Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PONO EA BIBELE

Lefatše

Lefatše

Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bōpa lefatše?

“Sena ke seo Jehova a se boletseng, . . . ’Mōpi oa lefatše, . . . ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi.”—Esaia 45:18.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bangata ba bolela hore ha ho na motho ea bōpileng lefatše. Malumeli a mang a ruta hore lefatšeng mona re bafeti ’me ke moo Molimo a lekang batho e le hore a bone hore na ke ba feng ba tla ea leholimong kapa liheleng.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e re “Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) O ile a bolella banyalani ba pele a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, ’me le laole . . . sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Ho se mamele ke hona feela ho neng ho tla etsa hore ba shoe. (Genese 2:17) Kahoo, Molimo o ne a rerile hore batho ba phele lefatšeng ka ho sa feleng. Lefatše le ne le lokela ho tlala batho ba mamelang ba neng ba tla le hlokomela ba be ba phele ho lona ka ho sa feleng.

Na lefatše le tla felisoa?

“O thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng; le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 104:5.

SEO BATHO BA SE BUANG

Borasaense ba ’nile ba bolela hore ho na le lintho tse tla felisa le ho senya lefatše hoo batho ba ke ke keng ba khona ho phela ho lona. Lintho tsena li akarelletsa likoluoa tsa tlhaho—tse kang ho thulana ha lipolanete kapa mechochonono, ho foqoha ha seretse se chesang, ho fela ha letsatsi, kapa ho futhumala ha lefatše—le likotsi tse bakoang ke motho—tse kang lintoa tsa nyutlelie kapa mafu a seoa a iketselitsoeng.

SEO BIBELE E SE BUANG

Morero oa Molimo ka lefatše ha o e-s’o fetohe. Lentsoe la Molimo le bolela ka ho hlaka hore: “Lefatše le eme esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang [kapa “ka ho sa feleng”].” (Moeklesia 1:4) Ho phaella moo, le tla lula le e-na le batho: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO TSEBA SEE?

Ho lumela hore lefatše le tla felisoa qetellong ho entse hore batho ba bang ba senye lefatše le hore ba se ke ba ba le tšepo ea bokamoso. Sena se ka etsa hore batho ba phele ba se na morero bophelong. Ka lehlakoreng le leng, haeba re lumela hore re ka phela ka ho sa feleng lefatšeng, re tla etsa liqeto tse tla tsoela rōna le ba malapa a rōna molemo hona joale le nakong e tlang.

Na batho bohle ba tla qetella ba phela leholimong?

“Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, empa lefatše o le file bara ba batho.”—Pesaleme ea 115:16.

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bangata ba lumela hore batho bohle ba lokileng ba ea leholimong.

SEO BIBELE E SE BUANG

Maholimo ke a Molimo, empa lefatše o le file batho. Bibele e bua ka “lefatše leo ho ahiloeng ho lona le tlang ho tla.” (Baheberu 2:5) Jesu ke eena motho oa pele oa ho nyolohela leholimong ’me Bibele e bontša hore ho na le batho ba seng bakae ba tla ea leholimong, bakeng sa morero o ikhethang. Ba tla “busa [le Jesu] e le marena holim’a lefatše.”—Tšenolo 5:9, 10; Luka 12:32; Johanne 3:13.

KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO TSEBA SEE?

Tumelo ea hore batho bohle ba lokileng ba ea leholimong ha e lumellane le seo ha e le hantle Bibele e se rutang. Haeba Molimo a ne a ka isa batho bohle ba lokileng leholimong, ho ne ho tla bolela hore o hlolehile ho phethahatsa morero oa hae oa qalong o mabapi le lefatše le hore tšepiso ea hore batho ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng ke leshano. Ho fapana le seo, Lentsoe la Molimo le re: “Tšepa Jehova ’me u boloke tsela ea hae, o tla u phahamisa hore u rue lefatše.”—Pesaleme ea 37:34.