Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 45

Moea o Halalelang o re Thusa Joang?

Moea o Halalelang o re Thusa Joang?

“Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”​—BAFIL. 4:13.

PINA EA 104 Mpho e Tsoang ho Molimo

SELELEKELA *

1-2. (a) Ke’ng e re thusang ho mamella liteko letsatsi le letsatsi? Hlalosa. (b) Re tla hlahloba’ng sehloohong see?

KA LINAKO tse ling ha u nahana ka mathata ao u fetileng ho ’ona, oa bona hore ha oa a hlola ka matla a hao. Bongata ba rona re kile ra ikutloa ka tsela eo. Mohlomong e bile ka mor’a hore u kule haholo kapa ka mor’a ho hlokahalloa ke motho eo u mo ratang. Ha u hetla morao, oa hlokomela hore moea o halalelang o ile oa u fa “matla a fetang se tloaelehileng” hore u khone ho mamella letsatsi le letsatsi.​—2 Bakor. 4:​7-9.

2 Re boetse re hloka moea o halalelang hore o re thuse ho hana ho susumetsoa ke batho ba khopo ba lefatše lena. (1 Joh. 5:​19) Hape re hloka matla a ho loantša “makhotla a moea a khopo.” (Baef. 6:​12) Re tl’o hlahloba lintho tse peli tseo moea o halalelang o re thusang ka tsona ho hlola liteko tsena. Re tla boela re hlahlobe hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re fumane melemo ea moea o halalelang ka botlalo.

MOEA O HALALELANG O RE FA MATLA

3. Jehova o re thusa joang hore re mamelle liteko?

3 Moea o halalelang oa Jehova o re fa matla a hore re phethe boikarabelo ba rona ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ’ona. Moapostola Pauluse o re o ile a tsoela pele a sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata ao a neng a e-na le ’ona hobane o ne a tšepile “matla a Kreste.” (2 Bakor. 12:9) Ha a le leetong la bobeli la boromuoa, o ne a sa bolele litaba tse molemo feela empa o ne a boetse a sebetsa e le hore a koahele litšenyehelo tsa hae. Ha a le Korinthe, o ne a lula le Akuila le Prisilla. Ba ne ba etsa litente. Kaha Pauluse le eena o ne a etsa litente, ka linako tse ling o ne a sebetsa le bona. (Lik. 18:​1-4) Moea o halalelang o ne o fa Pauluse matla a hore a bolele litaba tse molemo a be a etse mosebetsi oa boipheliso.

4. Ho ea ka 2 Bakorinthe 12:7b-9, Pauluse o ne a e-na le bothata bofe?

4 Bala 2 Bakorinthe 12:7b-9. Pauluse o ne a bolela’ng ha a re o na le “moutloa nameng” litemaneng tsee? Haeba u ne u ka hlajoa ke motsu ’me u sa khone ho o ntša, u ne u tla lula u utloa bohloko haholo. Kahoo, Pauluse o ne a bua ka liteko tsa hae tse mo utloisang bohloko joaloka motsu oo. O ile a re mathata a hae a tšoana le ha “lengeloi la Satane” le ntse le mo jabela. Ho ka etsahala hore ebe ha se Satane le bademona ba hae ba baketseng Pauluse mathata ka ho toba ao e neng eka ke moutloa nameng. Empa ha meea eo e khopo e hlokomela “moutloa” o ho Pauluse, ho ka etsahala hore ebe e ne e utloa e batla ho o penyeletsa hore o kenelle hare e le hore Pauluse a utloe bohloko le ho feta. Pauluse o ile a etsa’ng?

5. Jehova o ile a arabela lithapelo tsa Pauluse joang?

5 Qalong, Pauluse o ne a batla hore Jehova a mo hlomolle. O re: “Ke ile ka kopa Morena [Jehova] . . . ka makhetlo a mararo mabapi le sena e le hore o ka tloha ho ’na.” Ho sa tsotellehe lithapelo tsa Pauluse, Jehova ha a ka a mo hlomolla. Na taba ee e bolela hore Jehova ha a ka a araba lithapelo tsa Pauluse? Che, o ile a li araba. Jehova ha a ka a hlomolla Pauluse empa o ile a mo fa matla a hore a mamelle bohloko boo. Jehova o ile a re: “Matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” (2 Bakor. 12:​8, 9) Ka thuso ea Jehova, Pauluse o ile a lula a thabile hape a e-na le khotso.​—Bafil. 4:​4-7.

