Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 42

Jehova o Tla Etsa Hore U mo Sebeletse Joang?

Jehova o Tla Etsa Hore U mo Sebeletse Joang?

“Molimo ke eena. . . [ea] sebetsang ho lona e le hore le rate le be le sebetse.”​—BAFIL. 2:13.

PINA EA 104 Mpho e Tsoang ho Molimo

SELELEKELA *

1. Jehova a ka etsa’ng e le hore a phethahatse morero oa hae?

JEHOVA e ka ba eng kapa eng eo a batlang ho ba eona e le hore a phethahatse morero oa hae. Ka mohlala, ha re bua ka lintho tse seng kae feela, Jehova e ile ea e-ba Mosuoe, Motšelisi le Moevangeli. (Esa. 48:​17; 2 Bakor. 7:6; Bagal. 3:8) Ho ntse ho le joalo, hangata o sebelisa batho hore ba phethe merero ea hae. (Mat. 24:​14; 28:​19, 20; 2 Bakor. 1:​3, 4) Jehova a ka boetse a re fa bohlale le matla ao re a hlokang e le hore re etse eng kapa eng eo a e batlang ho phetha thato ea hae. Tsena ke tse ling tsa lintho tse hlalosang hore na lebitso la Jehova le bolela’ng ’me le litsebi tse ling tsa Bibele li cho joalo.

2. (a) Ke hobane’ng ha ka linako tse ling re ka ’na ra utloa eka Jehova ha a re sebelise? (b) Re tl’o hlahloba’ng sehloohong see?

2 Kaofela ha rona re batla hore Jehova a re sebelise e le hore a phethe merero ea hae, empa ba bang ba ka ’na ba ikutloa eka Jehova ha a ba sebelise. Hobane’ng? Hobane ba utloa eka ba ke ke ba khona ho sebeletsa Jehova kamoo ba neng ba batla kateng ka lebaka la lilemo, maemo a bophelo kapa bokhoni ba bona. Ka lehlakoreng le leng, ba bang bona ba khotsofaletse mosebetsi oo ba o etsetsang Jehova ’me ha ba bone ho hlokahala hore ba etse ho fetang hoo. Sehloohong sena, re tl’o ithuta hore na Jehova a ka re fa matla le takatso ea hore re phethe morero oa hae joang. Hape, re tla hlahloba kamoo Jehova a ileng a fa banna le basali ba hlahang ka Bibeleng matla le takatso ea hore ba mo sebeletse. Qetellong, re tla hlahloba hore na ke joang re ka lumellang Jehova hore a re sebelise.

JEHOVA O RE THUSA JOANG?

3. Jehova o re thusa joang ho ea ka Bafilipi 2:13?

3 Bala Bafilipi 2:​13. * Jehova a ka re fa takatso ea ho batla ho mo sebeletsa. A ka etsa joalo joang? A re re mohlomong ho na le Mokreste-’moho le uena ea hlokang thuso kapa mohlomong ho na le ntho e lokelang ho etsoa Holong. Kapa moholo o bala lengolo le tsoang lekaleng le hlalosang hore ho na le phutheho e hlokang thuso. Taba ena e ka etsa hore re ipotse, ‘Nka thusa joang?’ Kapa e ka ’na eaba u fuoe mosebetsi o thata ’me oa ipotsa hore na u tla khona ho o etsa hantle. Ka linako tse ling ka mor’a hore u bale litemana tse itseng tsa Bibele, u ka ’na oa ipotsa hore na u ka li sebelisa joang e le hore u thuse batho ba bang. Jehova a ke ke a re qobella hore re etse lintho. Empa haeba ho na le lintho tseo re ntseng re nahana ho li etsa, Jehova a ka re thusa hore re batle ho li etsa.

4. Jehova a ka re fa matla a hore re mo sebeletse joang?

4 Jehova a ka boetse a re fa matla a hore re mo sebeletse. (Esa. 40:​29) O etsa joalo joang? Ka hore a re fe moea o halalelang e le hore re ntlafatse bokhoni boo re nang le bona. (Ex. 35:​30-35) Jehova a ka sebelisa mokhatlo oa hae ho re ruta ho etsa mesebetsi e itseng. U ka kopa thuso haeba u sa tsebe hantle hore na u ka etsa mosebetsi oo u o fuoeng joang. U ka boetse oa kopa ntate oa rona ea seatla se bulehileng hore a u fe “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakor. 4:7; Luka 11:​13) Ka Bibeleng, ho na le mehlala ea banna le basali bao Jehova a ileng a ba fa matla le takatso ea hore ba mo sebeletse. Ha re ntse re hlahloba mehlala ena, leka ho nahana hore na Jehova a ka u sebelisa joang ka tsela e tšoanang.

