Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | KATLEHO EA SEBELE KE E JOANG?

U Lekanya Katleho Joang?

U Lekanya Katleho Joang?

Bakeng sa ho itlhahloba, nahana ka maemo a latelang a inahanetsoeng.

U ka re ke mang ea atlehileng e le kannete?

  • ALEX

    Alex o na le khoebo. Ke motho ea tšepahalang, ea sebetsang ka thata ’me o na le mekhoa e metle. Khoebo ea Alex e atlehile ’me eena le lelapa la hae ba phela bophelo bo mabotho-botho.

  • CAL

    Cal o na le khoebo e tšoanang le ea Alex ’me o na le chelete e ngata haholo ho mo feta. Leha ho le joalo, e le hore a lule a etsa chelete e ngata ho feta ba hlōlisanang le eena khoebong, Cal o lula a sebetsa ’me o se a kula.

  • JANET

    Janet o sekolong ’me u sebetsa ka thata ebile o rata ho ithuta. Ka lebaka leo, o pasa hantle.

  • ELLEN

    Ellen o pasa ho feta Janet ’me o phahametse liithuti tse ling—empa ha a ngola liteko oa kopitsa ebile ha a tsotelle lithuto tsa hae.

Haeba o re Cal le Ellen—kapa batho bana kaofela ba bane—ba atlehile, e ka ’na eaba u lekanya katleho ka seo motho a se finyelletseng ho sa tsotellehe hore na o se finyelletse joang.

Ka lehlakoreng le leng, haeba u khetha Alex le Janet, e ka ’na eaba u lekanya katleho ka hore na motho o na le botho bo joang le hore na o tšepahala hakae. Seo sea utloahala. Nahana ka mehlala e latelang.

  • Ntho e tla tsoela Janet molemo ka nako e telele ke efe—na ke hore a phahamele liithuti tse ling kapa ke hore a rate ho ithuta?

  • Se molemo bakeng sa bana ba Alex ke sefe—na ke hore ba be le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo chelete e ka e rekang kapa ke hore ntate oa bona a qete nako a e-na le bona?

Seo e leng ’nete: Motho ea ithetsang ka hore o atlehile empa a sa atleha o amehile ka hore na batho ba mo talima joang; empa motho ea atlehileng e le kannete o na le boitšoaro bo botle.