Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Thaba ba Sebeletsang “Molimo ea Thabileng”

Ho Thaba ba Sebeletsang “Molimo ea Thabileng”

“Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!”PES. 144:15.

LIPINA: 44, 125

1. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li thabile? (Sheba setšoantšo se qalong.)

LIPAKI TSA JEHOVA ke batho ba thabileng e le kannete. Ha ba le libokeng, likopanong le meketjaneng eo ba iketselitseng eona, ba tla be ba qoqa ba thabile ba bile ba tšeha. Ke hobane’ng ha ba thabile hakaale? Lebaka le ka sehloohong ke hore ba tseba Jehova e leng “Molimo ea thabileng,” baa mo sebeletsa ebile ba loanela ho mo etsisa. (1 Tim. 1:11; Pes. 16:11) Kaha Jehova ke Molimo ea thabileng, o batla hore le rona re thabe ebile o re thusa ka litsela tse ngata hore re thabe.—Deut. 12:7; Moek. 3:12, 13.

2, 3. (a) Motho o bonahala joang hore o thabile? (b) Ke lintho life tse ka re sitisang ho thaba?

2 Empa na uena u thabile? Na ho na le ntho eo u ka e etsang hore u thabe? Ha motho a thabile, o lula a khotsofetse bophelong. Bibele e bontša hore ha motho a e-na le kamano e ntle le Jehova, ke hona ha a thabile e le kannete. Leha ho le joalo, mehleng ena ho ka ba thata hore re thabe. Hobane’ng?

3 Ho na le lintho tse ka re sitisang ho thaba, tse kang ha motho eo u mo ratang a hlokahala kapa a khaoloa, ha lenyalo le qhalana kapa ha mosebetsi o fela. Ntho e ’ngoe e ka re sitisang ho thaba ke ha ho se na khotso ka lapeng hobane litho tsa lelapa li lula li qoaketsana. Hape re ka utloa bohloko ha re sonngoa ke basebetsi-’moho le rona kapa bana bao re kenang sekolo le bona le ha re kenngoa teronkong hobane re sebeletsa Molimo. Re ka boela ra sitoa ho thaba hobane re kula hampe, re tšoeroe ke lefu le sa phekoleheng kapa re tepeletse maikutlong. Empa hopola hore Jesu ke “ea thabileng le eo e leng eena feela ’Musi ea Matla a Maholo.” O ne a rata ho tšelisa batho le ho etsa hore ba thabe. (1 Tim. 6:15; Mat. 11:28-30) Lengolong la Matheu khaolo ea 5, Jesu o ile a bua ka lintho tse ’maloa tse ka re thusang hore re thabe le ha re hlaheloa ke mathata.

U TLA THABA HA U LE MOTSOALLE OA JEHOVA

4, 5. Re lokela ho etsa’ng e le hore re lule re thabile?

4 Ntho ea pele eo Jesu a ileng a bua ka eona ho Matheu khaolo ea 5 e bohlokoa haholo. O ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Mat. 5:3) Re lokela ho etsa’ng ho bontša hore re ela hloko tlhoko ea rona ea moea, kapa hore re batla ho ba le kamano e ntle le Molimo? Re lokela ho bala Bibele, ho mamela melao ea Molimo le ho etsa hore ho sebeletsa Molimo e be ntho e tlang pele bophelong ba rona. Ha re ka etsa joalo, re tla thaba haholoanyane. Tumelo eo re nang le eona ea hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala, e tla ba matla. Hape, “tšepo e thabisang” eo Bibele e re fang eona e tla re tiisa ’moko.—Tite 2:13.

5 Ntho ea bohlokoa haholo e tla re thusa ho lula re thabile ke ho ba metsoalle ea Jehova. Moapostola Pauluse o ile a re: “Kamehla thabang Moreneng. Ke tla boela ke re, Le thabe!” (Bafil. 4:4) E le hore re thabe ka tsela ena, re lokela ho ba bohlale. Bibele e re: “Ho thaba motho ea fumaneng bohlale, le motho ea fumanang temoho, ke sefate sa bophelo ho ba bo tšoarang, ’me ba lulang ba bo tšoere ka tieo ba tla bitsoa ba thabileng.”—Liprov. 3:13, 18.

