Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lulang le Ratana e le Hore le Matlafatsane

Lulang le Ratana e le Hore le Matlafatsane

“Lerato lea haha.”1 BAKOR. 8:1.

LIPINA: 109, 121

1. Ke taba efe ea bohlokoa eo Jesu a ileng a bua ka eona ho barutuoa ba hae bosiung ba ho qetela a e-na le bona?

JESU o ile a bua ka lerato ka makhetlo a ka bang 30 bosiung ba ho qetela a e-na le barutuoa ba hae. O ile a re ho bona hae ba lokela ho ‘ratana.’ (Joh. 15:12, 17) Ha Bakreste ba ratana, baa bontša hore ke barutuoa ba ’nete ba Jesu. (Joh. 13:34, 35) Lerato lena ha se ntho eo motho a ikutloang a e-na le eona feela, empa re lokela ho le bontša ka liketso. O ile a re: “Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae. Le metsoalle ea ka haeba le etsa seo ke le laelang sona.”—Joh. 15:13, 14.

2. (a) Bahlanka ba Jehova ba bonahala ka’ng? (b) Ke lipotso life tse tl’o arajoa sehloohong see?

2 Mehleng ena bahlanka ba Jehova ba bonahala ka hore ba momahane hape ba ratana ka pelo eohle ba sa ikaketse. (1 Joh. 3:10, 11) Hoa thabisa ho tseba hore bahlanka ba Jehova ba ratana ka tsela eo Jesu a re ratileng ka eona ho sa tsotellehe puo, morabe kapa maemo a bona. Sehloohong sena ho tl’o arajoa lipotso tsena: Ke hobane’ng ha mehleng ee ho le bohlokoa haholo hore re ratane? Lerato leo Jehova le Jesu ba re ratang ka lona le re matlafatsa joang? Re ka etsa’ng hore re ratane joalokaha Jesu a re ratile e le hore re ‘hahane’?—1 Bakor. 8:1.

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA HAHOLO HORE RE RATANE?

3. Batho ba bangata ba etsa’ng ha ba imetsoe ke mathata?

3 Kaha re phela ‘linakong tse mahlonoko,’ batho ba bangata ba imetsoe ke mathata a fapaneng. (Pes. 90:10; 2 Tim. 3:1-5) Ba bangata ba bile ba batla ho ipolaea. Ho hakanngoa hore selemo le selemo, batho ba fetang 800 000 baa ipolaea. Taba ena e bolela hore ka mor’a metsotsoana e meng le e meng e 40, motho a le mong oa ipolaea. Ka masoabi, esita le ba bang ba Bakreste-’moho le rona baa ipolaea ha ba imeloa ke mathata.

4. Ke bo-mang bao Jehova a ileng a ba thusa ho tlosa boikutlo ba bona ba ho batla ho shoa?

4 Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, ba bang ba bahlanka ba Molimo ba ile ba imeloa ke mathata hoo ba ileng ba utloa ba batla ho shoa. Mohlala, nakong eo Jobo a neng a utloile bohloko ke mathata a hae, o ile a re: “Moea oa ka o nyonya bophelo ba ka.” (Jobo 10:1; 14:13) Jonase le eena o ne a utloile bohloko hobane lintho li sa ka tsa mo tsamaela ka tsela eo a neng a lebeletse. O ile a ba a re: “Joale, Jehova, ka kōpo, u tlose moea oa ka ho ’na, etsoe ho shoa ha ka ho molemo ho feta ho phela ha ka.” (Jon. 4:3) Hape, ka le leng moprofeta Elia o ne a nyotobetse ka lebaka la mathata a hae hoo a ileng a ba a ikopela ho shoa. O ile a re: “Ho lekane! Joale, Jehova, tlosa moea oa ka.” (1 Mar. 19:4) Leha ho le joalo, Jehova o ne a rata bahlanka bao ba hae haholo, a bile a sa batle hore ba shoe. Ha aa ka a ba halefela ha ba ne ba batla ho shoa, empa o ile a ba thusa ho tlosa boikutlo boo. Hape, ka lerato o ile a ba matlafatsa e le hore ba tsoele pele ho mo sebeletsa ka botšepehi.

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša hore re rata Bakreste-’moho le rona haholo-holo mehleng ee?

