Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisa Jehova ka Hore U be Mosa

Etsisa Jehova ka Hore U be Mosa

“Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase.”PES. 41:1.

LIPINA: 130, 107

1. Bahlanka ba Jehova ba bontšana joang hore baa ratana?

BAHLANKA ba Jehova ke lelapa le thabileng le tsebahalang ka ho ratana. (1 Joh. 4:16, 21) Ha ba bontšane lerato linthong tse kholo feela empa le ho tse nyane tse kang ho buisana ka mosa. Haeba re nahanelana re ba “baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.”—Baef. 5:1.

2. Jesu Kreste o ile a etsa’ng ho bontša hore o etsisa Ntate oa hae?

2 Jesu Kreste o ne a etsisa Ntate oa hae hantle. O ile a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla . . .  kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong.” (Mat. 11:28, 29) Rea thaba ebile Jehova oa re amohela haeba re ‘nahanela batho ba tlaase.’ (Pes. 41:1) Sehloohong sena re tl’o hlahloba hore na ke joang re ka nahanelang ba bang ka lapeng, ka phuthehong le tšimong.

E-BA MOSA KA LAPENG

3. Ha monna a tseba mosali oa hae o utloisisa eng ka eena? (Sheba setšoantšo se qalong.)

3 Bo-ntate ba lokela ho beha mohlala oa ho nahanela ba bang ka lapeng. (Baef. 5:25; 6:4) Ka mohlala, ba lokela ho lula le basali ba bona “ka tsebo” e leng ho bolelang hore baa ba utloisisa. (1 Pet. 3:7) Ho ba utloisisa le ho ba nahanela ke kobo le lemao. Monna ea tsebang mosali oa hae oa utloisisa hore ke motlatsi oa hae le hore ba ka fapana ka lintho tse ngata empa ha ho bolele hore mosali oa hae oa fokola. (Gen. 2:18) O hlompha maikutlo a hae ebile o mo siela seriti. ’Mè e mong ea lulang Canada o re mohatsa oa hae ha a nyatse maikutlo a hae ebe o bua lintho tse kang ‘Ha oa lokela ho ikutloa joalo’ empa o mo mamela ka hloko. O re haeba a e-na le maikutlo a fosahetseng mohatsa oa hae o mo hlokomelisa ka mosa.

4. Monna a ka bontša joang hore o rata mosali oa hae ha a sebelisana le batho ba bong bo fapaneng?

4 Monna ea mosa o etsa hore mosali oa hae a mo tšepe le ha a sebelisana le batho ba bo-’mè. Kahoo, ha a sebelisana le batho ba bong bo fapaneng ha a ba fe maikutlo a hore oa ba rata. (Jobo 31:1) O boetse o ba hlokolosi ha a sebelisa mecha ea puisano le Inthanete. Kaha o hloile se sebe, o rata Jehova ebile o rata mosali oa hae, o lula a tšepahala ka linako tsohle.—Bala Pesaleme ea 19:14; 97:10.

5. Mosali a ka bontša joang hore oa nahanela?

5 Ha monna a etsisa hlooho ea hae e leng Jesu Kreste o thusa mosali oa hae hore a mo ‘hlomphe ka ho tebileng.’ (Baef. 5:22-25, 33) Ha mosali a hlompha monna oa hae, o tla mo nahanela ha a e-na le mosebetsi o mongata ka phuthehong kapa a e-na le mathata. Ntate e mong ea lulang Brithani o re: “Mosali oa ka oa hlokomela ha ho e-na le ntho e ’ngoe e nkhathalitseng. O sebelisa molao-motheo o hlahang ho Liproverbia 20:5 le haeba a tlameha ho ema nakoana pele ke mo bolella eona haeba e le ntho eo nka khonang ho e bua le eena.”

6. (a) Re ka khothalletsa bana joang hore ba nahanele batho ba bang? (b) Hona bana ba tla rua molemo ofe?

6 Ha batsoali ba nahanelana ba behela bana ba bona mohlala o motle. Ha e le hantle ke boikarabello ba batsoali ho ruta bana ba bona hore ba nahanele batho ba bang. Ka mohlala, batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona hore ba se ke ba matha ka Holong ea ’Muso. Ba ka boela ba ruta bana ba bona hore ha ba eme moleng ba lumelle batho ba baholo ba fetele ka pela bona. Leha ho le joalo, kaofela ha rona ka phuthehong re ka thusa batsoali. Mohlala, ha ngoana a entse ntho e bontšang hore o nahanela batho ba bang, mohlomong a re buletse lemati, re ka mo babatsa. Ha re etsa joalo re tla be re thusa ngoana ho bona hore “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Lik. 20:35.

“RE NAHANELANENG” KA PHUTHEHONG

7. (a) Jesu o ile a bontša joang hore o nahanela monna ea sa utloeng litsebeng? (b) Re ithuta’ng mohlaleng oa Jesu?