6. Re lokela ho phela joang e le hore re lule re thabile?

6 E le hore re lule re thabile, re lokela ho phela tumellanong le lintho tseo re ithutang tsona Bibeleng. Jesu o ile a bontša hore ho bohlokoa ho etsa joalo. O ile a re: “Haeba le tseba lintho tsena, lea thaba haeba le li etsa.” (Joh. 13:17; bala Jakobo 1:25.) Ke eona ntho e ka sehloohong e tla re thusa ho lula re le metsoalle ea Jehova le ho lula re thabile. Leha ho le joalo, re ka lula re thabile joang empa ho e-na le lintho tse ngata hakaale tse re utloisang bohloko? Re tl’o ithuta ntho e ’ngoe hape eo Jesu a e buileng ho Matheu khaolo ea 5.

MAKHABANE A RE THUSANG HO THABA

7. Jesu o ne a bua ka batho bafe ha a re “ho thaba ba siameng”?

7 “Ho thaba ba siameng (kapa ba utloileng bohloko), kaha ba tla tšelisoa.” (Mat. 5:4) Batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ho khoneha joang hore motho a thabe empa a utloile bohloko. Ha Jesu a ne a bua mantsoe ao, o ne a sa bolele motho e mong le e mong ea utloileng bohloko. Esita le batho ba sa mameleng Molimo ha ba thabe ha ba bona mathata a ntse a e-hloa mekoalaba hobane re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Tim. 3:1) Empa ha ba na taba le Jehova ebile ha ba mo rate kaha ba inahana bobona. Leha ho le joalo, Jesu o ne a bua ka batho ba batlang ho ba metsoalle ea Molimo kaha ba utloa bohloko ha batho ba bangata ba sa mamele Molimo. Baa hlokomela hore ke baetsalibe ebile ba bona lintho tse bohloko tse etsahalang hobane kaofela re baetsalibe. Jehova o utloa lillo tsa batho bana. Kahoo, o ba hlohonolofatsa ka matšeliso a tsoang ka Bibeleng, o etsa hore ba thabe, ebile ka moso o tla ba fa bophelo bo sa feleng.—Bala Ezekiele 5:11; 9:4.

8. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba bonolo ba thabile.

8 “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Mat. 5:5) Ke joang ho ba bonolo ho ka etsang hore re thabe? Batho baa fetoha ka mor’a hore ba ithute Bibele. Pele ba ithuta Bibele, ba bang ba bona e ne e le batho ba bohale, ba likhang ebile ba rata ho loana. Empa hona joale ba se ba apere “botho bo bocha,” e leng hore ba se ba e-na le makhabane a kang “lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakol. 3:9-12) Kaha ba fetohile, ba se ba phela ka khotso le batho ba bang ebile ba thabela bophelo. Hape Bibele e re batho ba tjena “ba tla rua lefatše.”—Pes. 37:8-10, 29.

9. (a) Bibele e bolela’ng ha e re “ba maikutlo a bonolo . . . ba tla rua lefatše”? (b) “Ba lapelang le ho nyoreloa ho loka” ba tla thaba neng?

9 Bibele e bolela’ng ha e re “ba maikutlo a bonolo . . . ba tla rua lefatše”? E bolela hore barutuoa ba Jesu bao e leng batlotsuoa ba tla rua lefatše ka hore e be marena le baprista ’me ba le buse. (Tšen. 20:6) Ho boetse ho na le bahlanka ba bang ba bangata ba Molimo ba sa tl’o ea leholimong. Bona ba tla rua lefatše ka hore ba phele ho lona ka ho sa feleng ba phethahetse ba bile ba thabile. Bana ke bona bao Jesu a ileng a re ba thabile hobane ‘ba lapela le ho nyoreloa ho loka.’ (Mat. 5:6) Ha Jehova a se a felisitse bokhopo lefatšeng, ba tla thaba hobane esale ba batla hore ho be le ho loka lefatšeng. (2 Pet. 3:13) Ka nako eo, lintho tsohle tse sitisang batho ho thaba, tse kang tlolo ea molao le bokhopo, li tla be li le sieo ebile li ke ke tsa hlola li e-ba teng.—Pes. 37:17.

10. Ho ba mohau ho akarelletsa’ng?

10 “Ho thaba ba mohau, kaha ba tla bontšoa mohau.” (Mat. 5:7) Ho ba mohau ho akarelletsa ho utloela batho ba bang bohloko le ho ba mosa. Lentsoe lena ka Bibeleng ha le bolele feela ho utloela motho bohloko empa le akarelletsa ho mo thusa.

