Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 48

Le Phethe Lintho Tseo le Rerileng ho li Etsa

Le Phethe Lintho Tseo le Rerileng ho li Etsa

“Le phethe ho ho etsa.”​—2 BAKOR. 8:11.

PINA EA 35 “Nepisisa Lintho Tsa Bohlokoa Haholo”

SELELEKELA *

1. Jehova o re file bolokolohi ba ho etsa’ng?

JEHOVA o re file bolokolohi ba hore re ikhethele hore na re tla phela joang. O re ruta hore na re ka etsa liqeto tse nepahetseng joang hape o boetse o re thusa hore re atlehe ha re entse liqeto tse mo thabisang. (Pes. 119:​173) Ha re sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng, re tla etsa liqeto tse nepahetseng.​—Baheb. 5:14.

2. Re ka ’na ra ba le bothata bofe ka mor’a ho etsa liqeto?

2 Ka linako tse ling, re etsa liqeto tse nepahetseng empa bothata ebe ho li phetha. Nahana ka mehlala ena. Mor’abo rona e mocha o etsa qeto ea ho bala Bibele kaofela. O qala a ntse a tšoere hantle libekenyana tse seng kae empa ka mor’a nako o khathalloa ke pere. Morali’abo rona o etsa qeto ea ho ba pula-maliboho ea kamehla empa o lula a chechisa nako eo a neng a batla ho qala ka eona. Baholo ba etsa qeto ea ho etsa maeto a bolisa empa likhoeli lia feta ho se nko ho tsoa lemina. Ke ’nete hore maemo ana a fapane empa ho na le ntho eo a tšoanang ka eona. Batho bao re buileng ka bona ba entse liqeto empa ha baa ka ba li phetha. Bakreste ba neng ba lula Korinthe ba ne ba e-na le bothata bo tšoanang. A re boneng hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa bona.

3. Bakorinthe ba ile ba etsa qeto efe, empa ho ile ha etsahala’ng?

3 Hoo e ka bang ka selemo sa 55, Bakreste ba Korinthe ba ile ba etsa qeto ea bohlokoa. Ba ile ba utloela hore barab’abo bona ba lulang Jerusalema le Judea ba ne ba e-na le mathata ba bile ba futsanehile le hore liphutheho tse ling li ne li ntse li bokella chelete ho ba thusa. Bakorinthe ba ile ba e-ba mosa hore ba thusetse eaba ba botsa moapostola Pauluse hore na ba ka kenya letsoho joang. O ile a ba fa litaelo tsa hore na ba ka thusa joang a ba a khetha Tite ho ba thusa ho bokella menehelo. (1 Bakor. 16:1; 2 Bakor. 8:6) Leha ho le joalo, likhoeli tse ’maloa hamorao, Pauluse o ile a hlokomela hore Bakorinthe ba ne ba sa ntša monehelo joalokaha ba ne ba tšepisitse. Kahoo, limpho tsa bona li ne li ke ke tsa tsamaela hong le tsa liphutheho tse ling hore li ee Jerusalema.​—2 Bakor. 9:​4, 5.

4. Joalokaha ho bontšitsoe ho 2 Bakorinthe 8:​7, 10, 11, Pauluse o ile a khothalletsa Bakorinthe ho etsa’ng?

Bakorinthe ba ne ba entse qeto e nepahetseng ’me Pauluse o ile a ba babatsa ka hore ba na le tumelo e matla le hore ba ne ba e-na le takatso e ntle ea ho fana. Empa o ile a boela a tlameha ho ba khothalletsa ho phetha litšepiso tsa bona. (Bala 2 Bakorinthe 8:​7, 10, 11.) Mohlala oa bona oa re bontša hore le bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ka ’na ba thatafalloa ho phetha litšepiso tsa bona.