7 Ha Jesu a ne a le Dekapolise batho ba ile ba mo tlisetsa “monna ea sa utloeng litsebeng le ea nang le leleme le rarahaneng.” (Mar. 7:31-35) Ho e-na le hore Jesu a mo phekolele ka har’a batho o ile a mo “tlosa ho bongata” eaba oa mo folisa. Mohlomong Jesu o ile a hlokomela hore monna eo ha a phuthulohe ha a le ka har’a batho ke kahoo a ileng a mo folisetsa ka thoko. Le hoja rona re ke ke ra phekola ka mohlolo, re lokela ho nahanela Bakreste-’moho le rona. Moapostola Pauluse o ile a re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.” (Baheb. 10:24) Jesu o re behetse mohlala o motle ka hore a utloisise bothata ba monna ea kulang a be a mo thuse.

8, 9. Hlalosa hore na ke ka litsela life re ka bontšang ba holileng hore rea ba tsotella. (Etsa mehlala.)

8 Nahanela ba holileng le ba kulang. Bakreste ba tsejoa ka ho hlophiseha empa ntho ea bohlokoa-hlokoa ke hore ba ratane. (Joh. 13:34, 35) Lerato leo le lokela ho re susumetsa ho thusa ba holileng le ba kulang hore ba ee libokeng le tšimong. Hape re lokela ho ba thusa le haeba ba sa khone ho iketsetsa letho. (Mat. 13:23) Mora’bo rona Michael ea tsamaeang ka wheelchair o ananela tsela eo ba lelapa labo le Bakreste-’moho le eena ba mo thusang ka eona. O re ka lebaka la tšehetso ea bona ha se hangata a lofang liboka le tšimo. O boetse o re o rata bopaki ba phatlalatsa haholo.

9 Mahae a mangata a Bethele a na le batho ba holileng le ba kulang. Kahoo, ba nahaneloa ka hore ba thusoe ho paka ka fono kapa ka ho ngola mangolo. Mora’bo rona Bill ea lilemo li 86 ea pakelang batho ba hole o re o ananela haholo hore ebe o pakela batho ka mangolo. Morali’abo rona Nancy ea ka bang lilemo li 90 eena o re ha a nke ho ngola mangolo e le feela ho itlosa bolutu empa ke mosebetsi oa ho ruta batho ’nete. Le morali’abo rona Ethel ea ka bang lilemo li 97 o ikutloa ka tsela tšoanang. O lula a opeloa hoo ka linako tse ling ho bang thata le ho ikapesa feela empa o rata ho pakela batho ka fono ebile o na le maeto a ho boela. Morali’abo rona Barbara ea lilemo li 85 eena o re: “Kaha ke lula ke kula, ha ke khone ho ea tšimong hantle. Empa ke leboha Jehova hobane ho paka ka fono ho nthusa ho bua le batho ba bang.” Lekaleng le leng la Bethele baratuoa bana ba rona ba holileng ba ile ba nka lihora tse 1 228 ba bua le batho ka Bibele, ba ngola mangolo a 6 265 ba letsa ka makhetlo a 2 000 ba ba ba fana ka lingoliloeng tse 6 315. Ha ho potang hore mosebetsi ona oo ba o entseng o thabisa Jehova haholo.—Liprov. 27:11.

10. Re ka etsa’ng ho thusa bara le barali babo rona hore ba rue molemo libokeng?

10 Nahanela Bakreste-’moho le uena. Kaha re batla hore bara le barali babo rona ba rue molemo ha ba tlile libokeng, re lokela ho ba nahanela. Re ka etsa joalo ka hore re fihle ka nako libokeng e le hore re se ke ra ba sitisa ho mamela. Ke ’nete hore ka linako tse ling re ka hlaheloa ke mabaka ao re ke keng ra a qoba. Empa haeba re tloaetse ho fihla morao libokeng, re lokela ho fetola tsela eo re etsang lintho ka eona. Hape re lokela ho lula re hopola hore Jehova le Jesu ke bona ba re memelang ho tla libokeng. Kahoo, re lokela ho ba hlompha.—Mat. 18:20.

11. 1 Bakorinthe 14:40 e thusa bara babo rona ba nang le lipuo joang?

11 Ho nahanela bara le barali babo rona ho bolela hore re tla mamela taelo ena e reng: “Lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.” (1 Bakor. 14:40) Kahoo barab’abo rona ba nang le lipuo ba lokela ho mamela taelo eo ka hore ba se ke ba ja nako. Ha ba etsa joalo ba tla be ba bontša hore ba nahanela sebui se latelang le phutheho. Haeba ba ja nako ba tla siteloa bara li barali babo rona ba lulang hole, ba tsamaeang ka likoloi tsa baeti le bao balekane ba bona ba emetseng hore ba khutlele hae.

12. Ke hobane’ng ha re lokela nahanela bara babo rona bao e leng balisa? (Bala lebokose le nang le sehlooho se reng “ Nahanela ba Etellang Pele”)

12 Bara babo rona bao e leng balisa ba sebetsa ka thata ka phuthehong hape ba mafolofolo tšimong ke kahoo re lokelang ho ba nahanela. (Bala 1 Bathesalonika 5:12, 13.) Ha ho potang hore u ananela boiteko boo bara bana babo rona ba bo etsang molemong oa hao. Kahoo, leka kahohle-hohle ho bontša hore oa ananela ka hore u ba mamele u be u ba tšehetse. Ho feta moo, ‘ba lula ba lebetse meea ea rōna joaloka ba tla ikarabella.’—Baheberu 13:7, 17.