6. (a) Jehova a ka araba lithapelo tsa rona joang? (b) Ke litšepiso life tse hlahang litemaneng tse serapeng tse u fang matla?

6 Na le uena joaloka Pauluse, u kile oa kopa Jehova hore a u ntše mathateng? Mohlomong u ile oa kopa Jehova ka makhetlo hore a tlose bothata boo empa ha boa ka ba ea moriting, ho e-na le hoo bo ile ba mpefala le ho feta. Na taba eo e ile ea etsa hore mohlomong u nahane hore Jehova ha a sa u rata? Haeba ho joalo, hopola mohlala oa Pauluse. Joalokaha Jehova a ile a araba lithapelo tsa Pauluse, kholiseha hore le uena o tla arabela tsa hao. Jehova a ka ’na a se ke a tlosa bothata ba hao. Empa a sebelisa moea o halalelang, o tla u fa matla a hore u mamelle bothata boo. (Pes. 61:​3, 4) Le hoja u ka joatlanngoa fatše, Jehova a ke ke a u tlohela feela.​—2 Bakor. 4:​8, 9; Bafil. 4:13.

MOEA O HALALELANG O RE THUSA HO LULA RE SEBELETSA JEHOVA

7-8. (a) Moea o halalelang o ka tšoana joang le moea o fokang? (b) Petrose o ile a hlalosa tsela eo moea o halalelang o sebetsang ka eona joang?

7 Moea o halalelang o ka boela oa re thusa joang? Joalokaha moea o thusa likepe hore li fihle moo li eang li bolokehile, moea o halalelang o re thusa hore re lule re sebeletsa Jehova le har’a mathata ho fihlela re il’o kena lefatšeng le lecha.

8 Kaha moapostola Petrose e ne e le motšoasi oa litlhapi, o ne a tloaelane le ho khanna likepe. Ke kahoo e ileng ea re ha a hlalosa hore na moea o halalelang o sebetsa joang, a ileng a o amahanya le puo e sebelisoang likepeng. O ile a re: “Etsoe ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho, empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “khannoa” le bolela “ho tsamaisoa” kapa “ho tataisoa.”​—2 Pet. 1:21

9. Petrose o ne a fana ka maikutlo afe ha a ne a bua ka “ho tataisoa”?

Petrose o ne a fana ka maikutlo afe ha a ne a bua ka “ho tataisoa”? Lentsoe le tšoanang la Segerike le ile la sebelisoa ke mongoli oa buka ea Liketso e leng Luka ha a ne a bua ka sekepe se ‘khannoang’ ke moea. (Lik. 27:​15) Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re ha Petrose a ne a ngola hore bangoli ba Bibele ba ile ba “tataisoa” ke moea o halalelang, o ile a sebelisa puo ea likepeng. Petrose o ile a re joalokaha moea o tsamaisa sekepe hore se fihle moo se eang, ka tsela e tšoanang le bangoli ba Bibele ba ile ba tataisoa ke moea o halalelang ho phetha mosebetsi oa bona. Setsebi seo sa Bibele se ile sa re: “Ho ne ho tšoana leha eka bangoli ba Bibele ba ne ba phahamisitse liseile tsa likepe tsa bona.” Jehova o ile a bapala karolo ea hae. O ile a etsa hore moea o foke kapa a fana ka moea o halalelang. Kahoo, bangoli ba Bibele ba ile ba khona ho etsa mosebetsi oo ba o filoeng. Ba ile ba latela tataiso ea moea o halalelang.

MOHATO OA 1: Lula u etsa mesebetsi eo Jehova a e fileng bahlanka ba hae hore ba e etse

MOHATO OA 2: Etsa mesebetsi ea Jehova kahohle kamoo u ka khonang (Sheba serapa sa 11) *

10-11. Ke lintho life tse peli tseo re lokelang ho li etsa e le hore moea o halalelang o re tataise? Etsa mohlala.

10 Mehleng ena, Jehova ha a sebelise moea o halalelang ho bululela batho hore ba ngole Bibele. Empa o sebelisa moea o halalelang ho fa bahlanka ba hae matla. Jehova o ntse a bapala karolo ea hae. Re ka etsa’ng e le hore re fumane melemo ea moea o halalelang ka botlalo? Re lokela ho etsa bonnete ba hore re lula re phetha karolo ea rona. Re ka etsa joalo joang?

