Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Matla ’Ohle Empa oa re Qenehela

O Matla ’Ohle Empa oa re Qenehela

“[Jehova] o tseba sebōpeho sa rōna hantle, Oa hopola hore re lerōle.”PES. 103:14.

LIPINA: 30, 10

1, 2. (a) Jehova o fapana joang le batho ba nang le matla? (b) Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

BATHO ba nang le matla “ba rena ka thata holim’a” batho ba bang ebile baa ba hatella. (Mat. 20:25; Moek. 8:9) Jehova eena ha a joalo, o Matla ’Ohle empa oa re qenehela le hoja re sa phethahala. O mosa, o mohau, o re utloela bohloko hape oa tseba hore na re hloka’ng. Jehova “oa hopola hore re lerōle” ke kahoo a sa lebellang hore re etse lintho tseo re ke keng ra li khona.—Pes. 103:13, 14.

2 Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata e bontšang kamoo Jehova a ileng a qenehela bahlanka ba hae kateng. Sehloohong sena re tla bua ka e meraro ea eona. Oa pele ke ha Jehova a thusa Samuele ha a sa le monyane hore a bolelle Moprista ea Phahameng Eli molaetsa oa kahlolo. Oa bobeli ke oa ha Moshe a ne a hana ho etella Baiseraele pele empa Jehova a mo mamella. Oa ho qetela ke oa ha a qenehela Baiseraele ka hore a ba lokolle Egepeta. Re tl’o hlahloba hore na re ithuta’ng ka Jehova mehlaleng ena le hore na e ka re thusa joang.

NTATE OA RONA EA MOHAU

3. Samuele o ile a etsahalloa ke eng bosiung bo bong, hona re ka ipotsa’ng? (Sheba setšoantšo se qalong)

3 Samuele o ile a qala ho “sebeletsa Jehova” tabernakeleng a sa le monyane. (1 Sam. 3:1) Bosiung bo bong ha a ntse a robetse ho ile ha etsahala ntho e sa tloaelehang. * (Bala 1 Samuele 3:2-10.) O ile a utloa motho a mo bitsa eaba o ea ho Moprista Eli a matha a nahana hore ke eena. Ha a fihla ho eena o ile a re: “Ke ’na enoa, kaha u mpitsitse.” Empa Moprista a re haa mo bitsa. Kaha ntho eo e ile ea etsahala ka makhetlo a mang a mabeli, Moprista o ile a hlokomela hore Samuele o ntse a bitsoa ke Molimo eaba oa mo bolella hore na a re’ng ha a araba. Mohlomong oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a sebelisa lengeloi ho bolella Samuele hore ha se Moprista Eli ea ntseng a bua le eena. Bibele ha e hlakise taba ena, empa tsela eo Jehova a ileng a etsa lintho ka eona e bontša hore u ne a nahanela Samuele.

4, 5. (a) Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a hore Jehova a rome Samuele ho Moprista Eli? (b) Pale ea Samuele e re ruta’ng ka Jehova?

4 Bala 1 Samuele 3:11-18. Jehova o laela bana hore ba hlomphe batho ba holileng, haholo-holo ba nang le matla a bolaoli. (Ex. 22:28; Lev. 19:32) Joale ak’u nahane hore na Samuele o ne a ka ikutloa joang ha a ne a se a tlameha ho ea ho Moprista Eli ho ea mo bolella kahlolo ea Jehova. Bibele e re “Samuele o ne a tšaba ho bolella Eli se hlahileng.” Empa Jehova o ile a etsa hore Moprista Eli a hlakeloe hore ke eena ea bitsang Samuele. Kahoo, Moprista eo o ile a re Samuele a mo bolelle na ho etsahetseng le hore a ‘se ke a mo patela’ letho. Kaha Samuele o ne a mo hlompha o ile a “mo bolella mantsoe ’ohle.”

5 Moprista Eli o ne a sa makala kaha e ne e se lekhetlo la pele a utloa molaetsa ona hobane “Monna oa Molimo” ea sa boleloang ka lebitso o ne a kile a mo bolella oona. (1 Sam. 2:27-36) Pale ena e re ruta hore Jehova oa nahanela ebile o bohlale.

6. Re ithuta’ng paleng ea Samuele?

6 Pale ea Samuele e bontša hore Jehova o utloisisa mathata a hao le hore na u ikutloa joang le haeba u sa le monyane. Ho ka etsahala hore ebe u lihlong, u tšaba ho bolella batho ba baholo molaetsa oa Bibele kapa ha u batle ha lithaka tsa hao li u tšeha ka lebaka la lintho tseo u li lumelang. Haeba ho joalo, bolella Jehova tsela eo u ikutloang ka eona u kholisehile hore o ikemiselitse ho u thusa. (Pes. 62:8) Ithute hore na Jehova o ile a thusa bana ba bang joang bao lipale tsa bona li hlahang ka Bibeleng. Hape u ka buisana le Bakreste-’moho le uena ho sa tsotellehe hore na ba banyane kapa ba holile ba ileng ba thulana le mathata a tšoanang le a hao. Ba ka u phetela lipale tse monate tsa kamoo Jehova a ileng a araba lithapelo tsa bona kateng.

