Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 41

Lula U Tšepahala Nakong ea Matšoenyeho a Maholo

Lula U Tšepahala Nakong ea Matšoenyeho a Maholo

“Ratang Jehova, lona bohle ba tšepahalang ba hae. Jehova o sireletsa ba tšepahalang.”​—PES. 31:23.

PINA EA 129 Re Tla Lula re Mameletse

SELELEKELA *

1-2. (a) Baeta-pele ba lefatše ba tla etsa mohoo ofe haufinyane? (b) Ke lipotso life tseo re lokelang ho li araba?

A RE re mohlomong baeta-pele ba lefatše ba sa tsoa etsa mohoo oa “khotso le tšireletseho.” Ba ka ’na ba ikotla sefuba ka hore ba entse hore lefatše le be le khotso. Baeta-pele bao ba tla etsa hore re nahane hore ba rarollotse mathata ’ohle a batho. Empa ba ke ke ba khona ho thibela se tla etsahala ka mor’a moo. Hobane’ng? Ho latela boprofeta ba Bibele, “timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang . . . ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.”​—1 Bathes. 5:3.

2 Kahoo, ho na le lipotso tsa bohlokoa tseo re lokelang ho li araba: Ho tla etsahala’ng nakong ea “matšoenyeho a maholo”? Jehova o lebeletse hore re etse’ng ka nako eo? Re ka itokisa joang e le hore re tle re lule re tšepahala ka matšoenyeho a maholo?​—Mat. 24:21.

HO TLA ETSAHALA’NG NAKONG EA “MATŠOENYEHO A MAHOLO”?

3. Ho ea ka Tšenolo 17:​5, 15-18, Jehova o tla felisa “Babylona e Moholo” joang?

3 Bala Tšenolo 17:​5, 15-18. “Babylona e Moholo” o tla felisoa! Joalokaha ha ho se ho boletsoe pejana, baeta-pele ba lefatše ba ke ke ba khona ho thibela se tla etsahala. Hobane’ng? Hobane Jehova ‘o tla kenya ka lipelong tsa bona hore ba phethe monahano oa hae.’ Monahano oo ke ofe? Ke oa ho felisa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata ho akareletsa le malumeli a ipitsang ka hore ke a Bokreste. * Molimo o tla kenya monahano oa hae ka har’a lipelo tsa “linaka tse leshome” tsa “sebata se ’mala o sekareleta.” Linaka tse leshome li emela mebuso ea lipolotiki e tšehetsang “sebata” e leng mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. (Tšen. 17:​3, 11-13; 18:8) Ha mebuso eo ea lipolotiki e hlasela bolumeli ba bohata, hoo ho tla be ho bontša hore matšoenyeho a maholo a qalile. E tla ba ketsahalo ea hang-hang e tla tšosa motho e mong le e mong.

4. (a) Baeta-pele ba lefatše ba ka ’na ba ipha mabaka afe a ho hlasela bolumeli ba bohata? (b) Batho bao e neng e le litho tsa mekhatlo ea bolumeli ba bohata ba ka ’na ba etsa’ng?

4 Ha re tsebe hore na baeta-pele ba lefatše ba tla ipehela mabaka afe ha ba hlasela Babylona e Moholo. Ba ka ’na ba re Babylona e Moholo o sitisa hore ho be le khotso lefatšeng hape o kena-kenana le lipolotiki. Kapa, ba ka ’na ba re mekhatlo ea bolumeli e ipokeletse ka matlotlo le thepa e ngata. (Tšen. 18:​3, 7) Ha mebuso ea lefatše e felisa bolumeli ba bohata, e ke ke ea felisa motho e mong le e mong eo e leng setho sa bolumeli ba bohata. Empa ho bonahala eka mebuso e tla felisa mekhatlo ea bolumeli ba bohata. Hang ha mekhatlo eo e se e felisitsoe, batho bao e neng e le litho tsa eona ba tla bona hore baruti ba bona ba hlolehile ho phethahatsa lintho tseo ba neng ba li tšepisitse ebe litho tseo lia itokolla.