JEHOVA O ILE A SEBELISA BANNA HO PHETHA MERERO EA HAE

5. Re ithuta’ng ka nako eo Jehova a ileng a khetha ho sebelisa Moshe ka eona ho lopolla Baiseraele?

5 Jehova o ile a etsa hore Moshe a lopolle Baiseraele. Empa o ile a mo sebelisa neng? Na e ne le nakong eo Moshe a neng a ikutloa a tšoaneleha, ka mor’a ho “rupeloa ka bohlale bohle ba Baegepeta”? (Lik. 7:​22-25) Che, ke feela ka mor’a hore Jehova a thuse Moshe hore ebe monna ea ikokobelitseng le ea bonolo a ileng a mo sebelisa. (Lik. 7:​30, 34-36) Jehova o ile a fa Moshe sebete sa hore a bue le morena ea matla ka ho fetisisa oa Egepeta. (Ex. 9:​13-19) Re ithuta’ng ka nako eo Jehova a ileng a khetha ho sebelisa Moshe ka eona? Re ithuta hore Jehova o sebelisa bahlanka ba hae ba itšetlehang ka eena hore a ba fe matla le ba lekang ho mo etsisa.​—Bafil. 4:13.

6. Re ithuta’ng tseleng eo ka eona Jehova a ileng a sebelisa Barzilai ho thusa Morena Davida?

6 Lilemo tse makholo hamorao, Jehova o ile a sebelisa Barzilai hore a thuse Morena Davida. Davida le batho ba neng ba e-na le eena ba ne ba “lapile ’me ba khathetse ebile ba nyoriloe” ha ba ntse ba baleha mora oa hae e leng Absalome. Le hoja Barzilai a ne a se a tsofetse, eena hammoho le batho ba bang ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba thuse Davida le batho ba neng ba e-na le eena. Barzilai ha a ka a etsa qeto ea hore Jehova a ke ke a hlola a mo sebelisa hobane a se a ile haholo lilemong. Ho e-na le hoo, o ile a sebelisa lintho tseo a neng a e-na le tsona ho thusa bahlanka ba Molimo ba neng ba hloka thuso. (2 Sam. 17:​27-29) Re ithuta’ng mohlaleng oa hae? Ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae, Jehova a ka re sebelisa ho thusa Bakreste-’moho le rona ka litlhoko tsa bona tsa mantlha, ebang ke ba naheng ea habo rona kapa ba linaheng tse ling. (Liprov. 3:​27, 28; 19:​17) Le haeba re sa khone ho ba thusa ka ho toba, re ka ntša monehelo o tla ba thusa nakong eo ba hlokang thuso.​—2 Bakor. 8:​14, 15; 9:11.

7. Jehova o ile a sebelisa Simeone joang, hona taba ee e re khothatsa joang?

7 Simeone e ne e le ntate-moholo ea tšepahalang ea neng a lula Jerusalema. Jehova o ile mo tšepisa hore a ke ke a shoa pele a bona Mesia. Haesale Simeone a emetse ho tla ha Mesia ka lilemo tse ngata, kahoo e tlameha ebe o ile a khothala haholo ha Jehova a mo fa tšepiso eo. Kaha o ne a e-na le tumelo le mamello, Jehova o ile a mo putsa. Ka letsatsi le leng, o ile a susumetsoa ke moea o halalelang hore a ee tempeleng. Ha a le moo, o ile a bona ngoana e monyenyane e leng Jesu ’me Jehova o ile a sebelisa Simeone ho profeta ka ngoana enoa eo e neng e tla ba Kreste. (Luka 2:​25-35) Le hoja e ka ’na eaba Simeone o ile a shoa pele Jesu a qala tšebeletso ea hae, o ile a ananela hore ebe Jehova o ile a mo sebelisa ka tsela eo ’me likholo li sa tla bakeng sa hae. Lefatšeng le lecha, Simeone o tla bona kamoo puso ea Jesu e tla tlisetsa batho litlhohonolofatso kateng. (Gen. 22:​18) Le rona re ananela litsela leha e le life tseo Jehova a re sebelisang ka tsona tšebeletsong ea hae.

