Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Nako Mang?

Ke Nako Mang?

HANGATA ha u batla ho tseba hore na ke nako mang u sheba oache. Le ha motho a u botsa ka eona ho na le moo u ka e shebang teng hore u mo bolelle. Mehleng ena ho na le mekhoa e mengata ea ho tseba hore na ke nako mang.

A re nke ka mohlala hore ke thapama joale hora ea pele e fetile ka metsotso e 30. Nako ena e bitsoa ka litsela tse fapaneng ho ea ka libaka ho fapana, libakeng tse ling e bitsoa 1:30 ha tse ling e bitsoa 13:30. Ho tse ling teng ho thoe ke metsotso e 30 pele ho hora ea bobeli.

Mohlomong oa ipotsa hore na batho ba mehleng ea Bibele ba ne ba tsebella nako kae empa ba ne ba se na lioache. Le bona ba ne ba e-na le mekhoa e mengata, mohlala Testamente ea Khale e bua ka “hoseng,” “motšehare,” le “mantsiboea.” (Gen. 8:11; 19:27; 43:16; Deut. 28:29; 1 Mar. 18:26) Maemong a mang ba ne ba khona ho bolela hantle hore na ke nako mang.

Mehleng eo motse o ne o hloka ho lebeloa, haholo-holo ha e le bosiu. Lilemo tse makholo pele Jesu a tla lefatšeng Baiseraele ba ne ba arotse bosiu likarolo tse tharo. (Pes. 63:6) Baahloli 7:19 e bua ka “tebelo ea har’a bosiu.” Mehleng ea Jesu teng Bajuda ba ne ba se ba sebelisa mokhoa oa Bagerike le Baroma oa ho arola bosiu likarolo tse ’ne.

Litebelo tsena li hlaha hangata ka Likosepeleng, ka mohlala, e ne e le ka “tebelo ea bone ea bosiu” ha Jesu a tsamaea holim’a leoatle a ea ho barutuoa ba hae ka sekepeng. (Mat. 14:25) Mohlala o mong ke oa ha Jesu a re: “Haeba mong’a ntlo a ne a tsebile hore na lesholu le tla ka tebelo efe, a ka be a ile a lula a falimehile ’me a se ke a lumella hore ntlo ea hae e thuhuoe.”—Mat. 24:43.

Jesu o ne a nahanne ka litebelo tseo tse ’ne ha a ne a re ho barutuoa ba hae: “Ka hona le lule le lebetse, kaha ha le tsebe hore na mong’a ntlo o tla neng, ebang ke ha e se e le mantsiboea kapa har’a mp’a bosiu kapa ha mokōkō o lla kapa hoseng haholo.” (Mar. 13:35) Tebelo ea pele e ne e qala “mantsiboea” ha letsatsi le likela ebe e fela ho elella horeng ea borobong bosiu. Ea bobeli eona e ne e qala ka hora ea borobong ebe e fela “har’a mpa ea bosiu.” Tebelo ea boraro e leng ea ‘pele mokōkō o lla,’ e ne e qala har’a mpa ea bosiu ebe e fela hoo e ka bang ka hora ea boraro hoseng. Mohlomong “mokōkō” oo Jesu a buileng ka oona o ile oa lla ka tebelo ena. (Mar. 14:72) Athe tebelo ea bone eona e leng “hoseng haholo,” e ne e qala hoo e ka bang horeng ea boraro ebe e fela ha letsatsi le chaba.

Re ka cho hore haesale batho ba tseba hore na ba ka sheba nako joang le hoja ba ne ba se na lioache mehleng ea khale.