5 Mehleng ena, Bakreste-’moho le rona ba bangata ba mameletse mathata a boima ’me ba hloka hore re ba bontše hore rea ba rata. Ba bang baa hlorisoa ebile baa sonngoa. Ba bang bona ba buuoa hampe ebile baa sejoa ha ba le mesebetsing. Ba bang ba lula ba khathetse ka lebaka la ho sebetsa ka nako eo e seng ea mosebetsi hobane ba tlameha ho qeta mosebetsi. Athe ba bang bona ba mameletse mathata a ka lapeng a boima, a kang ho tšoaroa hampe ke molekane eo e seng Paki. Kahoo, bongata ba bona ba ikutloa ba se ba se na matla ho hang ebile ba imetsoe kelellong ka lebaka la mathata ana le a mang a mangata. Ke kahoo re lokelang ho ba khothatsa.

LERATO LEO JEHOVA A RE RATANG KA LONA LEA RE MATLAFATSA

6. Jehova o matlafatsa bahlanka ba hae joang ka lerato?

6 Jehova o re kholisa ka Lentsoe la hae hore o tla lula a re rata. E tlameha ebe Baiseraele ba ile ba khothala haholo ha Jehova a re ho bona: ‘Le bile bohlokoa mahlong a ka. . . . Le se ke la tšoha, etsoe ke na le lona.’ (Esa. 43:4, 5) Kaha u mohlanka oa Jehova, kholiseha hore Jehova o u rata haholo. * Ka Bibeleng, Jehova o tšepisa bahlanka ba hae o re: “Joaloka Ea matla, o tla pholosa. O tla thaba ka lebaka la hao ka nyakallo.”—Sof. 3:16, 17.

7. Lerato leo Jehova a re ratang ka lona le tšoana joang le la ’mè ea nang le lesea? (Sheba setšoantšo se qalong.)

7 Ho sa tsotellehe mathata ao bahlanka ba Jehova ba kopanang le ’ona, Jehova o tšepisa hore o tla ba matlafatsa le ho ba tšehetsa kapa ho ba tšelisa. Bibele e re: “Ka sebele le tla anya. Le tla sikoa lehlakoreng, ’me le phaphathoe mangoleng. Joaloka motho eo ’m’ae a ntseng a mo tšelisa, kahoo le ’na ke tla ’ne ke le tšelise.” (Esa. 66:12, 13) Nahana kamoo lesea le ikutloang kateng ha ’mè a le sikile kapa a le bapalisetsa mangoleng. Taba ena e re ruta kamoo Jehova a hlileng a ratang bahlanka ba hae kateng. Kholiseha hore Jehova o nka u le bohlokoa haholo.—Jer. 31:3.

8, 9. Ho tseba hore Jesu oa re rata ho ka re thusa joang?

8 Bahlanka ba Jehova le bona ba rata Jehova hobane “o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Jesu le eena o bontšitse hore oa re rata ka hore a re shoele. Kahoo, le rona re susumelletseha hore re mo rate. Bibele e re esita le “matšoenyeho kapa mahlomola . . . li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato . . . le leng ho Kreste Jesu.”—Bar. 8:35, 38, 39.

9 Ka linako tse ling re ka kopana le mathata a etsang hore re felloe ke matla, re imeloe kelellong kapa re thatafalloe ke ho sebeletsa Jehova re thabile. Empa lerato leo Kreste a re ratang ka lona le ka re thusa ho lula re le matla e le hore re mamelle. (Bala 2 Bakorinthe 5:14, 15.) Ho tseba hore Jesu oa re rata ho re thusa hore re mamelle ha re hlaheloa ke likoluoa tsa tlhaho, re hlorisoa, re e-ba le mathata kapa re tšoenyehile. Kahoo, re tla tsoela pele re sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata ao.

RE LOKELA HO RATA BAKRESTE-’MOHO LE RONA

Ho ithuta mohlala oa Jesu ho ka u thusa hore u khothatse Bakreste-’moho le uena(Sheba serapa 10 le 11

10, 11. Ke bo-mang ba nang le boikarabelo ba ho khothatsa Bakreste ba nyahameng?

10 Jehova o boetse o re matlafatsa ka Bakreste-’moho le rona. Haeba re rata Bakreste-’moho le rona, re bontša hore re rata Jehova. Re lokela ho bontša hore rea ba rata ka hore re ba thuse hore ba lule ba tšepahalla Jehova re be re ba khothatse. (1 Joh. 4:19-21) Ha moapostola Pauluse a bua le Bakreste o ile a re: “Le ’ne le tšelisane le ho hahana, feela joalokaha le etsa.” (1 Bathes. 5:11) Ha se baholo feela ba lokelang ho etsa joalo. Le rona re lokela ho etsisa Jehova le Jesu ka hore re tšelise bara le barali babo rona le ho ba khothatsa.—Bala Baroma 15:1, 2.