8. Jehova a ka a re sebelisa joang joalokaha a ile a sebelisa Barnabase?

8 Mehleng ea baapostola, monna e mong ea bitsoang Josefa ea neng a fana haholo o ne a ikemiselitse ho sebelisoa ke Jehova. (Lik. 4:​36, 37) Baapostola ba ne ba mo bitsa Barnabase e bolelang “Mora oa Matšeliso,” mohlomong hobane o ne a tseba ho tšelisa batho. Mohlala, ka mor’a hore Saule e be Mokreste, Bakreste ba bang ba ne ba mo tšaba hobane o ne a kile a hlorisa phutheho ea Molimo. Empa Barnabase o ile a thusa Saule a ba a mo tšelisa ’me e ka ’na eaba Saule o ile a ananela haholo. (Lik. 9:​21, 26-28) Hamorao, baholo ba Jerusalema ba ile ba bona hore barab’abo bona ba neng ba lula Antioke ea Syria ba hloka ho khothatsoa. Ba ile ba roma mang? Ba ile ba etsa qeto e ntle hobane ba ile ba roma Barnabase. Bibele e re Barnabase o ile “a qala ho ba khothaletsa kaofela hore ba tsoele pele Moreneng ka morero o tsoang pelong.” (Lik. 11:​22-24) Ka tsela e tšoanang, le mehleng ena Jehova a ka re thusa hore re khone ho tšelisa bara le barali babo rona. Mohlala, a ka ’na a re sebelisa ho tšelisa batho ba oeleng ka phatla. Kapa a ka ’na a re susumeletsa ho letsetsa kapa ho etela motho ea kulang kapa ho khothatsa motho ea nang le khatello ea maikutlo. Na u tla lumella Jehova a u sebelise joalokaha a ile a sebelisa Barnabase?​—1 Bathes. 5:14.

9. Re ithuta’ng kamoo Jehova a ileng a thusa mor’abo rona Vasily kateng hore ebe molisa ea hloahloa?

9 Jehova o ile a thusa mor’abo rona e mong ea bitsoang Vasily hore ebe molisa ea hloahloa. Ha a ne a khethoa hore ebe moholo, o ne a le lilemo li 26 ’me o ne a nahana hore a ke ke a khona ho thusa bara le barali babo rona, haholo-holo ba neng ba e-na le mathata. Leha ho le joalo, baholo ba nang le boiphihlelo ba ile ba mo koetlisa a ba a koetlisoa le Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso. Mor’abo rona Vasily o ile a sebetsa ka thata e le hore a ntlafatse. Mohlala, o ile a etsa lethathamo la lintho tse nyane tseo a ka li etsang. Hanyane ka hanyane ha a ntse a etsa lintho tsena, o ile a khona ho itšepa haholoanyane. O re: “Lintho tseo ke neng ke tšaba ho li etsa nakong e fetileng, hona joale li nthabisa haholo. Ke ee ke utloe ke thaba hona hoo ha Jehova a nthusa ho fumana lengolo le nepahetseng leo nka le sebelisang ho tšelisa Mokreste-’moho le ’na.” Barab’abo rona, haeba joaloka mor’abo rona Vasily le batla hore Jehova a le sebelise, a ka le fa bokhoni ba hore le phethe boikarabelo boo a le fileng bona ka phuthehong.

