Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Litoro Tse Tsoang ho Molimo

Litoro Tse Tsoang ho Molimo

Na Molimo o ’nile a bua le batho ka litoro?

“[Moprofeta oa Molimo] Daniele a bona toro. . . a le betheng ea hae. Ka nako eo a ngola toro eo fatše; a bolela tlaleho e feletseng ea litaba.”—Daniele 7:1.

SEO BIBELE E SE BUANG

Molimo o ’nile a fa batho melaetsa ea bohlokoa ka litsela tse fapaneng. Ka linako tse ling, mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, o ne a bua le batho ka litoro. Empa tsena e ne e se litoro tsa letsatsi le letsatsi tse sa hlakang le tse sa utloahaleng. Litoro tse tsoang ho Molimo li ne li hlakile, li utloahala ’me li e-na le molaetsa o tobileng. Ka mohlala, torong ea hae, moprofeta Daniele o ile a bona libata tse ngata tse neng li tšoantšetsa mebuso ea lipolotiki ho tloha ka Babylona ho tla fihla mehleng ena ea rōna. (Daniele 7:1-3, 17) Molimo o ile a bua torong le Josefa oa Nazaretha e leng ntate ea ileng a hōlisa Jesu ’me a mo bolella hore a balehele Egepeta le mosali oa hae le ngoana. Seo se ile sa etsa hore Morena Heroda ea khopo a se ke a bolaea Jesu. Ha Heroda a e-shoa, Molimo o ile a bua torong le Josefa ’me a mo bolella hore Heroda o shoele, eaba o mo laela hore a khutlele naheng ea habo le lelapa la hae.—Matheu 2:13-15, 19-23.

 Na kajeno Molimo o bua le rōna ka litoro?

“Le se ke la fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng.”—1 Bakorinthe 4:6.

SEO BIBELE E SE BUANG

Litoro tse tlalehiloeng ka Bibeleng ke karolo ea molaetsa oo Molimo a batlang ho o senolela batho. Ha e bua ka molaetsa oo, 2 Timothea 3:16, 17 e re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.”

Bibele e re ‘hlomella ka ho feletseng’ ka hore e re rute lintho tsohle tseo re hlokang ho li tseba ka Molimo, litšobotsi tsa hae, melao ea hae ea boitšoaro le karolo eo re e phethang morerong oa hae ka lefatše. Ke kahoo Molimo a seng a sa bue le batho ka litoro. Haeba re batla ho tseba ka bokamoso le hore na Molimo o batla hore re etse’ng, ha rea lokela ho “fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng,” e leng lintho tse ngotsoeng ka Bibeleng. Ho feta moo, hoo e ka bang batho bohle ba ka khona ho fumana buka ena le ho ithuta ka lintho tse ngata tseo Molimo a li senotseng, ho akarelletsa le litoro.

Ke hobane’ng ha re ka tšepa litoro le lipono tse tlalehiloeng ka Bibeleng?

“Batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.”2 Petrose 1:21.

SEO BIBELE E SE BUANG

Litoro le lipono tse ngata tse tlalehiloeng ka Bibeleng li ne li bolela esale pele lintho tse neng li tla etsahala nakong e tlang. Ka ho tlaleha boprofeta bona, bangoli ba Bibele ba ile ba beha botšepehi ba bona—le ba Mangolo ao ba a ngotseng—kotsing. Na seo ba ileng ba se ngola se ile sa phethahala? Nahana ka pono e ho Daniele 8:1-7, e ileng ea ngoloa ho elella bofelong ba Puso ea Babylona.

Boprofeta bo ile ba sebelisa puo ea tšoantšetso ha bo bua ka pheleu le phooko e ileng ea timetsa le ho hatakela pheleu eo. Daniele o ne a sa hloke hore a ingoaee hlooho hore na toro eo e bolela’ng. Lengeloi la Molimo le ile la phatlalatsa la re: “Pheleu eo u e boneng e e-na le linaka tse peli e emela marena a Media le Persia. Phooko e boea bo bongata e emela morena oa Greece.” (Daniele 8:20, 21) Histori e bontša hore ’muso oa lefatše o ileng oa hlahlama oa Babylona, ke oa Bamede le Bapersia. Hape, lilemo tse makholo a mabeli hamorao, ’muso oa Bamede le Bapersia o ile oa hlōloa ke Alexandere e Moholo oa Greece. Ho nepahala ho tsotehang hakaalo ho bontša hore boprofeta ba Bibele, ho akarelletsa le litoro tsa boprofeta, boa ikhetha. Ntlha ena feela e khetholla Bibele ho libuka tse ling tsohle tse halalelang ’me e etsa hore re e tšepe.