintho tseo ke li hlokang e le kannete ’me ke ne ke lula ke kenyelletsa tse ling ha ke li hloka. Lethathamo leo le ile la nthusa ho tsosolosa bophelo ba ka.”

Ho e-na le ho lula u nahana ka uena feela, sebelisa phihlelo ea hao bakeng sa ho tšelisa ba bang. Kei o re, “ke ile ka thusoa haholo ke letšolo la mesebetsi ea liphallelo le metsoalle, empa ha ke ntse ke tloaela ho fuoa lintho, ke ne ke ikutloa ke le mosesaane. Eaba ke hopola mantsoe a Bibele a ho Liketso 20:35 a reng, ‘ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.’ Kaha ke ne ke se na letho leo nka fanang ka lona, ke ile ka qala ho khothatsa batho ba bang ba anngoeng ke koluoa ena. Ho bontša mosa ka tsela ena ho ile ha nthusa haholo.”

Rapela Molimo hore a u fe bohlale ba hore u sebetsane le maemo a hao. Kei o ne a tšepa mantsoe a kholisang a Bibele a bontšang hore Molimo o tla “retelehela thapelong ea ba nketsoeng ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” (Pesaleme ea 102:17) U ka etsa se tšoanang.

Na u ne u tseba? Bibele e ile ea bolela esale pele hore ho tla ba le nako eo ho seng motho ea tla tšoenyeha ka ho lahleheloa ke letho ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho. *Esaia 65:21-23.

^ ser. 9 E le ho ithuta hore na morero oa Molimo ke ofe ka lefatše, sheba khaolo ea 3 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.