5. Jehova o tšepisitseng, hona hobane’ng?

5 Bibele ha e re bolelle hore na ho timetsoa ha Babylona e Moholo ho tla nka nako e kae empa ntho eo re e tsebang ke hore ho ke ke ha nka ka nako e telele. (Tšen. 18:​10, 21) Jehova o tšepisitse hore o tla “khutsufatsa matsatsi ao” e le hore “bakhethoa” le barapeli ba hae ba pholohe. (Mar. 13:​19, 20) Jehova o lebeletse hore re etse’ng ho tloha ha matšoenyeho a maholo a qala ho fihlela ntoeng ea Armagedone?

TSOELA PELE U SEBELETSA JEHOVA

6. E le hore re tsoe Babylona e Moholo, re boetse re lokela ho etsa’ng?

Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, Jehova o lebeletse hore barapeli ba hae ba tsoe ho Babylona e Moholo. Empa ha rea lokela ho fella moo feela. Re boetse re lokela ho ikemisetsa ho sebeletsa Jehova. A re hlahlobeng litsela tse peli tseo re ka etsang seo ka tsona.

E se eka re ke ke ra khaotsa ho bokana hammoho esita le haeba ho le thata (Sheba serapa sa 7) *

7. (a) Re ka emela melao ea Jehova ea boitšoaro ka tieo joang? (b) Lengolo la Baheberu 10:​24, 25 le hlalosa bohlokoa ba ho bokana hammoho esale hona joale joang?

7 Ea pele, re lokela ho emela ka tieo melao ea Jehova ea boitšoaro. Re ke ke ra lumella batho ba lefatše lena ba boitšoaro bo bobe hore ba re susumetse. Mohlala, ha re lumelle boitšoaro bo bobe ka tsela leha e le efe ho akareletsa le manyalo a batho ba bong bo tšoanang le mekhoa efe kapa efe e lumellang ho ratana ha batho bo bong bo tšoanang. (Mat. 19:​4, 5; Bar. 1:​26, 27) Ea bobeli, re lokela ho tsoela pele re bokana hammoho le Bakreste-’moho le rona. Re etsa joalo ka hohle kamoo re ka khonang, ebang ke Liholong Tsa ’Muso, malapeng a Lipaki tse ling kapa ka sekhukhu. Ha ho na letho le ka re sitisang ho bokana hammoho. Hona joale, re lokela ho bokana hammoho ‘kaha rea bona hore letsatsi le ntse le atamela.’​—Bala Baheberu 10:​24, 25.

8. Ho ka ’na ha etsahala hore molaetsa oo re tl’o o phatlalatsa o fetohe joang?

8 Ka matšoenyeho a maholo, molaetsa oo re o phatlalatsang o ka ’na oa fetoha. Hona joale, re bolela litaba tsa ’Muso oa Molimo hape re leka ho etsa barutuoa. Empa ka nako eo, molaetsa oo re tla o phatlalatsa o ka ’na oa otla sepekere hloohong. Bibele e o tšoantša le sefako se seholo. (Tšen. 16:​21) Re ka ’na ra bolela hore puso ea Satane e haufi le ho felisoa. Ka nako eo, re tla utloa hore na ke molaetsa ofe oo re tla o bolela le hore na re tla o bolela joang. Na ebe re tla sebelisa mekhoa e tšoanang le eo re neng re e sebelisa lilemong tse ka holimo ho lekholo tse fetileng ha re etsa mosebetsi oa boboleli? Kapa, na re tla fetola maoa? Re tla boka ha li oroha. Ho sa tsotellehe hore na re sebelisa mekhoa efe, re ka ’na ra ba le tokelo ea hore ka sebete re phatlalatse molaetsa oa Jehova oa kahlolo.​—Ezek. 2:​3-5.

9. Ho ka ’na ha etsahala hore baeta-pele ba lefatše ba etse’ng ha ba utloa molaetsa oa rona, empa ke’ng eo re kholisehileng ka eona?

9 Ho ka ’na ha etsahala hore ebe molaetsa oo re tl’o o phatlalatsa o tla etsa hore baeta-pele ba lefatše ba batle ho re koala melomo ka ho feletseng. Joalokaha re itšetlehile ka Jehova hona joale ha re etsa mosebetsi oa boboleli, le nakong eo re tla itšetleha ka eena hore a re thuse. Re kholisehile hore Molimo oa rona o tla re fa matla a hore re etse thato ea hae.​—Mik. 3:8.

