Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba lokela ho mamela temoso ha “sefefo” sa Molimo se ntse se atamela

Na Jehova o Fana ka Nako e Lekaneng Pele a Ahlola Batho?

Na Jehova o Fana ka Nako e Lekaneng Pele a Ahlola Batho?

SETSEBI sa tsa bolepi se sheba mochine o se thusang ho tseba ka maemo a leholimo a tlang. Ha se ntse se shebile, se bona leholiotsoana le tlang le lebile moo ho nang le baahi ba bangata. Kaha se tšoenyehile ka hore batho bao ba sireletsehe, se etsa sohle seo se ka se khonang ho ba lemosa ka leholiotsoana leo nako e sa lumela.

Ka tsela e tšoanang, Jehova o lemosa batho ka “sefefo” se kotsi ho feta seo e ka ’nang eaba ba kile ba se utloa litabeng tsa bolepi. O ba lemosa joang? Hape, re tseba joang hore Jehova o fa batho nako e lekaneng hore ba mamele temoso ea hae? E le hore re fumane likarabo, a re hlahlobeng mehlala ea nakong e fetileng ea moo Jehova a ileng a fana ka litemoso.

MOLIMO O ILE A BA LEMOSA ESALE PELE

Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, Jehova o ile a lemosa batho ka “lifefo” tse fapaneng kapa likahlolo tsa hae tseo a neng a tla li tlisetsa batho ba sa mameleng melao ea hae. (Liprov. 10:​25; Jer. 30:​23) Kamehla ha Jehova a ne a fana ka temoso, o ne a bolella batho ba sa mo mameleng esale pele hore na ho tla etsahala’ng. Hape o ne a ba bolella hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba phethe thato ea hae. (2 Mar. 17:​12-15; Neh. 9:​29, 30) E le hore a thuse batho hore ba etse liphetoho bophelong ba bona le hore ba utloisise hore ba lokela ho li etsa kapele, o ne a sebelisa bahlanka ba hae ba tšepahalang hore ba phatlalatse likahlolo tsa hae.​—Amose 3:7.

Motho e mong eo Molimo a ileng a mo sebelisa ho phatlalatsa likahlolo tsa hae ke Noe. Ka lilemo tse ngata, Noe o ile a ba sebete ho lemosa batho ba mehleng ea hae ba neng ba itšoere hampe le ba neng ba rata ntoa hore Molimo o tl’o felisa lefatše ka Moroallo. (Gen. 6:​9-13, 17) O ile a boela a ba bolella hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba pholohe. Noe o ne a itelletse ho bolela hoo hamorao a ileng bitsoa “ ’moleli oa ho loka.”​—2 Pet. 2:5.

Ho sa tsotellehe hore na Noe o ne a tiisitse hakae, batho bao ha baa ka ba mamela molaetsa oa Molimo oo a neng a ba joetsa oona. Ba ile ba bontša hore ha ba na tumelo ho hang. Ka lebaka leo, ba ile ba timela ha Moroallo “o tla ’me o ba hohola bohle.” (Mat. 24:​39; Baheb. 11:7) Ho hang ba ne ba ke ke ba re Molimo ha a ba lemosa.

Ka linako tse ling, Jehova o ne a lemosa batho ka “sefefo” sa likahlolo tsa hae ho setse nako e khutšoanyane feela. Ho ntse ho le joalo, o ne a etsa bonnete ba hore batho bao a tl’o ba ahlola ba ba le nako e lekaneng ea hore ba fetohe. Ka mohlala, o ile a lemosa Baegepeta esale pele ka Likotlo Tse Leshome. Jehova o ile a roma Moshe le Arone hore ba il’o lemosa Faro ka kotlo ea bosupa e leng ea sefako se linaka. Kaha sefako se ne se tla na letsatsing le hlahlamang, na Molimo o ile a fana ka nako e lekaneng ea hore batho ba ipatele koluoa eo? Bibele e re: “Mang kapa mang ea tšabang lentsoe la Jehova har’a bahlanka ba Faro a balehisetsa bahlanka ba hae le liphoofolo tsa hae tse ruiloeng ka matlung, empa mang kapa mang ea sa kang a beha pelo ea hae hore e ele hloko lentsoe la Jehova a tlohela bahlanka ba hae le liphoofolo tsa hae tse ruiloeng naheng.” (Ex. 9:​18-21) Ho hlakile hore Jehova o ile a fana ka temoso e hlokahalang ’me batho ba ileng ba nka khato hang-hang ha baa ka ba oeloa ke koluoa eo hampe joaloka ba sa kang ba mamela.

