Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE

Na Bibele e ka re Thusa Kajeno?

Na Bibele e ka re Thusa Kajeno?

‘Ke ne ke thabile ka lekhetlo la pele bophelong ba ka.’

HILTON o ne a rata litebele. Ha a le lilemo li supileng, o ne a rata ho loana ha a le papaling ea litebele le ho loantša batho ba bang! Ha a le sekolong se phahameng, eena le metsoalle ea hae ba ne ba lula ba batla bana bao ba ka ba otlang. O re: “Ke ne ke utsoa, ke becha, ke shebella litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, ke hlekefetsa basali ke bile ke rohaka batsoali ba ka. Ke ne ke itšoere hampe hoo batsoali ba ka ba neng ba re ke ba-e-hlōtse. Ke ile ka tloha lapeng ha ke qeta sekolo.”

Ha Hilton a khutlela hae ka mor’a lilemo tse 12, batsoali ba hae ba ne ba sa kholoe hore ke eena! O ne a ikokobelitse, a khona ho laola maikutlo a bile a hlompha. Ke eng e ileng ea etsa hore a fetohe hakaale? Ha a ntse a le hōle le hae, o ile a qala ho nahana ka ho teba ka bophelo ba hae. O ile a boela a hlahloba Bibele ’me a fumana litsela tseo a neng a ka fetola bophelo ba hae ka tsona. Hilton o re: “Ke ile ka latela seo ke neng ke se bala ka Bibeleng, e leng se bolelang hore ke ne ke lokela ho tlohela tsela eo ke neng ke itšoere ka eona ’me ke mamele taelo e ho Baefese 6:2, 3 e reng ke hlomphe batsoali ba ka. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka ke ile ka fumana thabo ea sebele ’me ka thabisa ’Mè le Ntate ho e-na le ho ba utloisa bohloko!”

Pale ea Hilton e bontša hore Bibele e ka re thusa kajeno le hore melao ea eona ea boitšoaro e na le matla a ho fetola bophelo ba batho. (Baheberu 4:12) A re ke re hlahlobe e meng ea melao eo—e leng botšepehi, boitšoaro, ho tšepahala lenyalong le lerato—le kamoo melao ena e ka ntlafatsang bophelo ba rōna kateng.