LULA U LEBELETSE HORE BAHLANKA BA JEHOVA BA TLA HLASELOA

10. Ho ea ka Luka 21:​25-28, lintho tse tl’o etsahala nakong ea matšoenyeho a maholo, li tla etsa hore batho ba bangata ba ikutloe joang?

10 Bala Luka 21:​25-28. Ka matšoenyeho a maholo, batho ba tla tšoha ha ba bona lintho tse tla etsahala. Ba tla bona hore lintho tseo ba neng ba li tšepile tse kang lipolotiki, khoebo le lintho tse ling li qala ho felloa ke matla. Ba tla utloa “bohloko bo boholo” ba be ba tšoenyehe ka hore ba ka ’na ba bolaoa nakong eo e sisimosang habohloko. (Sof. 1:​14, 15) Ka nako eo, lintho li ka ’na tsa e-ba thata le ho bahlanka ba Jehova. Kaha re lula re se karolo ea lefatše, re ka ’na ra thulana le mathata a boima. Ho ka ’na ha etsahala hore re hloke lintho tse itseng.

11. (a) Ke hobane’ng ha baeta-pele ba lefatše ba tla lebisa tlhokomelo ea bona ho Lipaki Tsa Jehova? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoha matšoenyeho a maholo?

11 Ho ka ’na ha etsahala hore batho ba bang bao bolumeli ba bona bo felisitsoeng ba koatele Lipaki Tsa Jehova ha li ntse li itsoella pele ka mosebetsi oa tsona. Kaha ba tla be ba koatile, u se u ka inahanela feela hore na ke melaetsa ea mofuta ofe eo ba tla e bolella batho Inthaneteng. Baeta-pele ba lefatše le ’musi oa bona e leng Satane, ba tla re hloea hobane bolumeli ba rona ke bona feela bo sa felisoang. Ba tla be ba sa fihlela morero oa bona oa ho felisa ntho eo ho thoeng ke bolumeli lefatšeng. Kahoo, ba tla lebisa tlhokomelo ea bona ho rona. Mothating ona, baeta-pele ba lefatše e tla ba Gogo oa Magogo. * Ba tla ikopanya ebe ba hlasela bahlanka ba Molimo. (Ezek. 38:​2, 14-16) Re ka ’na ra tšoenyeha ka hore na ho tla etsahala’ng ka matšoenyeho a maholo, haholo-holo hobane ha re tsebe lintlha kaofela. Ntho eo re e tsebang ke hore ha rea lokela ho tšoha matšoenyeho a maholo. Jehova o tla re fa litaelo tse tla re thusa. (Pes. 34:​19) Re tla ‘ema tsoee! ’me re phahamise lihlooho’ hobane re tla be re tseba hore ‘topollo ea rona e atametse.’ *

12. “Lekhoba le tšepahalang” le ile la re thusa joang hore re itokise?

12 “Lekhoba le tšepahalang” le re thusitse hore re tle re lule re tšepahala nakong ea matšoenyeho a maholo. (Mat. 24:​45) Le sebelisitse mekhoa e mengata empa re tla bua ka mohlala o le mong, e leng oa likopano tsa setereke tsa 2016-2018. Lipuo tsa likopano tseo, li ne li re khothalletsa ho ba le makhabane a tla re thusa ha letsatsi la Jehova le ntse le atamela. A re ke re bueng ka makhabane ao ho se hokae.

LULANG LE MATLAFATSA BOTŠEPEHI BA LONA, MAMELLO LE SEBETE

Itokise esale hona joale e le hore u tle u pholohe “matšoenyeho a maholo” (Sheba serapa sa 13 ho ea ho sa 16) *

13. Re ka matlafatsa botšepehi ba rona ho Jehova joang, hona ke hobane’ng ha re lokela ho etsa joalo esale hona joale?

13 Botšepehi: Sehlooho sa kopano ea setereke ea 2016 se ne se re: “Lula U Tšepahala ho Jehova.” Lenaneo lena le ile la re ruta hore haeba re e-na le kamano e ntle le Jehova, re tla lula re mo tšepahalla. Re ile ra hopotsoa hore re ka ba metsoalle ea Jehova haeba re mo rapela ka tieo re bile re ithuta Lentsoe la hae letsatsi le letsatsi. Ha re etsa joalo, re fumana matla a ka re thusang hore re hlole le mathata a boima ao re ka bang le ’ona. Botšepehi ba rona ho Jehova le ho ’Muso oa hae bo tla lekoa le ho feta ha matšoenyeho a maholo a ntse a atamela. Ka nako eo, batho ba ka ’na ba re soma. (2 Pet. 3:​3, 4) Le leng la mabaka a ka sehloohong ke hobane ha re etse lintho tse etsoang ke batho ba busoang ke Satane. Re lokela ho matlafatsa botšepehi ba rona esale hona joale e le hore re tle lule re tšepahala ka matšoenyeho a maholo.

