Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | BOPHELO BO QALILE JOANG?

Karabo ea Bohlokoa eo U ka e Hlahlobang

Karabo ea Bohlokoa eo U ka e Hlahlobang

KA MOR’A ho hlahloba bopaki, batho ba bangata ba entse qeto ea hore ho na le motho ea bohlale ka ho fetisisa ea bōpileng lintho tse phelang. Nahana ka mohlala oa Antony Flew, e leng moprofesa oa filosofi eo ka nako e itseng a kileng a tšehetsa khopolo ea hore Molimo ha a eo. Flew o ile a fetola maikutlo ka mor’a hore a ithute ka tsela e hlollang eo bophelo bo rarahaneng ka eona le ka melao ea bokahohle. Ha a qotsa seo bo-rafilosofi ba nakong e fetileng ba ileng ba se bua, o ile a ngola a re: “Re lokela ho amohela qeto e entsoeng ka mor’a liphuputso le hoja re sa lumellane le eona.” Ho ea ka Moprofesa Flew, liphuputso li bontšitse hore ho na le ’Mōpi.

Gerard, eo ho builoeng ka eena sehloohong se qalang letotong lena, o ile a fihlela qeto e tšoanang. Le hoja a rutehile haholo ’me a e-na le phihlelo thutong ea likokoanyana, o ile a re: “Ha kea fumana bopaki bo bontšang hore bophelo bo bile teng ka mohlolo ho tsoa linthong tse sa pheleng. Tsela eo lintho tse phelang li hlophisehileng le ho rarahana ka eona, e ile ea nkholisa hore e tlameha ebe ho na le Mohlophisi le Moqapi.”

Feela joalokaha motho a ka ithuta ka motaki ea itseng ka ho hlahloba mosebetsi oa hae, Gerard o ile a lemoha litšobotsi tsa ’Mōpi ka ho hlahloba pōpo ea hae. O ile a boela a ipha nako ea ho ithuta buka e buang ka ’Mōpi—e leng Bibele. (2 Timothea 3:16) Ka har’a eona o ile a fumana likarabo tse khotsofatsang mabapi le hore na moloko oa batho o tsoa hokae le hore na batho ba ka rarolla joang mathata ao ba tobanang le ’ona kajeno. Ka lebaka leo, o ile a kholiseha hore Bibele le eona e ngotsoe ke motho ea bohlale ka ho fetisisa.

Joalokaha Gerard a hlokometse, ke habohlokoa ho hlahloba likarabo tsa Bibele. Re u khothalletsa hore u ke u li hlahlobe.