Faro le bahlanka ba hae ba ile ba boela ba lemosoa ka kotlo ea leshome. Leha ho le joalo, ka manganga ba ile ba hana ho mamela temoso eo. (Ex. 4:​22, 23) Ka lebaka leo, bara ba bona ba matsibolo ba ile ba shoa. Ruri ba ile ba hlaheloa ke ntho e bohloko! (Ex. 11:​4-10; 12:​29) Na ba ka be ba ile ba khona ho mamela temoso eo pele ba siuoa ke nako? Ho joalo! Ka potlako Moshe o ile a lemosa Baiseraele ka kotlo ea leshome ’me a ba bolella hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba sireletse malapa a bona. (Ex. 12:​21-28) Ke batho ba bakae ba ileng ba mamela litaelo tsa Moshe? Ho hakanngoa hore ke batho ba limilione tse tharo ho akareletsa Baiseraele le “sehlopha se seholo se tsoakaneng” sa Baegepeta le batho bao e seng Baiseraele ba ileng ba pholoha kahlolo ea Molimo eaba ba tsoa Egepeta.​—Ex. 12:38.

Joalokaha mehlala ena e bontša, kamehla Jehova o ne a etsa bonnete ba hore o fana ka nako e lekaneng ha a lemosa batho e le hore ba nke khato. (Deut. 32:4) Molimo o ne a susumetsoa ke’ng hore a etse joalo? Moapostola Petrose o ile a hlalosa hore Jehova “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Kannete Molimo o ne a tsotella batho. O ne a batla hore ba bake, ba be ba etse liphetoho pele a fana ka kahlolo.​—Esa. 48:​17, 18; Bar. 2:4.

NA RE MAMELA TEMOSO EA MOLIMO MEHLENG EE?

Le mehleng ena, batho bohle ba lokela ho mamela temoso ea bohlokoa e ntseng e phatlalatsoa lefatšeng lohle. Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ile a lemosa batho hore tsamaiso ena ea lintho e tla felisoa nakong ea “matšoenyeho a maholo.” (Mat. 24:​21) Ha a bua ka kahlolo eo, o ile a fana ka boprofeta bo hlalosang hore na balateli ba hae ba tla bona’ng le hore na ke lintho life tse tla etsahala ha nako eo e ntse e atamela. Jesu o ile a bua ka liketsahalo tsa bohlokoa tseo re li bonang li etsahala lefatšeng lohle mehleng ena.​—Mat. 24:​3-12; Luka 21:​10-13.

Ka lebaka leo, Jehova o khothalletsa motho e mong le e mong hore a mo mamele a be a mo sebeletse. O labalabela hore batho ba mo mamelang ba thabele bophelo hona joale esita le nakong e tlang lefatšeng le lecha. (2 Pet. 3:​13) Jehova o batla ho thusa batho hore ba be le tumelo ea hore o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. O ba thusa ka hore ba bolelloe molaetsa o tla pholosa bophelo ba bona. Molaetsa ona ke ‘litaba tse molemo tsa ’Muso,’ tseo Jesu a ileng a bua esale pele hore li tla “boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Mat. 24:​14) Molimo o hlophisitse barapeli ba hae hore ba khone ho phatlalatsa molaetsa oo linaheng tse ka bang 240. O batla hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba mamele temoso ea hae ’me ba pholohe “sefefo” se tlang sa kahlolo ea hae.​—Sof. 1:​14, 15; 2:​2, 3.

Kahoo, potso ea bohlokoa ha se hore na Jehova o fana ka nako e lekaneng e le hore batho ba mamele litemoso tsa hae. Re na le bopaki bo hlakileng ba hore kamehla o etsa joalo. Empa potso ea bohlokoa ke hore: Na batho ba tla mamela temoso ea Molimo nako e sa le teng? E se eka joaloka manģosa a Molimo, re ka thusa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba tle ba pholohe ha tsamaiso ena e fela.