11. Re ithuta’ng ka ho ba mohau papisong ea Mosamaria?

11 Bala Luka 10:30-37. Papiso ea Jesu ea Mosamaria e bontša ka ho hlaka hore na ho ba mohau ho bolela’ng. Mosamaria o ile a hauhela monna ea neng a le makhatheng a ho shoa eaba o susumelletseha ho mo thusa. Ka mor’a hore Jesu a etse papiso ena, o ile a re ho monna eo: “Tsamaea ’me u ’ne u etse ho tšoanang.” Kahoo re ka ipotsa: ‘Na ke hauhela batho ba bang? Na ke etsisa Mosamaria eo? Na ke susumelletseha ho ba mohau ho batho ba bang le ho ba thusa ha ba le mathateng? Mohlala, u ka thusa Bakreste-’moho le uena ba holileng, bahlolohali le bana bao batsoali ba bona e seng Lipaki. U ka boela oa ‘bua ka mokhoa o tšelisang le batho ba tepeletseng maikutlo.’—1 Bathes. 5:14; Jak. 1:27.

Itloaetse ho ba mohau kaha u tla thaba(Sheba serapa sa 12)

12. Ho ba mohau ho ka re thusa joang hore re thabe?

12 Ho ba mohau ho ka re thusa hore re thabe. Ha re hauhela batho ba bang re bile re fana re tla thaba. Ho feta moo, rea tseba hore ha re etsa joalo re thabisa Jehova. (Liketso 20:35, bala Baheberu 13:16.) Davida o ile a tiisa taba ena ha a re: “Jehova o tla mo (motho ea mohau) lebela ’me a mo boloke a phela. Ho tla phatlalatsoa hore o thabile lefatšeng.” (Pes. 41:1, 2) Ha re le mosa ebile re hauhela batho ba bang, Jehova le eena o tla re hauhela ’me re tla lula re thabile.​—Jak. 2:13.

“HO THABA BA LIPELO LI HLOEKILENG”

13, 14. Hlalosa hore na ho etsa lintho tse nepahetseng ho amana joang le ho thaba.

13 “Ho thaba ba lipelo li hloekileng,” kaha Jesu o ile a re: “Ba tla bona Molimo.” (Mat. 5:8) Re lokela ho lula re hloekile kantle le ka hare, pelong, menahanong le maikutlong. Ho bohlokoa hore re lule re hloekile e le hore Jehova a tle a re amohele.—Bala 2 Bakorinthe 4:2; 1 Tim. 1:5.

14 Batho ba nahanang lintho tse nepahetseng ba tla thaba hobane Jehova o re ka bona: “Ho thaba ba hlatsoang liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo.” (Tšen. 22:14) Ho hlatsoa liaparo tsa ka holimo ho bolela’ng? Ho bolela hore Jehova o talima Bakreste ba tlotsitsoeng ba hloekile kaha o tl’o ba thusa hore ba il’o phela ka ho sa feleng leholimong. Jehova o boetse o talima batho ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng e le metsoalle ea hae kaha o ba nka ba lokile. Bakreste bana, “ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.”—Tšen. 7:9, 13, 14

15, 16. Ho boleloa’ng ha ho thoe batho ba lipelo li hlokileng ba tla “bona Molimo”?

15 Ke hobane’ng ha ho thoe batho ba lipelo li hloekileng ba tla “bona Molimo” empa Bibele e boetse e re ha ho motho ea ka “bonang [Molimo] ’me leha ho le joalo a phela”? (Ex. 33:20) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho bona Molimo” le bolela ho nahana, ho utloisisa kapa ho tseba. Ho bona Molimo ho bolela ho mo tseba hantle le ho rata makhabane a hae. (Baef. 1:18) Jesu o ile a khona ho etsisa Molimo ka hore a bontše makhabane a hae hantle, ke kahoo a neng a ka re: “Ea mponeng o bone le Ntate.”—Joh. 14:7-9.