11 Nahana ka mohlala ona. Mokhanni oa sekepe o lokela ho etsa lintho tse peli e le hore moea o mo thuse. Ea pele, o tlameha ho isa sekepe moo moea o fokang hobane sekepe se ke ke sa tsamaea haeba mokhanni oa sona a sa se ise moo ho nang le moea. Ea bobeli, mokhanni o lokela ho phahamisa liseile tsa sekepe le ho li bula. Ho hlakile hore le haeba moea o ntse o foka, sekepe se tla tsamaea hafeela liseile li khile moea. Ka tsela e tšoanang, le rona re tla tsoela pele re sebeletsa Jehova hafeela re thusoa ke moea o halalelang. E le hore re rue molemo ho oona, re tlameha ho etsa lintho tse peli. Ea pele, re lokela ho etsa lintho tseo moea oa Molimo o tataisang bahlanka ba hae hore ba li etse. Ea bobeli, re lokela ho “phahamisa liseile tsa rona” ka hore re etse lintho tseo kahohle kamoo re ka khonang. (Pes. 119:​32) Ha re etsa lintho tsena, moea o halalelang o tla re fa matla a hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela lefatšeng le lecha.

12. Re tl’o bua ka’ng?

12 Ho tla fihlela joale, re se re buile ka lintho tse peli tseo moea o halalelang o re thusang ka tsona. Moea o halalelang o re fa matla hape o re thusa hore re lule re tšepahala ha re tobane le liteko. O boetse o re thusa ho sebeletsa Jehova kamoo a batlang ’me ka lebaka leo re tla fumana bophelo bo sa feleng. Hajoale, a re hlahlobeng litsela tse ’ne tseo re ka li etsang e le hore re rue melemo ea moea o halalelang.

U KA RUA MELEMO EA MOEA O HALALELANG JOANG?

13. Ho ea ka 2 Timothea 3:​16, 17, Lentsoe la Molimo le tla etsa’ng, empa re lokela ho etsa’ng?

13 Ea pele, ithute Lentsoe la Molimo. (Bala 2 Timothea 3:​16, 17.) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “le bululetsoe ke Molimo” le bolela “le hemetsoe ke Molimo.” Molimo o ile a sebelisa moea oa hae ho “hemela” maikutlo a hae ka likelellong tsa bangoli ba Bibele. Ha re bala Bibele le ho thuisa ka lintho tseo re li balang, melao ea Molimo e kena ka likelellong le lipelong tsa rona. Menahano eo e bululetsoeng e ka etsa hore re fetole bophelo ba rona e le hore re khahlise Jehova. (Baheb. 4:​12) E le hore moea o halalelang o re thuse kahohle-hohle, re lokela ho ipha nako ea ho ithuta Bibele letsatsi le letsatsi le ho nahanisisa ka lintho tseo re li balileng. Ka tsela eo, Lentsoe la Molimo le tla re tataisa linthong tseo re li etsang le tseo re li buang.

14. (a) Ke hobane’ng ha re re moea o halalelang o teng libokeng? (b) Re ka thusoa ke’ng hore re rue molemo oa moea o halalelang ha re le libokeng?

14 Ea bobeli, sebeletsang Jehova hammoho. (Pes. 22:​22) Ka tsela e itseng, libokeng tsa rona tsa Bokreste ke moo “moea o fokang teng.” Moea oa Jehova o ba teng moo. (Tšen. 2:​29) Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ke hobane ha re le libokeng re rapella moea o halalelang, re bina lipina tse thehiloeng Bibeleng hape re mamela lipuo tsa barab’abo rona ba khethiloeng ka moea o halalelang. Hape moea o halalelang o thusa baralib’abo rona hore ba lokisetse le ho fana ka lipuo libokeng. Leha ho le joalo, e le hore moea o halalelang o re thuse ka botlalo, kaofela ha rona re lokela ho ea libokeng re lokiselitse e le hore re arabe. Ka tsela eo, ha re le libokeng re ba malala-a-laotsoe hore moea o halalelang o re thuse joaloka likepe tse butsoeng liseile.

15. Moea o halalelang o re thusa joang ha re le tšimong?

15 Ea boraro, bolela. Ha re sebelisa Bibele ho bolela le ho ruta ha re le tšimong, re lumella moea o halalelang hore o re thuse. (Bar. 15:​18, 19) Empa e le hore moea o halalelang o u thuse, u lokela hore kamehla u bolele litaba tse molemo hape u bue ka Bibele nako le nako ha u fumana monyetla. E le hore u ntlafatse tsela eo u buisanang le batho ka eona ha u le tšimong, u ka sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho e hlahang ho Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona.