5. Re tl’o araba lipotso life?

Joaloka Bakorinthe, le rona re ka ’na ra thatafalloa ke ho phetha lintho tseo re itseng re tla li etsa. Hobane’ng? Kaha ha rea phethahala, hangata re etsa lintho tse se nang thuso pele ho tsa bohlokoa. Kapa ho ka ’na ha etsahala ntho eo re sa e lebellang e ka re sitisang ho phetha lintho tseo re neng re batla ho li etsa. (Moek. 9:​11; Bar. 7:​18) Re lokela ho etsa’ng e le hore re bone hore na qeto eo re ileng ra e etsa nakong e fetileng e nepahetse kapa hore na e lokela ho fetoloa? Hona re lokela ho etsa’ng e le hore re phethe lintho tseo re itseng re tla li etsa?

PELE RE ETSA QETO

6. Ke’ng e ka etsa’ng hore re fetole liqeto tseo re li entseng?

6 Ho na le liqeto tse ling tsa bohlokoa tseo re ke keng ra li fetola. Ka mohlala, re ema re sa cheche qetong eo re e entseng ea ho sebeletsa Jehova, hape re ikemiselitse ho lula re tšepahalla balekane ba rona. (Mat. 16:​24; 19:6) Empa ho na le liqeto tseo re ka tlamehang ho li fetola. Hobane’ng? Hobane maemo a fetoha. Ke’ng e ka re thusang ho etsa liqeto tse nepahetseng?

7. Re lokela ho rapella eng, hona hobane’ng?

7 Rapella bohlale. Jehova o ile a bululela Jakobo hore a re: “Haeba mang kapa mang oa lona a haelloa ke bohlale, a ’ne a kope Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle.” (Jak. 1:5) Ho isa boholeng bo itseng, kaofela ha rona re “haelloa ke bohlale.” Kahoo, kopa Jehova hore a u thuse ha u etsa qeto le ha u nahana ho fetola qeto eo u e entseng. Ka tsela ena, Jehova o tla u thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng.

8. U lokela ho etsa lipatlisiso life pele u etsa qeto?

8 Iphe nako ea ho etsa lipatlisiso. Bala Bibele le lingoliloeng tsa mokhatlo hape u kope thuso ho batho bao u ba tšepang. (Liprov. 20:​18) Ho etsa joalo ke habohlokoa pele u etsa qeto ea ho fetola mosebetsi, ea ho falla kapa ea ho batla mokhoa oa thuto o tla u thusa hore u khone ho iphelisa ha u ntse u sebeletsa Jehova.

9. Re tla rua molemo ofe haeba re itšepahalla?

9 E-ba le mabaka a utloahalang. Jehova o amehile ka hore na ke hobane’ng ha re etsa lintho. (Liprov. 16:2) O batla hore re tšepahale linthong tsohle. Kahoo, ha re etsa liqeto, re lokela ho itšepahalla re be re tšepahalle batho ba bang. Haeba re sa tšepahale, re ka ’na ra thatafalloa ke ho etsa lintho tseo re neng re itse re tla li etsa. Mohlala, mor’abo rona e mocha a ka ’na a etsa qeto ea ho ba pula-maliboho ea kamehla. Leha ho le joalo, ka mor’a nako o thatafalloa ke hore a finyelle lihora tse lebeletsoeng ’me a ka ’na a se hlole a natefeloa ke tšimo. A ka ’na a re lebaka la hae la ho nkela bopula-maliboho e ne e le ho thabisa Jehova. Empa ho ka etsahala hore ebe lebaka la hae la e ne e le ho khahlisa batsoali ba hae kapa motho e mong.

10. Re lokela ho etsang e le hore re etse liphetoho?

10 Nahana ka mohlala oa motho ea qalang ho ithuta Bibele ea etsang qeto ea ho tlohela ho tsuba. Beke kapa tse peli o tlohela ho tsuba empa ka mor’a moo o qalella hape. Empa qetellong o khona ho tlohela ka ho feletseng. O thusitsoe ke ho rata Jehova le ho batla ho mo khahlisa.​—Bakol. 1:​10; 3:23.

