Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bakreste ba Holileng, Jehova a ke ke a Lebala Botšepehi ba Lona

Bakreste ba Holileng, Jehova a ke ke a Lebala Botšepehi ba Lona

REA thaba hore ebe lefatšeng ka bophara, baholo ba rata likabelo tsa bona. Empa lilemo tse seng kae tse fetileng, ho na le phetoho e ileng ea etsoa. Baholo ba seng ba holile ba ile ba koptjoa ho tlohela likabelo tse ling tse boima ’me ba li siele baholo ba bacha.

Hona joale bapotolohi le barupeli ba likolo tsa Bibele ba se ba tlohella mosebetsi oa bopotolohi le oa ho ba barupeli ha ba le lilemo li 70. Hape, baholo ba bang ke bahokahanyi ba Likomiti Tsa Makala kapa bahokahanyi ba lihlopha tsa baholo. Hang ha ba e-ba lilemo li 80, ba tlohela mosebetsi oo oa bohokahanyi e le hore o etsoe ke baholo ba bacha. Baholo ba holileng ba ile ba etsa’ng ha ba utloa ka phetoho ee? Ba ile ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi le ho tšepahalla mokhatlo oa hae.

Mor’abo rona Ken ea qetileng lilemo tse ka bang 49 e le mohokahanyi oa Komiti ea Lekala, o re: “Ke ile ka chaela phetoho eo monoana. Ha e le hantle, hoseng ha letsatsi lona leo re ileng ra bolelloa ka eona, ke ne ke ile ka rapela Jehova ke mo bolella hore ho hlokahala mor’abo rona ea mocha hore e be mohokahanyi oa Komiti ea Lekala.” Baholo ba holileng lefatšeng ka bophara ba na le maikutlo a tšoanang le a mor’abo rona Ken. Leha ho le joalo, kaha ba rata ho sebeletsa Bakreste-’moho le bona, qalong phetoho ena e ile ea ba nyahamisa.

Mor’abo rona Esperandio eo e neng e le mohokahanyi oa sehlopha sa baholo phuthehong ea habo, o ile a re: “Ke ile ka utloa bohloko hanyenyane. Empa teng ke ne ke hloka nako e ngata e le hore ke itlhokomele kaha ke ne ke ntse ke kula ho ea pele.” Mor’abo rona Esperandio o ntse a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi le ho thusa phutheho ea habo.

Ho boetse ho na le barab’abo rona ba ileng ba tlohela mosebetsi oa bopotolohi. Bona ba ile ba ikutloa joang? Mor’abo rona Allan ea ileng a qeta lilemo tse 38 e le molebeli oa potoloho, o re: “Mohlang ke neng ke utloa ka phetoho ena, ke ile ka utloa ke sa kholoe.” Ho ntse ho le joalo, o ile a bona hore ho bohlokoa hore barab’abo rona ba bacha ba rutoe mosebetsi, ebile o ntse a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi.

Mor’abo rona Russell o qetile lilemo tse 40 e le molebeli oa potoloho ebile e le morupeli oa likolo tsa Bibele. Qalong eena le mohats’a hae ba ile ba soetseha. O re: “Re ne re rata kabelo ea rona haholo. Ntle le moo, re ne re utloa re ntse re le matla bakeng sa ho tsoela pele ka eona.” Hona joale mor’abo rona Russell le mohats’a hae ba sebelisa tsebo le boiphihlelo boo ba nang le bona ho thusa phutheho eo ba kopanelang ho eona. Bahoeletsi bao ba kopanelang le bona ba thabetse ho sebetsa le bona.

E ka ’na eaba ha u e-s’o hlaheloe ke ntho e tšoanang le e hlahetseng barab’abo rona bao ho builoeng ka bona pejana. Empa Lengolo la Samuele oa Bobeli le ka u thusa ho utloisisa hore na ba ile ba ikutloa joang.