11 Ho na le bara le barali babo rona ba nang le khatello ea maikutlo ’me ba hloka ho bona lingaka. (Luka 5:31) Baholo le Bakreste ba bang ka phuthehong ba lokela ho hopola hore le hoja e se lingaka, ho bohlokoa hore ba khothatse batho ba joalo ’me ba ba thuse. Kaofela ha rona ka phuthehong re lokela ho phetha boikarabelo ba bohlokoa ba hore re ‘bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo, re tšehetse ba fokolang, re be le tiisetso ho bohle.’ (1 Bathes. 5:14) Re lokela ho leka ho utloisisa Bakreste-’moho le rona, re ba mamele ka hloko ’me re bue ka tsela e tla ba khothatsa ha ba nyahame. Na u leka ho khothatsa batho ba bang? Haeba re tseba kamoo re lokelang ho bua kateng, re tla khona ho khothatsa le ho matlafatsa Bakreste-’moho le rona haholoanyane.

12. Fana ka mohlala oa motho ea ileng a matlafatsoa ke Bakreste-’moho le eena.

12 Re ka etsa’ng ho matlafatsa bara le barali babo rona ba nang le khatello ea maikutlo? Morali’abo rona e mong ea lulang Europe o re: “Ka linako tse ling ke ee ke nahane ho ipolaea. Empa bara le barali beso ba ntšehelitse haholo. Kaha baa ntsotella ’me ba lula ba nkhothatsa, ba mpholositse. Le hoja e le batho ba seng bakae feela ba tsebang hore ke na le khatello ea maikutlo, kaofela ha bona ba lula ba ntšehelitse. Morali’abo rona e mong le mohats’a hae ba ntlhokometse haholo ’me ba lula ba le teng ho nthusa ka linako tsohle ha ke ba hloka. Ekare ke batsoali ba ka.” Ke ’nete hore re ke ke ra khona ho thusana ka tsela e lekanang kapa ra thusana joalokaha banyalani bana ba entse. Leha ho le joalo, kaofela re ka khona ho tšehetsa Bakreste-’moho le rona ha ba e-na le khatello ea maikutlo. *

BONTŠA HORE U RATA BAKRESTE-’MOHO LE UENA

13. Re lokela ho etsa’ng e le hore re khothatse Bakreste-’moho le rona?

13 Mamela ka hloko. (Jak. 1:19) Ha u mamela Mokreste-’moho le uena u bile u mo utloela bohloko, oa bontša hore oa mo rata. Ho e-na le ho mo botsa lipotso tse ka mo utloisang bohloko, mo botse lipotso tse bontšang hore oa mo tsotella. Ha u etsa joalo, u tla mo matlafatsa. Ha u ntse u bua le eena, le sefahleho sa hao se bontše hore oa mo tsotella le hore oa mo rata. Mo mamele ’me u se ke oa mo kena hanong ha a ntse a u phetlela sefuba. U tla khona ho utloisisa hore na o ikutloa joang ha u mo mamela u sa mo felle pelo. Ha u etsa joalo, o tla u tšepa a be a u mamele ha u mo khothatsa. O tla tšeliseha ha a bona kamoo u mo tsotellang kateng.

14. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlaba Bakreste-’moho le rona ka mantsoe?

14 U se ke oa hlaba Bakreste-’moho le uena ka mantsoe. Ha u bua lintho tse tla utloisa Bakreste-’moho le uena bohloko, ba ka nyahama le ho feta. Hape ba ka ’na ba se ke ba u mamela ha u leka ho ba khothatsa. Bibele e re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.” (Liprov. 12:18) Ke ’nete hore ha re bua le Bakreste-’moho le rona ba nyahameng, re ke ke ra ba hlaba ka mantsoe ka boomo. Empa le haeba re sa etse ka boomo, lintho tseo re ka li buang re sa nahana li ka ba utloisa bohloko haholo. E le hore re khothatse Bakreste-’moho le rona, re lokela ho nahana hore na haeba re ne re le boemong ba bona, re ne re tla ikutloa joang.—Mat. 7:12.