11. Ke hobane’ng ha u lokela ho tseba hantle hore na u batla ho etsa’ng?

11 Tseba hore na u batla ho etsa’ng. Ha u tseba hantle ho re na ke lintho life tseo u batlang ho li etsa, u tla nolofalloa ke hore u li phethe. Ka mohlala, e ka ’na eaba u entse qeto ea ho bala Bibele hangata kamoo u ka khonang. Haeba u se na nako eo u ipehetseng eona ea ho bala Bibele, u ka ’na oa se ke oa atleha. * Kapa baholo ba ka ’na ba etsa qeto ea ho etsa maeto a bolisa khafetsa empa ebe ka mor’a nako ho ntse ho e-s’o be le phetoho. E le hore ba atlehe, ba ka ipotsa lipotso tse kang: “Na ho na le bara le barali babo rona ba ka ruang molemo maetong a bolisa? Na re beheletse nako ea ho ba etela ka thoko?”

12. Re ka ’na ra lokela ho etsa’ng, hona hobane’ng?

12 Leka-lekanyetsa lintho. Ha re na nako, lintho kapa matla a ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re batlang ho e etsa. Kahoo, u lokela ho leka-lekanya lintho. Haeba ho khoneha, u ka ’na oa fetola qeto eo u e entseng haeba u bona hore u ke ke oa khona ho e phetha. (Moek. 3:6) A re re mohlomong u hlahlobile qeto ea hao bocha, u e fetotse mona le mane joale oa utloa hore u ka e phetha. A re hlahlobeng mehato e mehlano e ka re thusang ho phetha lintho tseo re rerileng ho li etsa.

MEHATO E KA U THUSANG HO PHELELA LIQETO

13. U ka ba le matla a hore u phethe liqeto tsa hao joang?

13 Rapela Jehova hore a u fe matla. Molimo a ka u fa matla a hore u etse liqeto u be u li phelele. (Bafil. 2:​13) Kahoo, kopa Jehova hore a u fe moea o halalelang o tla u fa matla ao u a hlokang. Lula u rapela le haeba u ke ke oa arabeloa hang-hang. Etsoe le Jesu o ile a re: “Le ’ne le kope, ’me le tla fuoa [moea o halalelang].”​—Luka 11:​9, 13.

14. Molao-motheo o ho Liproverbia 21:5 o ka u thusa joang u phelele liqeto tsa hao?

14 Iketsetse moralo. (Bala Liproverbia 21:5.) U hloka moralo e le hore u phethe ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u batlang ho e etsa. Ka mor’a moo, u lokela ho latela moralo oo. Ka tsela e tšoanang, ha u etsa qeto, ngola fatše lintho tsohle tse tla u thusa ho e phetha. Haeba ho na le mosebetsi o thata oo u lokelang ho u etsa, u etse hanyane ka hanyane e le ho bona ha u se u khathile tema. Pauluse o ile khothalletsa Bakorinthe hore ba behelle monehelo ka thoko “letsatsi le leng le le leng la pele la beke” ho e-na le ho o bokella nakong eo a fihlang. (1 Bakor. 16:2) Ho etsa mesebetsi hanyane ka hanyane ho ka u thusa hore u se ke oa ba le maikutlo a hore u ke ke oa khona ho e phetha.

15. Ha u qeta ho ngola fatše lintho tseo u batlang ho li etsa, u lokela ho etsa’ng?

15 Ha u ngola fatše lintho tseo u batlang ho li etsa, ho ba bonolo hore u li etse. (1 Bakor. 14:​40) Mohlala, baholo ba lokela ho khetha mor’abo rona e mong ea tla ngola lintlha, ea tla etsa mosebetsi o itseng le hore na mosebetsi oo o be o phethiloe neng. Ha baholo ba etsa joalo, ho tla ba bonolo hore ba etse lintho tseo ba rerileng ho li etsa. (1 Bakor. 9:​26) U ka etsa se tšoanang bophelong ba letsatsi le letsatsi. Mohlala, u ka etsa lethathamo la lintho tseo u batlang ho li etsa ’me u ngole ea bohlokoa ka holimo-limo. Ha u etsa joalo, u tla khona ho phetha lintho tseo u li rerileng hape u phethe le lintho tse ngata ka nako e khutšoanyane feela.