JEHOVA O ILE A SEBELISA BASALI HO PHETHA MERERO EA HAE

10. Abigaile o ile a etsa’ng, hona re ithuta’ng mohlaleng oa hae?

10 Davida le batho ba hae ba ne ba lelekisoa ke Morena Saule ’me ba hloka thuso. Batho ba Davida ba ile ba kopa Moiseraele e mong ea ruileng ea bitsoang Nabale hore a ba fe lijo. Ba ile ba ikutloa ba lokolohile hore ba mo kope thuso kaha ba ne ba ile ba hlokomela mehlape ea hae lefeelleng. Empa kaha Nabale e ne e le moithati, o ile a hana ho ba thusa. Davida o ile a halefa haholo eaba o rera ho bolaea Nabale le monna e mong le e mong oa ntlo ea Nabale. (1 Sam. 25:​3-13, 22) Leha ho le joalo, mosali oa Nabale e motle e leng Abigaile o ne a le bohlale haholo. O ile a bontša sebete eaba o itihela fatše maotong a Davida, a mo kopa ka tieo hore a se ke a ba bolaea. Ka mosa oohle o ile a kopa Davida hore a tlohele litaba tseo matsohong a Jehova. Tsela e mosa le e bohlale eo Abigaile a ileng a bua le Davida ka eona e ile ea ama Davida pelo. O ile a bona hore Abigaile o ne a rometsoe ke Jehova. (1 Sam. 25:​23-28, 32-34) Abigaile o ile a sebetsa ka thata hore a be le makhabane a ileng a mo thusa hore a sebelisoe ke Jehova. Ka tsela e tšoanang, baralib’abo rona ba lokela hore ba be le temoho e le hore ba ka sebelisoa ke Jehova ho matlafatsa malapa a bona le batho ba bang ka phuthehong.​—Liprov. 24:3; Tite 2:​3-5.

11. Barali ba Shalume ba ile ba etsa’ng, hona ke bo-mang ba ba etsisang mehleng ee?

11 Lilemo tse makholo hamorao, barali ba Shalume ba ne ba le har’a batho bao Jehova a ileng a ba sebelisa ho lokisa marako a Jerusalema. (Neh. 2:​20; 3:​12) Le hoja Shalume e ne e le khosana, barali ba hae ba ne ba ikemiselitse ho etsa mosebetsi oo o thata le o kotsi. (Neh. 4:​15-18) Ba ne ba sa tšoane ho hang le banna ba hlomphehang ba Batekooa ba sa kang ba kenya letsoho mosebetsing o neng o etsoa. (Neh. 3:5) U nahana hore barali ba Shalume ba ile ba ikutloa joang ha mosebetsi oa ho haha lerako o fela ka matsatsi a 52 feela? (Neh. 6:​15) Le mehleng ena, ho na le baralib’abo rona ba ikemiselitseng ho etsetsa Jehova tšebeletso e khethehileng, e kang ho ba kahong le mafapheng a lokisang mehaho e sebelisoang bakeng sa borapeli ba Jehova. Re hloka barali bana babo rona ba nang le boiphihlelo, ba chesehang le ba tšepahalang e le hore mosebetsi ona o atlehe.

12. Jehova a ka re sebelisa joang joalokaha a ile a sebelisa Tabitha?

12 Jehova o ile a susumetsa Tabitha hore a ‘tlale liketso tse molemo le limpho tsa mohau’ haholo-holo bakeng sa bahlolohali. (Lik. 9:​36) Kaha o ne a le seatla se bulehileng a bile a le mosa, batho ba bangata ba ile ba utloa bohloko haholo ha a shoa. Empa ba ile ba thaba haholo ha moapostola Petrose a mo tsosa. (Lik. 9:​39-41) Re ka ithuta’ng ho Tabitha? Ho sa tsotellehe hore na re baholo, re banyane, re bo-’mè kapa bo-ntate, ho na le lintho tseo re ka li etsang ho thusa bara le barali babo rona.​—Baheb. 13:16.

13. Morali’abo rona e mong ea lihlong o ile a sebelisoa ke Jehova joang, ’me o ne a kholisehile ka’ng?

13 Morali’abo rona e mong ea lihlong eo lebitso la hae e leng Ruth o ne a batla ho ba moromuoa. Ha a ntse a le monyenyane, o ne a tloaetse hore a kene ka ntlo le ntlo kapele kamoo a ka khonang a fa batho lipampitšana. O re: “Ke ne ke rata mosebetsi ona haholo.” Empa o ne a thatafalloa ke ho bua le batho ka ho toba ka ’Muso oa Molimo. Le hoja morali’abo rona Ruth a ne a le lihlong hakaalo, e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla ha a le lilemo li 18. Ka 1946, o ile a ea Sekolong sa Bibele sa Gileade ’me hamorao a sebeletsa Hawaii le Japane. Jehova o ile a mo sebelisa haholo e le hore mosebetsi oa boboleli o ka etsoa libakeng tseo. Ka mor’a lilemo tse ka bang 80 a etsa mosebetsi ona oa boboleli, morali’abo Ruth o re: “Haesale Jehova a mpha matla. O nthusitse haholo hore ke hlole bothata ba ka ba ho ba lihlong. Ke kholisehile hore Jehova a ka sebelisa mang kapa mang ea mo tšepang.”