14. (a) Ho tla ba le phetoho efe ka barab’abo rona ba etellang pele? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepahala ka mor’a hore batlotsuoa ba ee leholimong?

14 Ka matšoenyeho a maholo, lintho li tla fetoha ho barab’abo rona ba etellang pele. Ka nako eo, batlotsuoa bohle ba tla beng ba ntse ba le lefatšeng, ba tla nkeloa leholimong e le hore ba ka kenya letsoho ntoeng ea Armagedone. (Mat. 24:​31; Tšen. 2:​26, 27) Sena se bolela hore ho tla be ho se ho se na Sehlopha se Busang. Leha ho le joalo, bongata bo boholo bo tla lula bo hlophisehile. Barab’abo rona ba khethiloeng ba tla bo etella pele. Re lokela ho bontša hore re tšepa Jehova ka hore re mamele litaelo tseo a tla li fa bara bana babo rona. Bophelo ba rona bo tla itšetleha ka litaelo tseo.

15. Re ka etsa’ng e le hore re lule re e-na le mamello, hona ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re etse joalo hona joale?

15 Mamello: Sehlooho sa kopano ea 2017 se ne se re “Mamellang!” Kopano ena e ile ea re thusa hore re ikemisetse ho mamella liteko. Re ile ra bona hore ha rea lokela ho mamella feela ha lintho li re tsamaela hantle. Kopano eo e ile ea boela ea re thusa ho bona hore e le hore re khone ho mamella, re lokela ho itšetleha ka Jehova. (Bar. 12:​12) E se eka re ka lula re hopola mantsoe a Jesu a reng: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Mat. 24:​13) Mantsoe ana a bolela hore re lokela ho lula re tšepahala ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ’ona. Haeba re mamella mathata hona joale, tumelo ea rona e tla ba matla pele matšoenyeho a maholo a qala.

16. Re ka etsa’ng e le hore re be sebete, hona re ka thusoa ke’ng hore re be sebete esale hona joale?

16 Sebete: Sehlooho sa kopano ea 2018 se ne se re: “E-ba Sebete!” Lipuo tsa kopano ena li ile tsa re hopotsa hore ha e le hantle motho ea sebete ha a itšetleha ka bohlale kapa matla a hae. Joalokaha re lokela ho itšetleha ka Jehova e le hore re be le mamello, re boetse re lokela ho itšetleha ka eena haeba re hloka ho ba sebete. Re ka ikemisetsa ho tšepa Jehova le ho feta joang? Ka hore re bale Bibele letsatsi le letsatsi re be re nahanisise ka hore na Jehova o ile a thusa bahlanka ba hae joang nakong e fetileng. (Pes. 68:​20; 2 Pet. 2:9) Ha baeta-pele ba lefatše ba re hlasela ka matšoenyeho a maholo, re tla lokela ho ba sebete hape re tšepe Jehova ho feta leha e le neng pele. (Pes. 112:​7, 8; Baheb. 13:6) Haeba re itšetleha ka Jehova hona joale, re tla ba sebete nakong eo Gogo a re hlaselang. *

LEBELLANG TOPOLLO EA LONA KA TJANTJELLO

Haufinyane, Jesu hammoho le mabotho a leholimo ba tla felisa lira tsa Molimo ntoeng ea Armagedone (Sheba serapeng sa 17)

17. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoha ntoa ea Armagedone? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

17 Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, boholo ba rona re phetse matsatsing a ho qetela. Empa re boetse re na le tšepo ea ho pholoha matšoenyeho a maholo. Ntoa ea Armagedone e tla felisa puso ea Satane. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho tšoha. Hobane’ng? Hobane ntoa eo e tla ba ea Jehova ’me re ke ke ra loana. (Liprov. 1:​33; Ezek. 38:​18-20; Zak. 14:3) Ha Jehova a fana ka taelo, Jesu Kreste o tla etella lebotho la Molimo hore le ee ntoeng. O tla be a e-na le batlotsuoa bohle hammoho le likete-kete tsa mangeloi. Ba tla loantša Satane le bademona ba hae hammoho le baeta-pele ba lefatše.​—Dan. 12:1; Tšen. 6:2; 17:14.