16 Le hoja re ke ke ra bona Molimo, ha a re thusa ho joalokaha eka rea mo bona. (Jobo 42:5) Re lokela ho lula re nahana ka lintho tseo Jehova a li tšepisang bahlanka ba hae ba mo tšepahallang le ba lulang ba nahana lintho tse hloekileng. Bakreste ba tlotsitsoeng bona ba tla bona Jehova ha ba amohela moputso oa bona oa ho ea phela leholimong.—1 Joh. 3:2.

HO THABA LE HAR’A MATHATA

17. Hlalosa hore na ho ba le khotso ho etsa hore re thabe joang.

17 Ka mor’a moo Jesu o ile a re: “Ho thaba ba nang le khotso.” (Mat. 5:9) Batho ba ikemiselitseng ho lula ba bopa khotso ba tla thaba e le kannete. Jakobo o ile a re: “Litholoana tsa ho loka peō ea tsona e jaloa tlas’a maemo a khotso bakeng sa ba etsang khotso.” (Jak. 3:18) Haeba re e-na le likhohlano le motho e mong ka phuthehong kapa ka lapeng, re ka kopa Molimo hore a re thuse hore re khone ho bopa khotso. Jehova o tla re fa moea o halalelang e le hore re be le makhabane a hae, kahoo re tla lula re thabile. Jesu o ile a tiisa hore ho bopa khotso le batho ba bang ho bohlokoa ha a ne a re: “Joale, haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.”—Mat. 5:23, 24.

18, 19. Ke eng e etsang hore Bakreste ba thabe le ha ba thulana le mathata?

18 “Ho thaba lōna ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa ’me ka leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka lōna ka lebaka la ka.” Jesu o ne a bolela’ng? O ile a tsoela pele ka ho re: “Thabang ’me le tlōle ke thabo, kaha moputso oa lōna o moholo maholimong; etsoe ba ile ba hlorisa baprofeta ka tsela eo pele ho lōna.” (Mat. 5:11, 12) Ka mor’a hore baapostola ba otloe ba be ba laeloe hore ba khaotse ho ruta ka Jesu, ba ile “ba tloha ka pel’a Sanhedrine, ba thabile.” Ha se hore ba ne ba thabisitsoe ke hore ba otliloe. Empa ba ne ba thabile “hobane ba ne ba nkiloe e le ba tšoaneloang ke ho hlompholloa ka lebaka la lebitso la [Jesu].”—Lik. 5:41.

19 Le mehleng ena, ha bahlanka ba Jehova ba hlorisoa ka lebaka la lebitso la Jesu ba bile ba thulana le liteko baa mamella ebile ba lula ba thabile. (Bala Jakobo 1:2-4.) Joaloka baapostola, ha se hore re thabisoa ke ho utloisoa bohloko. Empa haeba re lula re tšepahalla Molimo ha re thulana le liteko, o tla re thusa hore re mamelle. Ka mohlala, ka August 1944, puso ea khatello e ile ea romela mor’abo rona Henryk Dornik le ngoan’abo kampong ea mahloriso. Bahanyetsi ba bona ba ile ba re: “Batho bana ba manganga, ha ho letho leo ba le lumelang. Ba thabisoa ke ho shoela tumelo.” Mor’abo rona Dornik o re: “Le hoja ke ne ke sa khahloe ke ho bolaeloa tumelo ea ka, ke ne ke thabisoa ke ho ba sebete le ho lula ke tšepahalla Jehova. . . . Lithapelo tse tlohang botebong ba pelo li ile tsa nkatametsa haufi le Jehova, ’me ho ile ha bonahala hore Jehova ke Mothusi ea tšepahalang.”

20. Ho sebeletsa “Molimo ea thabileng” ho na le melemo efe

20 Kaha Jehova ke “Molimo ea thabileng,” ha re amoheloa ke eena, rea thaba le ha re hlorisetsoa bolumeli ba rona kapa re hlorisoa ke litho tsa lelapa. Hape re thabisoa ke lintho tseo a re tšepisang tsona hobane a ke ke “a bua leshano.” (Tite 1:2) Re boetse re tla thaba ha re kula kapa ha re tsofala. (1 Tim. 1:11) Ha Jehova a phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae, re tla lebala thue ka mathata ’ohle ao re ileng ra thulana le ’ona. Paradeiseng, Jehova o tla re hlohonolofatsa haholo hoo re sitoang ho lekanya hona joale. Re tla tlola-tlola ha re “fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pes. 37:11.