JEHOVA O HAUHELA MOSHE

7, 8. Jehova o ile a bontša joang hore o hauhela Moshe?

7 Ha Moshe a ne a le lilemo li 80, Jehova o ile a mo fa mosebetsi o boima oa ho lokolla Baiseraele bokhobeng Egepeta. (Ex. 3:10) O ne a utloa eka a ke ke a khona kaha a nkile lilemo tse 40 e le molisana. O ile a re: “’Na ke mang hore ke ee ho Faro le hore ke ntše bara ba Iseraele Egepeta?” Empa Molimo o ile a mo tiisetsa hore o ‘tla ba le eena.’ (Ex. 3:11, 12) O ile a boela a mo tšepisa hore banna ba baholo ‘ba tla mamela lentsoe la hae.’ Ho ntse ho le joalo Moshe o ile a re: “Empa a re re ha ba ntumele ’me ha ba mamele.” (Ex. 3:18; 4:1) Ha e le hantle Moshe o ne a hanyetsa Molimo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a mo mamella a ba a mo fa matla a hore a etse mehlolo. Ebile ke eena motho oa pele oa ho etsa mehlolo ka Bibeleng.—Ex. 4:2-9, 21.

8 Moshe o ile a boela a ipehela mabaka ka hore ha a tsebe ho bua hantle, eaba Molimo o re ho eena: “Ke tla ba le molomo oa hao ’me ke tla u ruta seo u tšoanetseng ho se bua.” Na Moshe o ile a fetola maikutlo? Che, ho e-na le hoo ka bonolo o ile a kopa hore Jehova a batle motho e mong. Boemong bona Jehova o ile a halefa kaha Moshe o ne a mo koatisitse. Ho ntse ho le joalo o ile a mo hauhela eaba o mo batlela ’muelli e leng Arone.—Ex. 4:10-16.

9. Moshe e ile ea e-ba moeta-pele ea joang ka lebaka la mamello ea Jehova?

9 Pale ee e re ruta’ng ka Jehova? Kaha o Matla ’Ohle, a ka be a ile a qobella Moshe hore a mo mamele. Empa ka mosa o ile a tiisetsa mohlanka enoa oa hae ea ikokobelitseng hore o tla mo thusa. Na Jehova o ne a hamela letanteng? Le letho, qetellong Moshe e ile ea e-ba moeta-pele ea ikhethang kaha o ne a sebelisana le batho ba bang ka tsela eo Jehova a sebelisanang le eena ka eona.—Num. 12:3.

Etsisa Jehova ha u sebelisana le batho ba bang.

(Sheba serapa sa 10)

10. Ho na le molemo ofe oa ho etsisa Jehova ka ho ba mosa?

10 Haeba o hlooho ea lelapa, motsoali kapa moholo, mohlala oa Moshe o ka u thusa ho phetha boikarabello ba hao. Ho bohlokoa hore u etsise Jehova ka hore u be mosa u be u mamelle batho bao u ba etellang pele. (Bakol. 3:19-21; 1 Pet. 5:1-3) Haeba u etsisa Jehova le Jesu ho tla ba bonolo hore batho ba bang ba u atamele ’me u tla ba khothatsa. (Mat. 11:28, 29) Hape batho ba bang ba tla rata ho u etsisa.—Baheb. 13:7.

O MOHAU LE HOJA A LE MATLA ’OHLE

11, 12. Jehova o ile a etsa’ng e le hore batho ba hae ba ikutloe ba sireletsehile?

11 Baiseraele ba tlohile Egepeta ka selemo sa 1513 pele Jesu a tla lefatšeng, ka nako eo, e ne e le sechaba sa batho ba ka ’nang ba feta limilione tse tharo. Sehlopheng seo ho ne ho e-na le bana, batho ba holileng, ba kulang le ba phelang le bokooa. Ho ne ho hlokeha moeta-pele ea lerato le ea tsotellang e le hore a tataise sechaba seo. Jehova e ile ea e-ba moeta-pele ea joalo a sebelisa Moshe. Baiseraele ba ne ba utloa ba sireletsehile ha ba tloha sebakeng seo ba ea ho seo ba neng ba e-so ka ba phela ho sona.—Pes. 78:52, 53.