15. Re ka sebelisa eng ho khothatsa Bakreste-’moho le rona?

15 Khothatsa Bakreste-’moho le uena ka Bibele. (Bala Baroma 15:4, 5.) Bibele e na le litemana tse ngata tse ka re tšelisang le ho re thoba maikutlo. “Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso” ke eena ea re fileng Bibele. Ho boetse ho na le lingoliloeng tse ngata tse ka re thusang ho utloisisa Bibele. Ke lingoliloeng tse kang Watch Tower Publications Index le Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. Re ka sebelisa lingoliloeng tsena ho batla Mangolo a ka re khothatsang ha re hlahetsoe ke mathata a mofuta ofe kapa ofe. Li ka re thusa ho fumana Mangolo ao re ka a sebelisang ho khothatsa Bakreste-’moho le rona.

16. Re ka etsisa Jehova joang ha re khothatsa Bakreste-’moho le rona?

16 E-ba bonolo. Haeba re le bonolo ha re khothatsa Bakreste-’moho le rona, re tla be re bontša hore rea ba rata le hore ha rea nahana ka rona feela. Jehova ke “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle” ebile o na le “qenehelo e bonolo.” (Bala 2 Bakorinthe 1:3-6; Luka 1:78; Bar. 15:13) Pauluse le eena e bile mohlala o motle tabeng ea ho ba bonolo. O ile a re: “Re ile ra ba bonolo har’a lōna, joalokaha ’mè ea anyesang a baballa bana ba hae. Kahoo, re e-na le lerato le mofuthu bakeng sa lōna, ha rea ka ra khahloa ke ho le fa litaba tse molemo feela tsa Molimo, empa le meea ea rōna, hobane le bile ba ratoang ho rōna.” (1 Bathes. 2:7, 8) Hangata Bakreste-’moho le rona ba nyahameng ba rapela Jehova hore a ba khothatse. Kahoo, haeba re etsisa Jehova ka ho ba bonolo ho bona, ba ka khothala eaba baa bona hore Jehova o arabetse lithapelo tsa bona.

17. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lebella hore Bakreste-’moho le rona ba ke ke ba etsa liphoso?

17 U se ke oa lebella hore Bakreste-’moho le uena ba ke ke ba etsa liphoso. Utloisisa hore Bakreste-’moho le uena ha baa phethahala. Ha u ka nahana hore ba ke ke ba etsa liphoso, u tla soetseha. (Moek. 7: 21, 22) Hopola hore Jehova le eena oa tseba hore re tla etsa liphoso. Kahoo, haeba re mo etsisa, re tla khona ho mamellana ha re etsetsana liphoso. (Baef. 4:2, 32) Re se ke ra etsa hore Bakreste-’moho le rona ba utloe eka ba botsoa kapa ra ba bapisa le ba bang. Empa re ba babatse ka bonyane boo ba bo etsang tšebeletsong ea Molimo. Ha re etsa joalo, ba tla khothala. Hape ba tla ba le “sesosa sa thabo” ha ba etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang.—Bagal. 6:4.

18. Ke eng e re susumetsang ho tsotella Bakreste-’moho le rona?

18 Jehova le Jesu ba rata e mong le e mong oa rona. (Bagal. 2:20) Kaha le rona re rata Bakreste-’moho le rona, re lokela ho ba tsotella le ho bontša hore rea ba rata. Kahoo, “a re phehelleng lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona” e le hore re khothatsane. (Bar. 14:19) Kaofela ha rona re labalabela ho e’a phela Paradeiseng, moo re ke keng ra hlola re nyahama ho hang. Re tla be re se re sa kule, re sa shoe, re sa hlorisoe, ho se ho se na lintoa, mathata a lelapa le lintho tse ka re utloisang bohloko. Ka mor’a hore lilemo tse sekete li fele, batho bohle ba tla be ba phethahetse. Bohle ba tšepahetseng ho fihlela qetellong e tla ba bara ba Jehova Molimo ’me ba be le “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Bar. 8:21) Kahoo, e se eka kaofela ha rona re ka bontša hore rea ratana ka ho matlafatsana e le hore re ka fihla Paradeiseng, moo re tla phela re thabile.

^ ser. 12 Lihlooho tse latelang tsa Tsoha! li ka u thusa ha u tleloa ke monahano oa hore u ipolaee: ““Ke sa Phelela’ng-Mabaka a Mararo a Hore U Tsoele Pele ho Phela” (April 2014) le sehlooho se reng “Ha U Tleloa ke Maikutlo a Hore U Ipolaee” (January 2012).