16. Ke eng hape eo u hlokang ho e etsa, hona Baroma 12:​11 e tšehetsa taba ee joang?

16 Ithukhubetse. U hloka ho sebetsa ka thata e le hore u etse lintho tsohle tseo u li ngotseng fatše le hore u qete tseo u li qalileng. (Bala Baroma 12:​11.) Pauluse o ile a bolella Timothea hore a ‘ikitlaetse’ le hore a mamelle e le hore e tle e be mosuoe ea hloahloa. Re ka sebelisa keletso ena ea Pauluse nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsetsang Jehova.​—1 Tim. 4:​13, 16.

17. Baefese 5:​15, 16 e re thusa joang hore re phethe lintho tseo re rerileng ho li etsa?

17 Sebelisa nako ea hao hantle. (Bala Baefese 5:​15, 16.) Behella ka thoko nako eo u batlang ho etsa lintho tseo u rerileng ho li etsa ’me u se ke oa e fetola. U se ke oa ipehela mabaka a hore u tla qala ho phetha lintho tseo u li rerileng ha maemo a loketse, hobane ho ka etsahala hore ebe ha ho mohla maemo a tla u lumella ka botlalo. (Moek. 11:4) U se ke oa lumella lintho tse se nang thuso ho u jella nako le ho u qeta matla a ho etsa lintho tsa bohlokoa. (Bafil. 1:​10) Haeba u khona, nako eo u e behellang ka thoko e be nako eo u ke keng oa khathatsoa hangata. Bolella batho ba bang e le hore ba se ke ba u sitisa. Koala fono ea hao ’me u bale melaetsa ea hao ha u qetile. *

18-19. U ka thusoa ke’ng hore u ’ne u leke ho phetha lintho tseo u rerileng ho li etsa le ha u thulana le mathata?

18 Nahana ka litholoana tseo u tla li khola ha u qetile mosebetsi. Litholoana tsa qeto eo u e entseng li ka tšoantšoa le moo leeto la hao le fellang teng. Haeba u fela u batla ho fihla moo u eang teng, u tla tsoela pele ka leeto leo le haeba tsela e koetsoe ’me u tlameha ho nka mothinya o mong hore u fihle moo u eang. Ka tsela e tšoanang, haeba re nahana ka litholoana tsa liqeto tseo re li entseng, re ke ke ra tela ha re thulana le mathata.​—Bagal. 6:9.

19 Ho etsa liqeto tse nepahetseng le ho li phetha ha ho bonolo. Empa Jehova a ka u fa bohlale le matla a hore u qete lintho tseo u li qalileng.

PINA EA 65 Tsoelang Pele

^ ser. 5 Na ka linako tse ling u ikoahlaela tse ling tsa liqeto tseo u ileng oa li etsa? Kapa na u thatafalloa ke ho etsa liqeto tse nepahetseng le hore u li phethe? Sehlooho sena se tl’o u thusa hore u hlole bothata bona le ho u thusa hore u phethe lintho tseo u rerileng ho li etsa.

^ ser. 11 E le hore u tsebe hore na u ka bala Bibele joang, sebelisa chate e hlahang ho jw.org® e nang le sehlooho se reng, “Schedule for Bible Reading.”

^ ser. 17 E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng tse ka u thusang hore u sebelise nako hantle, sheba sehlooho se reng “Litsela Tse 20 Tsa ho Ipha Nako e Eketsehileng” ho Tsoha! ea April 2010.