LUMELLA JEHOVA HORE A U SEBELISE

14. Bakolose 1:​29 e re re lokela ho etsa’ng haeba re batla ho sebelisoa ke Jehova?

14 Haesale ho tloha khale Jehova a sebelisa bahlanka ba hae ka litsela tse ngata tse fapaneng. Uena a ka u sebelisa joang? Ho itšetlehile ka hore na u ikemiselitse ho sebetsa ka thata hakae. (Bala Bakolose 1:​29.) Haeba u ikemiselitse ho sebelisoa ke Jehova, a ka etsa hore u be moevangeli ea chesehang, mosuoe ea hloahloa, u khone ho tšelisa ba bang, u tsebe mosebetsi, u tšehetse ba bang le hore u be eng kapa eng eo a e hlokang e le hore a phethe thato ea hae.

15. Ho ea ka 1 Timothea 4:​12, 15, barab’abo rona ba bacha ba ka kopa Jehova hore a ba thuse ho etsa’ng?

15 Re ka re’ng ka barab’abo rona ba bacha ba ntseng ba hola? Ho hlokeha barab’abo rona ba mafolofolo ba ka sebetsang e le bahlanka ba sebeletsang liphuthehong. Liphuthehong tse ngata, baholo ba bangata ho feta bahlanka ba sebeletsang. Na lona barab’abo rona ba bacha le ka se rate ho etsa mesebetsi e eketsehileng ka phuthehong? Ka linako tse ling mor’abo rona e mong a ka ’na a re, “ ’Na ke khotsofetse ka ho ba mohoeletsi feela.” Haeba u ikutloa ka tsela e tšoanang, kopa Jehova hore a u thuse u batle ho ba mohlanka ea sebeletsang le hore a u fe matla a hore u etse sohle seo u ka se khonang hore u mo sebeletse. (Moek. 12:1) Re hloka thuso ea lona!​—Bala 1 Timothea 4:​12, 15.

16. Re lokela ho kopa Jehova eng, hona hobane’ng?

16 Jehova a ka etsa hore u be eng kapa eng eo a e hlokang e le hore a phethe thato ea hae. Kahoo, mo kope hore a u thuse hore u be le takatso ea ho etsa mosebetsi oa hae le hore a u fe matla ao u a hlokang. Ho sa tsotellehe hore na u moholo kapa u monyane, sebelisa nako ea hao, matla le lintho tseo u nang le tsona ho tlotlisa Jehova esale hona joale. (Moek. 9:​10) Haeba u fuoa monyetla oa hore u sebeletse Jehova haholoanyane, u se ke oa potlakela ho o hana hobane u nahana hore u ke ke oa phetha kabelo ea hao hantle. Kannete re na le monyetla o babatsehang oa ho etsetsa Jehova eng kapa eng e mo fang thoriso e mo tšoanelang.

PINA EA 127 Ke Lokela ho ba Motho ea Joang?

^ ser. 5 Na u ee u lakatse eka u ka be u sebeletsa Jehova haholoanyane? Na u ee u utloe eka ha u sa le bohlokoa ho Jehova hore a ka u sebelisa? Kapa na u bona ho sa hlokahale hore u ntlafatse tsela eo u sebeletsang Jehova ka eona e le hore u mo sebeletse kamoo eena a batlang? Sehloohong sena, re tl’o bua ka litsela tse fapaneng tseo ka tsona Jehova a ka re fang matla le takatso ea ho etsa eng kapa eng eo a e batlang e le hore a phethe thato ea hae.

^ ser. 3 Le hoja Pauluse a ne ngolletse Bakreste ba mehleng ea hae lengolo lena, le ntse le sebetsa le ho bahlanka ba Jehova mehleng ena.