Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | KATLEHO EA SEBELE KE E JOANG?

U ka Finyella Katleho ea Sebele Joang?

U ka Finyella Katleho ea Sebele Joang?

Bibele e khothalletsa batho hore ba be le pono e loketseng ka katleho. Ha e rute hore ke batho ba ’maloa le ba lehlohonolo feela ba ka finyellang katleho. Ka lehlakoreng le leng, Bibele ha e buelle maikutlo a libukeng tsa litšōmo tse bolelang hore ha motho a ‘latela litoro tsa hae,’ lintho tsohle tseo a li batlang o tla li fumana. Maikutlo ao—ao hangata a foqoang bana ba sa le banyenyane—a etsa hore batho ba soetsehe.

’Nete ke hore, motho leha e le ofe a ka fumana katleho ea sebele—empa ho hlokahala hore a sebetse ka thata. Nahana ka melao-motheo e latelang.

  • SEO BIBELE E SE BUANG:

    “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang.”—Moeklesia 5:10.

    SEO SE BOLELA’NG? Ha motho a e-na le chelete e ngata, seo hase bolele hore o thabile. Ha e le hantle, ho etsahala se fapaneng. Buka e bitsoang, Generation Me, ea Dr. Jean M. Twenge, e re: “Batho ba amehileng haholo ka hore ba fumane chelete e ngata, ba tšoenyeha le ho ba le khatello maikutlong ho feta batho ba amehileng ka ho ba le likamano tse ntle le batho ba bang.” O phaella ka ho re: “Lipatlisiso li lula li bontša hore chelete e ke ke ea reka thabo—ha motho a se a fumane lintho tsa motheo tseo a li hlokang, chelete ha e sa mo tlisetsa thabo.”

    SEO U KA SE ETSANG. Ipehele pakane ea ho finyella ntho e ka u tlisetsang thabo ho feta chelete le lintho tseo u ka li rekang. Jesu o ile a re: “Itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”—Luka 12:15.

  •  SEO BIBELE E SE BUANG:

    “Boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.”—Liproverbia 16:18.

    SEO SE BOLELA’NG? U ke ke ua fumana katleho ea sebele haeba u ikhohomosa ebile u hahamalla botumo. Ha e le hantle, buka ea Good to Great e bolela hore baeta-pele ba lik’hamphani ba ileng ba atleha ka nako e telele ba “bontša boikokobetso, ha ba rate mponeng ebile ha ba inke e le batho ba bohlokoa. Ho fapana le hoo, baeta-pele ba lik’hamphani tse peli ho tse tharo tse tšoanang le tseo ba ne ba ikhohomosa ’me seo se ile sa etsa hore lik’hamphani tsa bona li se ke tsa atleha.” Re ithuta’ng ho see? Ho ikhohomosa ho ka etsa hore re se ke ra atleha.

    SEO U KA SE ETSANG. Ho e-na le ho batla ho fumana maemo a phahameng bophelong, hlaolela boikokobetso. Bibele e re: “Haeba leha e le mang a inahana hore ke ho hong ha e se letho, o thetsa kelello ea hae.” Seo se bontša hore ho hang motho eo ha a atleha.—Bagalata 6:3.

  •  SEO BIBELE E SE BUANG:

    “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a . . . bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.”Moeklesia 2:24.

    SEO SE BOLELA’NG? Haeba u sebetsa ka thata, u tla thabela mosebetsi oa hao le ho feta. Buka e bitsoang Teach Your Children Well, ea Dr. Madeline Levine, e re: “Motho o ikutloa a atlehile ha a ipabola nthong e itseng ’me e le hore a ipabole le ho feta, o lokela ho etsa boiteko le ho sebetsa ka thata.” Seo se akarelletsa ho peseletsa ho sa tsotellehe litšitiso tse ka hlahang.

    SEO U KA SE ETSANG. Sebetsa ka thata e le hore u ipabole mosebetsing oa hao ’me u se ke ua tela ha u kopana le mathata. Haeba u e-na le bana, ba fe (ho latela bokhoni le lilemo tsa bona) monyetla oa ho rarolla mathata a bona. Ha ba na le mathata, u se ke ua potlakela ho ba thusa ho a rarolla. Ha bacha ba khona ho sebetsana le mathata a bona, seo se etsa hore ba khotsofale e le kannete ’me ba fumana koetliso e molemo bakeng sa ha e se e le batho ba baholo.

  • SEO BIBELE E SE BUANG:

    “Ntja e phelang e molemo ho feta tau e shoeleng.”—Moeklesia 9:4.

    SEO SE BOLELA’NG? Haeba ua sebetsa, mosebetsi oa hao e lokela ho ba karolo ea bophelo ba hao—eseng bophelo bohle ba hao. ’Nete ke hore, leha u sebetsa mosebetsi o hlamatsehang, u ke ke ua ikutloa u atlehile haeba u kula kapa lelapa la hao le se le sa u hlomphe. Batho ba atlehileng e le kannete, ba leka kahohle ho etsa hore mosebetsi oa bona o se ke oa ba sitisa hore ba phele hantle ’meleng le ho qeta nako le malapa a bona.

    SEO U KA SE ETSANG. Itlhokomele. Iphe nako ea ho phomola. Ha ho na molemo oa hore u sebetse haholo hoo u sa khoneng ho hlokomela bophelo ba hao ba ’mele le ho qeta nako u e-na le lelapa la hao le metsoalle—hore feela u fumane katleho eo e seng ea sebele.

  • SEO BIBELE E SE BUANG:

    “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.

    SEO SE BOLELA’NG? E le hore motho a atlehe e le kannete, o lokela hore a ithute Bibele le ho sebelisa melao-motheo ea eona. Ha e le hantle, Lipaki Tsa Jehova tse limilione li ithutile hore ha li nka kamano ea tsona le Molimo e le ntho ea bohlokoa ho feta ntho leha e le efe, ha li tšoenyehe hakaalo ka ho ba le chelete le lintho tse ngata.—Matheu 6:31-33.

    SEO U KA SE ETSANG. Ithute kamoo Bibele e ka u thusang ho fumana katleho ea sebele kateng. E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno kapa kena Websaeteng ea rōna ea www.pr418.com/st.