O NE A IKOKOBELITSE, A SA IPHAPANYETSE ’NETE

Hopola ha Absalome mor’a Davida a rabela. Davida o ile a tloha Jerusalema a balehela Mahanaime, ka bochabela ho Noka ea Jordane. Ha a le moo, eena le batho ba neng ba e-na le eena ba ne ba se na lijo le lintho tse ling tseo ba li hlokang. Na oa hopola hore na ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo?

Banna ba bararo ba ile ba ba tlisetsa libethe, lijo le lisebelisoa tse ling tseo ba li hlokang. E mong oa banna bana e ne e le Barzilai. (2 Sam. 17:27-29) Hang hoba borabele ba Absalome bo fele, Davida o ile a khutlela Jerusalema, eaba Barzilai oa mo felehetsa ho ea fihla Nokeng ea Jordane. Davida o ile a kopa Barzilai hore a ee le eena Jerusalema, a ba a tšepisa hore o tla mo fa lijo. Barzilai e ne e le monna ea ruileng haholo, kahoo o ne a sa hloke lijo tseo Davida a neng a mo tšepisa tsona. (2 Sam. 19:31-33) Ka hona, kaha Barzilai o ne a e-na le boiphihlelo, e ka ’na eaba Davida o ne a batla hore a be haufi le eena e le hore a mo fe likeletso tse tla mo tsoela molemo. Nahana feela hore na e ka be e bile tlotla e kholo hakaakang ho Barzilai ho lula le ho sebetsa ntlong ea borena.

Ka boikokobetso bohle, Barzilai o ile a re: “Ke lilemo li mashome a robeli.” Eaba o tsoela pele ho re: “Na nka lemoha pakeng tsa botle le bobe?” (2 Sam. 19:35) E tlameha ebe Barzilai o ne a ile a ithuta lintho tse ngata bophelong ba hae tse ileng tsa mo hlalefisa. Hape o ne a ntse a ka fana ka likeletso tse molemo, feela joalokaha “banna ba baholo” ba ile ba eletsa Morena Roboame. Joale o ne a bolela’ng ha a ne a re na a ka lemoha pakeng tsa botle le bobe? (1 Mar. 12:6, 7; Pes. 92:12-14; Liprov. 16:31) O ne a mpa a bolela hore o se a e-na le mathata a mangata a bophelo a bakoang ke botsofali. O ile a re ha a sa khona ho utloa tatso ea lijo le hore ha a sa utloa hantle litsebeng hobane a tsofetse. (Moek. 12:4, 5) Kahoo, o ile a kopa Davida hore a ee Jerusalema le Kimhame, eo e ka ’nang eaba e ne e le mora oa hae.—2 Sam. 19:36-40.

CHEBELO-PELE

Phetoho eo ho builoeng ka eona qalong ea sehlooho sena, ea bontša hore mokhatlo oa Molimo o sheba lintho ka tsela eo Barzilai a neng a li sheba ka eona. Ha mokhatlo o tla etsa phetoho ena, o ne o shebile maemo a baholo. Empa hape o ne o shebile hore o etse qeto e tla tsoela Bakreste lefatšeng lohle molemo.

Barab’abo rona ba holileng bao ho builoeng ka bona pejana, ba ile ba bona hore mokhatlo oa Jehova o tla hola haeba mesebetsi eo ba neng ba e etsa e ka etsoa ke barab’abo rona ba bacha. Ho ka etsahala hore ebe Barzilai o ile a rupela mora oa hae, le moapostola Pauluse a rupela Timothea. Kahoo, maemong a mangata, barab’abo rona bana ba holileng le bona ba rupela barab’abo rona ba bacha. (1 Bakor. 4:17; Bafil. 2:20-22) Barab’abo rona bana ba bacha ba ipakile hore ke “limpho tseo e leng banna” le hore ba khona ho “haha ’mele oa Kreste.”—Baef. 4:8-12; bapisa le Numere 11:16, 17, 29.

MENYETLA E MENG EA HO SEBELETSA JEHOVA

Barab’abo rona ba bangata ba tlohetseng likabelo tse ling tseo ba neng ba li fuoe, ba se ba e-na le menyetla e meng e mengata ea ho sebeletsa Jehova.