U BE MOSA HA U LE TŠIMONG

13. Re ithuta’ng tseleng eo Jesu a neng a tšoara batho ka eona?

13 Moprofeta Esaia o ile a re ka Jesu: “Ha ho lehlaka le tletleraneng leo a tla le roba; ha e le khoele ea lebone e lerootho ea folakse, a ke ke a e tima.” (Esa. 42:3) Kaha Jesu o ne a rata batho, o ne a ba hauhela. O ne a nahanela ba nyahameng ba kang lehlaka le tletleraneng ba bile ba ka khoele ea lebone e lerootho ea folakse. Kahoo, o ile a ba mosa ’me a ba le mamello ha a ba thusa. Esita le bana ba ne ba khona ho atamela ho eena. (Mar. 10:14) Le hoja rona re ke ke ra tšoana le Jesu ha re ruta, re lokela ho nahanela batho bao re kopanang le bona tšimong. Ho ba nahanela ho akarelletsa tsela eo re buang le bona ka eona, le nako eo re e qetang re bua le bona.

14. Batho ba khahloa ke eng ha re bua le bona tšimong?

14 Tsela eo re ka buang le batho ka eona tšimong. Matsatsing ana batho ba ‘sohlokehile ’me ba qhalakane’ ka lebaka la bo-rakhoebo ba sehlooho, bo-ralipolotiki le baeta-pele ba bolumeli. (Mat. 9:36) Ke kahoo batho ba bangata ba seng ba se na tšepo. Ka lebaka leo, ho bohlokoa ho khetha mantsoe ha re bua le bona re be re bue ka mosa. Ke ’nete hore batho ba bangata ba mamela molaetsa oa rona hobane ba batla ho ithuta Bibele empa ba khahloa ke hore rea ba nahanela le boitšoaro ba rona.

15. Ke ka litsela life re ka bontšang hore re nahanela batho bao re ba pakelang?

15 Re ka bontša ka litsela tse ngata hore re nahanela batho bao re ba pakelang. Mohlala, re ka botsa lipotso ha re ba ruta, empa re lokela ho ba mosa re be re ba siele seriti. Mora’bo rona e mong oa pula-maliboho ea neng a sebetsa tšimo e nang le batho ba bangata ba lihlong o re o ne qoba ho ba botsa lipotso tse ba soabisang. O ne a sa botse lipotso tse thata kapa tseo ba sa tsebeng likarabo tsa tsona tse kang, ‘Na u tseba lebitso la Molimo?’ kapa ‘Na oa tseba hore na ’Muso oa Molimo ke eng?’ Ho e-na le hoo o ne a re: “Ke ithutile ka Bibeleng hore Molimo o na le lebitso. Na nka u bontša lona?” Kaha litso tsa batho lia fapana, re lokela ho tenyetseha re lule re le mosa hape re hlompha batho bao re buang le bona re be re leke ho tseba hore na ha ba rate’ng.

16, 17. Re ka bontša joang hore re nahanela batho ha (a) re khetha nako ea ho ea ma ha bona? (b) re khetha hore na re ka nka nako e kae re bua le bona?

16 Nako e loketseng ea ho ea ma ha batho. Ha re ea ka ntlo le ntlo re ea ho batho ba sa re lebellang. Joale ho bohlokoa hore re ee ha re tseba hore ba tla ba le nako ea ho bua le rona. (Mat. 7:12) Mohlala, mohlomong batho ba tšimong ea hao ba rata ho tsoha motšehare ha e le mafelo’beke. Haeba ho joalo u ka qala pele ka ho etsa mosebetsi oa seterateng, oa literoli kapa u ee lipoelong tse se nang bothata ha u tla hoseng.

17 Re ka nka nako e kae re bua le motho? Kaha batho ba bangata ba maphathe-phathe e ka ba hantle hore re nke nako e khutšoaane haholo-holo leetong la pele. (1 Bakor. 9:20-23) Batho ba ka re re boele ho bona ha ba hlokomela hore rea ba nahanela ha ba phathahane. Re tla be re bontša hore re “basebetsi-’moho le Molimo” haeba re bontša litholoana tsa moea. Mohlomong Jehova a ka re sebelisa ho thusa motho e mong ho mo sebeletsa.—1 Bakor. 3:6, 7, 9.

18. Bibele e re ho tla etsahala’ng ka rona ha re nahanela batho ba bang?

18 E se eka re ka etsa sohle seo re ka se khonang ho nahanela batho ka lapeng, libokeng le tšimong. Ha re etsa joalo, Jehova o tla re hlohonolofatsa hona joale esita le nakong e tlang. Pesaleme ea 41:1, 2 e re: “Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase; Jehova o tla mo pholosa letsatsing la tlokotsi. . . . Ho tla phatlalatsoa hore o thabile lefatšeng.”