12 Jehova o ile a etsa’ng e le hore batho ba hae ba ikutloe ba sireletsehile? O qalile ka ho ba ‘hlophisa’ hantle ha ba tsoa Egepeta. (Ex. 13:18) Tlhophiso ena e ile e tiisetsa Baiseraele hore Molimo oa ba tataisa. Jehova o ile a boela a ba fa “leru motšehare, bosiu bohle a ba tsamaisa ka khanya ea mollo” e le bopaki ba hore o har’a bona. (Pes. 78:14) Ho ne ho le joalokaha eka o re: “Le se ke la tšoha hobane ke na le lona, ke tla le tataisa ke be ke le sireletse.” Ha mathata a hlaha mantsoe ana a Jehova a ile a ba tiisa ’moko.

Jehova o ile a etsa’ng ho bontša hore o qenehela Baiseraele ha ba le Leoatleng le Lefubelu? (Sheba serapa sa 13)

13, 14. (a) Jehova o ile a thusa Baiseraele joang Leoatleng le Lefubelu? (b) O ile a etsa’ng ka Baegepeta?

13 Bala Exoda 14:19-22. Ak’u inahanele feela u se u le e mong oa Baiseraele joale le qabeletsoe pakeng tsa Leoatle le Lefubelu le lebotho la Faro le ntseng le le lelekisa. Ha u re mahlo tloha u bona leru le letšo le ema pakeng tsa lona le Baegepeta le ba sira hore ba se ke ba le bona empa ka lehlakoreng la lona le entse khanya e kholo. Ha u sa maketse, u bona Moshe a otlollela letsoho leoatleng ebe ho ba le moea o matla o arolang leoatle. Ntho e u makatsang ke hore uena le sechaba sohle le kena ka leoatleng le itsamaela hantle. Mohlolo o mong ke hore mona moo le tsamaeang teng ho omme ngo! ha ho na le qanthananyana feela.

14 Bala Exoda 14:23, 26-30. Kaha Faro oa ikhohomosa ebile ha a inahane, o tsoela pele ho le lelekisa. Kaha joale le se le tšetse, Moshe o boetse o otlollela letsoho leoatleng, metsi a khutla a potlakile a fihla a khahlellana. Faro le lebotho la hae ha ba na monyetla oa ho tlola.—Ex. 15:8-10.

15. Pale ea Baiseraele e u ruta’ng ka Jehova?

15 Pale ena e re ruta hore Jehova o hlophisehile, eleng ntho e etsang hore re ikutloe re sireletsehile. (1 Bakor. 14:33) O tšoana le molisa ea molemo kaha oa re hlokomela ebile o re thusa ka lintho tseo re li hlokang. Oa re tsotella ebile o re sireletsa khahlanong le lira tsa rona. Kahoo, rea khothala ha bofelo bo ntse bo atamela.—Liprov. 1:33.

16. Ho nahana ka pale ea ha Jehova a pholosa Baiseraele ho ka u thusa joang?

16 Jehova o re hlokomela re le sehlopha ebile o re thusa hore re mo tsebe. O tla etsa joalo le ka matšoenyeho a maholo a haufi le ho qala. (Tšen. 7:9, 10) Ho sa tsotellehe hore na re baholo kapa re banyane, re phetse hantle kapa re phela le bokooa, re ke ke ra tšoha nakong eo. * Empa re tla ba sebete re hopole mantsoe a Jesu a reng: “Le eme tsoee! ’me le phahamise lihlooho, hobane topollo ea lōna ea atamela.” (Luka 21:28) Re tla ema re tiile esita le ha Gogo a re hlasela e leng lichaba tsa tla beng li ikopantse tse matla ho feta lebotho la Faro. (Ezek. 38:2, 14-16) Ke eng e tla re thusa hore re be sebete? Re tla thusoa ke hore Jehova o ntse a e-s’o fetohe, o ntse a tla re sireletsa le ho re hlokomela.—Esa. 26:3, 20.

17. (a) Mehlala e hlahang ka Bibeleng e re thusa joang ho bona kamoo Jehova a re tsotellang kateng? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong se latelang?

17 Sehloohong sena re bone mehlala ea batho bao Jehova a ileng a ba qenehela, a ba bontša mosa, a ba tataisa a ba a ba sireletsa. Ha u ntse u nahanisisa ka mehlala ena ea bona, leka ho ithuta ntho e ’ngoe ka Jehova. Ha u etsa joalo, u tla ithuta a mang a makhabane a hae ’me u tla mo rata le ho feta, le tumelo ea hao e tla ba matla. Sehloohong se latelang re tl’o ithuta hore na re ka etsisa Jehova joang lapeng, phuthehong le tšimong

^ ser. 3 Rahistori e mong oa Mojuda ea bitsoang Josephus o re Samuele o ne a le lilemo li 12 ka nako eo.

^ ser. 16 Re ka utloisisa hore ba bang ba rona ba tla pholoha Armagedone ba le metoa. Empa rea tšeliseha ha re hopola hore Jesu o ile a “phekola lefu la mofuta o mong le o mong,” ’me taba eo e bontša hore na o tl’o re etsetsa’ng nakong e tlang. (Mat. 9:35) Athe bafu bona ba tl’o tsoha ba phetse hantle.