18. (a) Jehova o tšepisitse’ng? (b) Ke hobane’ng ha Tšenolo 7:​9, 13-17 e etsa hore re be le tšepo e tiileng ka bokamoso?

18 Jehova o tšepisitse hore “sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.” (Esa. 54:​17) Bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba “bongata bo boholo,” ba tla ‘tsoa matšoenyehong a maholo’ ba ntse ba phela. Ka mor’a moo, ba tla tsoela pele ba mo sebeletsa. (Bala Tšenolo 7:​9, 13-17.) Kannete, Bibele e re fa mabaka a ho kholiseha hore re tla sireletsoa nakong e tlang. Hape rea tseba hore “Jehova o sireletsa ba tšepahalang.” (Pes. 31:​23) Batho bohle ba ratang Jehova le ba mo rorisang, ba tla thaba ha ba bona a etsa hore lebitso la hae le hlomphehe.​—Ezek. 38:23.

19. Re tla thabisoa ke’ng nakong e tlang?

19 U nahana hore 2 Timothea 3:​2-5 e ne e tla re’ng ha e bua ka batho ba phelang lefatšeng le lecha le sa susumetsoeng ke Satane? (Sheba lebokose le reng “ Tsela eo Batho ba Tla ba ka Eona.”) Mor’abo rona George Gangas * eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang, o ile a e hlalosa tjena: “Ho tla ba monate lefatšeng ha batho bohle ba se ba sebeletsa Jehova! Haufinyane u tla ba le monyetla oa ho phela lefatšeng le lecha. Kaha Jehova o tla lula a le teng, u tla lula u ntse u phela. Re tla phela ka ho sa feleng.” Litaba tsena ke tse thabisang e le kannete!

PINA EA 122 E-bang Sebete ’Me le be Matla

^ ser. 5 Rea tseba hore “matšoenyeho a maholo” a tla qala haufinyane. Ho tla etsahala’ng ka bahlanka ba Jehova ka nako eo? Jehova o lebeletse hore ba tle ba etse’ng? Ke makhabane afe ao re a hlokang e le hore re tle re lule re tšepahala nakong ea matšoenyeho a maholo? Re tla fumana likarabo tsa lipotso tsena sehloohong sena.

^ ser. 3 TLHALOSO: Malumeli a ipitsang ka hore ke a Bokreste ke a reng a mamela litaelo tsa Jesu empa a sa sebeletse Jehova ka tsela eo a batlang hore re mo sebeletse ka eona.

^ ser. 11 TLHALOSO: Gogo oa Magogo (ha e khutsufalitsoe ke Gogo) ke ha baeta-pele ba lefatše ba ikopanya hore ba hlasele batho ba Jehova ka matšoenyeho a maholo.

^ ser. 11 E le ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka liketsahalo tse tla etsahala pele ho ntoa ea Armagedone, sheba buka ea ’Muso oa Molimo oa Busa khaolo ea 21. Ho tseba haholoanyane ka ho hlasela ha Gogo oa Magogo le kamoo Jehova a tla sireletsa batho ba hae ka Armagedone, sheba Molula-Qhooa oa July 15, 2013 maqephe 3-8, le oa July 15, 2015 maqephe 14-19.

^ ser. 16 Kopano ea setereke ea 2019 e nang le sehlooho se reng: “Lerato ha le Fele le ka Mohla!” eona e re kholisa hore ka lerato Jehova o tla lula a re sirelelitse.​—1 Bakor. 13:8.

^ ser. 19 Sheba sehlooho se reng “Mesebetsi ea Hae ea mo Latela” ho Molula-Qhooa oa December 1, 1994.

^ ser. 65 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ka sebete sehlopha sa Lipaki se tšoarela liboka ka morung nakong ea matšoenyeho a maholo.

^ ser. 67 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba bongata bo boholo ba tla tsoa matšoenyehong a maholo ba ntse ba phela ba bile ba thabile!