Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PONO EA BIBELE

Liphoofolo

Liphoofolo

Hoo e ka bang batho bohle ba angoa ke liphoofolo ka tsela e itseng. Na rea ikarabella ka tsela eo re li tšoarang ka eona?

Batho ba lokela ho tšoara liphoofolo joang?

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bang ba lumela hore batho ba ka sebelisa liphoofolo ka tsela leha e le efe eo ba e batlang. Athe ba bang bona ba re liphoofolo li lokela ho tšoaroa ka tsela e tšoanang le eo batho ba tšoaroang ka eona.

  • Motho e mong ea hlaheletseng ea loanelang litokelo tsa liphoofolo o ile a re liphoofolo li lokela “ho ba le tokelo ea motheo ea hore li se ke tsa sebelisoa e le thepa feela tjee kapa lintho tsa ho ithuisa.” O eketsa ka ho re: “Re lokela ho khaotsa ho tšoara liphoofolo joaloka thepa ea rōna.”

  • Athe boemong bo bong boo batho ba bangata ba ka bo talimang e le bo feteletseng, moruihali e mong ea bitsoang Leona Helmsley o ile a siela ntja ea hae lefa le etsang R129 600 000 ’me a bolela hore ha ntja eo e shoa, e patoe pel’a hae.

Seo u ka nahanang ka sona: U nahana hore liphoofolo li lokela ho tšoaroa joang?

SEO BIBELE E SE BUANG

’Mōpi oa lintho tse phelang, e leng Jehova Molimo, o ile a bolella batho hore ba “laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Kahoo, ke ho utloahalang ho fihlela qeto ea hore Molimo o talima batho ba phahametse liphoofolo.

Qeto ena e tšehetsoa ke polelo ea bohlokoa e boletsoeng temaneng e qotsitsoeng ka holimo. Bibele e re “Molimo [o ile] a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bōpa e le e motona le e motšehali.”—Genese 1:27.

Kaha batho ba bōpiloe “ka setšoantšo sa Molimo,” tsela eo re bonahatsang litšobotsi tsa Molimo ka eona, tse kang bohlale, toka le lerato, e ea ikhetha. Ka tlhaho batho ba boetse ba na le bokhoni ba ho bontša boitšoaro le ho ba le kamano e haufi le Molimo. Liphoofolo ha li na bokhoni boo hobane ha lia bōptjoa “ka setšoantšo sa Molimo.” Li tlaasana ho batho ebile ha lia etsetsoa ho tšoaroa ka tsela e tšoanang le eo batho ba tšoaroang ka eona.

Na see se bolela hore batho ba lokela ho tšoara liphoofolo hampe? Che.

  • Molaong oo Molimo a neng a o file Baiseraele, o ile a etsa bonnete ba hore liphoofolo lia phomotsoa, lia feptjoa, lia thusoa ha li le tsietsing ebile li sireletsoa likotsing.—Exoda 23:4, 5; Deuteronoma 22:10; 25:4.

“U tla etsa mosebetsi oa hao ka matsatsi a tšeletseng; empa u khaotse ka letsatsi la bosupa, e le hore poho ea hao le esele ea hao li phomole.”Exoda 23:12.

Na ke phoso ho bolaea liphoofolo?

SEO BATHO BA SE BUANG

Litsomi tse ling le batšoasi ba litlhapi ba bolaea liphoofolo e le papali, ba thabisoa ke ho li lelekisa le ho li tšoara. Batho ba bang ba lumellana le mongoli oa libuka tsa lipale oa Morussia, ea bitsoang Leo Tolstoy, ea ileng a ngola hore ho bolaea liphoofolo le ho li ja “ehlile ke phoso.”

SEO BIBELE E SE BUANG

Molimo o lumella batho ho bolaea liphoofolo hore ba itšireletse kapa ba iketsetse liaparo. (Exoda 21:28; Mareka 1:6) Bibele e boetse e re batho ba ka bolaea liphoofolo hore ba fumane lijo. Genese 9:3 e re: “Phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang e phelang e tla ba lijo tsa lōna.” Esita le Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae ho tšoasa litlhapi tseo ba ileng ba li ja hamorao.—Johanne 21:4-13.

Leha ho le joalo, Bibele e re Molimo “o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:5) Kahoo ho hlakile hore Molimo ha a batle hore re ntše liphoofolo kotsi kapa re li bolaele ho ithabisa feela kapa papali.

Bibele e bontša hore Molimo o nka bophelo ba liphoofolo e le ba bohlokoa.

  • Bibele e re nakong ea pōpo, ‘Molimo o ile a etsa libata tsa lefatše ho ea ka mofuta oa tsona le liphoofolo tse ruuoang ho ea ka mofuta oa tsona le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang ea lefatše ho ea ka mofuta oa eona. ’Me Molimo a bona hore ho molemo.’Genese 1:25.

  • Ha Bibele e bua ka Jehova, e re: “O fa liphoofolo lijo tsa tsona.” (Pesaleme ea 147:9) Molimo o entse tikoloho e nang le lijo tse lekaneng le tšireletseho bakeng sa liphoofolo.

  • Morena Davida oa Iseraele o ile a rapela a re: “Jehova, u pholosa motho le phoofolo.” (Pesaleme ea 36:6) Ka mohlala, nakong ea Moroallo, Jehova o ile a sireletsa batho ba robeli le liphoofolo tsa mefuta eohle pele a felisa batho ba khopo.—Genese 6:19.

Ho hlakile hore Jehova o ananela liphoofolo tseo a li bōpileng, ’me o lebeletse hore batho le bona ba li tšoare ka tsela e loketseng.

“Ea lokileng o hlokomela moea oa phoofolo ea hae e ruuoang.” Liproverbia 12:10.