Mor’abo rona Marco, ea ileng a qeta lilemo tse 19 e le molebeli oa potoloho, o re: “Phuthehong ea heso ho na le baralib’abo rona bao balekane ba bona e seng Lipaki. Hona joale ke se ke khona ho ithuta Bibele le balekane ba barali bao babo rona.”

Mor’abo rona Geraldo, ea ile a qeta lilemo tse 28 e le molebeli oa potoloho, o re: “Tse ling tsa lintho tseo re ntseng re sebeletsa ho li fihlela ke ho thusa batho ba seng ba sa ee libokeng le tšimong, le ho ba le lithuto tsa Bibele tse eketsehileng.” O re hona joale eena le mohats’a hae ba na le lithuto tse 15 le hore batho ba bangata ba neng ba khaolitse ho ea libokeng le tšimong, ba se ba qalelletse ho ea libokeng.

Mor’abo rona Allan eo ho builoeng ka eena pejana, o re: “Hona joale re se re e-na le monyetla oa ho bolella batho molaetsa oa Bibele ka litsela tse ngata. Mohlala, re ea boboleling ba phatlalatsa, re bua ka Bibele le baahisani ba rona le batho likhoebong tsa bona. Ebile baahisani ba rona ba babeli ba kile ba tla libokeng.”

Haeba u le mor’abo rona ea holileng ’me ho na le likabelo tse ling tseo u seng u sa li etse, ho ntse ho e-na le ntho e ’ngoe hape ea bohlokoa eo u ka e etsang. U ka thusetsa ka hore u sebelise lintho tse ngata tsa bohlokoa tseo u ithutileng tsona ho thusa barab’abo rona ba bacha. Mor’abo rona Russell eo ho builoeng ka eena pejana o re: “Barab’abo rona ba bangata ba bacha ba na le makhabane le bokhoni, kahoo Jehova oa ba rupela le ho ba sebelisa. Ba thusa mokhatlo oa Molimo haholo hobane ba ruta le ho hlokomela Bakreste-’moho le bona ka mafolofolo.”—Sheba lebokose le reng “ Thusang ba Bacha ho Ipabola Mosebetsing oa Molimo.”

JEHOVA A KE KE A U LEBALA

Haeba u se u tlohetse likabelo tse ling tseo u neng u li etsa, u ’ne u thabe hobane u thusitse batho ba bangata ka tema eo u e khathileng, ebile u ntse u ka tsoela pele ho ba thusa. Bakreste-’moho le uena baa u rata ebile ba tla tsoela pele ho u rata.

Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore Jehova o tla lula a u hopola. A ke ke a ‘lebala mosebetsi oa hao le lerato leo u ileng oa le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore u sebelelitse bahalaleli ’me u tsoela pele ho sebeletsa.’ (Baheb. 6:10) Lengolo leo la Baheberu lea bontša hore Jehova a ke ke a hopola lintho tse ntle tseo u ileng oa li etsa nakong e fetileng feela. O u nka u le bohlokoa hoo a bileng a reng o tla hopola le lintho tse ntle tseo u tsoelang pele ho li etsa.

Le haeba uena ha ho na likabelo tseo u ileng oa tlameha ho li tlohela ka lebaka la ho hola, taba ena e ntse e le bohlokoa ho uena. Joang?

Haeba u phuthehong e le ’ngoe le moholo ea holileng ea seng a tlohetse ho etsa likabelo tse itseng, u ka ithuta lintho tse ngata ho eena kaha o na le boiphihlelo. Kahoo, kopa likeletso ho eena. Hape u ka sheba hore na o sebelisa lintho tseo a ithutileng tsona joang ha a phetha kabelo ea hae.

Ebang u holile ’me ho na le likabelo tseo u seng u tlohetse ho li etsa kapa u mocha, lula u hopola hore Jehova a ke ke a lebala lintho tsohle tse ntle tseo esale u li etsa le tseo u ntseng u tsoela pele ho li etsa ka botšepehi.