16. Tsela e tobileng eo re ka fumanang moea o halalelang ka eona ke efe?

16 Ea bone, rapela Jehova. (Mat. 7:​7-11; Luka 11:​13) Tsela e tobileng eo re ka fumanang moea o halalelang ka eona ke ka hore re o kope ho Jehova ka thapelo. Ha ho na letho le ka sitisang Jehova hore a utloe lithapelo tsa rona kapa hore moea o halalelang o fihle ho rona, ebang ke mabota a literonko kapa Satane. (Jak. 1:​17) Re ka rapela joang e le hore moea o halalelang o re thuse? E le hore re arabe potso ena, a re hlahlobeng mohlala o amanang le thapelo o hlahang Kosepeleng ea Luka feela. *

LULA U PHEHELLA HA U RAPELA

17. Re ithuta’ng ka thapelo papisong eo Jesu a ileng a e etsa e hlahang ho Luka 11:​5-9, 13?

17 Bala Luka 11:​5-9, 13. Papiso ea Jesu ea re bontša hore na re ka rapella moea o halalelang joang. Monna ea hlahang papisong eo, o ile a fumana seo a neng a se batla “ka lebaka la ho qophella ha hae ho sebete.” Ha a ka a tšaba ho kopa motsoalle oa hae thuso le hoja e ne e le bosiu. (Sheba mwb18 July.) Jesu o ile a kopanya papiso ee le thapelo joang? O ile a re: “Le ’ne le kope, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa.” Kahoo, re ithuta’ng? E le hore moea o halalelang o re thuse, re lokela ho o rapella ka ho qophella.

18. Ho ea ka papiso ea Jesu, ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tla re fa moea o halalelang?

18 Papiso ea Jesu e boetse e re thusa ho bona hore na ke hobane’ng ha Jehova a tla re fa moea o halalelang. Monna ea hlahang papisong eo, o ne a batla ho hlokomela moeti oa hae. O ne a batla ho ngoathela moeti eo empa o ne a se na lijo. Jesu o re moahisane o ile a fa monna eo bohobe hobane a ne a mo qophelletse. Jesu o ne a hatisa ntlha efe moo? Haeba motho ea sa phethahalang o ile a utloa a tlameha ho thusa moahisane ka mor’a hore a mo phehelle, re ka kholiseha hore ntate oa rona ea lerato Jehova o tla re thusa ka ho re fa moea o halalelang ha re o kopa ka tieo. Kahoo, re ka kholiseha hore Jehova o tla arabela lithapelo tsa rona ha re kopa moea o halalelang.​—Pes. 10:​17; 66:19.

19. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore re ka ba le mamello?

19 Re kholisehile hore re ka lula re mamella ho sa tsotellehe hore na Satane o re hlasela hangata hakae. Hobane’ng? Hobane moea o halalelang o re thusa ka litsela tse peli. Ea pele, o re fa matla a ho mamella mathata. Ea bobeli, matla ana a re thusa hore re lule re sebeletsa Jehova ho fihlela re il’o re kotu! lefatšeng le lecha. Kahoo, a re ikemisetseng ho rua melemo ea moea o halalelang kahohle-hohle!

PINA EA 41 Ka Kopo, Utloa Thapelo ea ka

^ ser. 5 Sehlooho sena se hlalosa hore na moea o halalelang o re thusa joang hore re khone ho mamella mathata. Se boetse sea hlalosa hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re fumane melemo ea moea o halalelang ka botlalo.

^ ser. 16 Ho bangoli ba Likosepele, Luka ke eena ea re thusang ho utloisisa hantle hore na thapelo e ne e le bohlokoa hakae bophelong ba Jesu.​—Luka 3:​21; 5:​16; 6:​12; 9:​18, 28, 29; 18:1; 22:​41, 44.

^ ser. 59 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: MOHATO OA 1: Mora le morali’abo rona ba fihla Holong. Ha ba le libokeng le Bakreste-’moho ba moo, moea oa Jehova o leng hona teng. MOHATO OA 2: Ba lokiselitse e le hore ba arabe ka libokeng. Mehato e tšoanang ea sebetsa le linthong tseo re buileng ka tsona e leng ho ithuta Bibele, ho bolela le ho rapela Jehova.