Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Lefatše

Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o tlaleha hore tlhekefetso ea basali e se e le “kobo-anela lefatšeng ka bophara.” O ile oa boela oa re, “ka nako e itseng bophelong ba bona, basali ba 35 lekholong ba tla hlekefetsoa ke batho bao ba ratanang le bona kapa ba neng ba ratana le bona nakong e fetileng. Ho tloaelehile haholo hore basali ba hlekefetsoe ke batho bao ba ratanang le bona. . .  ’me sena se ama basali ba 30 lekholong lefatšeng ka bophara.”

Brithani

Phuputsong e entsoeng ho batho ba 64 303, ba 79 lekholong ba ile ba re “bolumeli ke sesosa sa mahlomola le likhohlano tse teng lefatšeng kajeno.” Ho feta moo, ha ho ne ho etsoa palo ea sechaba Engelane le Wales ka 2011, ho ile ha fumanoa hore batho ba 59 lekholong ba ile ba ipolela hore ke Bakreste ’me palo eo e theohile kaha ka 2001 e ne e le batho ba 72 lekholong. Ka eona nako eo, palo ea batho ba neng ba ipolela hore hase ba bolumeli leha e le bofe, e ile ea nyoloha ho tloha ho 15 ho ea ho 25 lekholong.

Chaena

Mecha ea litaba e tlaleha hore molao o sa tsoa ntlafatsoa o laela hore ha bana ba seng ba hōlile ba etela batsoali ba bona ba tsofetseng, ba ba thuse le ka “lintho tseo ba li hlokang maikutlong.” Molao oo “ha o bolele hore na ho tla ba le kotlo” haeba bana ba hloleha ho etsa seo.

Europe

Hona joale masholu a se a etsa lintho tsa maiketsetso tse sebelisoang letsatsi le letsatsi tse kang litlolo, lisepa esita le lijo. Mopresidente oa mokhatlo o mong oa tšireletso ea lijo, o re: “Hoo e ka bang motsoako o mong le o mong o lijong o nang le bohlokoa bo itseng moruong, o kotsing ea ho hlapolloa.” Setsebi se seng se hakanya hore lijo tse etsang liphesente tse leshome tse rekoang linaheng tse ruileng, li hlapollotsoe.