Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 43

Sebeletsa Jehova a le Mong Feela

Sebeletsa Jehova a le Mong Feela

“Jehova ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng.”​—NAH. 1:2.

PINA EA 51 Re Sebeletsa Molimo

SELELEKELA *

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebeletsa Jehova a le mong feela?

RE LOKELA ho sebeletsa Jehova a le mong feela kaha ke ’Mopi oa rona hape ke eena ea re fileng bophelo. (Tšen. 4:​11) Empa re lokela ho ba hlokolosi. Le hoja re rata Jehova ebile re mo hlompha, ho na le lintho tse ling bophelong tseo e ka bang tsa bohlokoa hoo li ka re sitisang ho mo sebeletsa a le mong feela. Re hloka ho utloisisa hore na seo se ka etsahala joang. A re qaleng pele ka ho hlahloba hore na ho sebeletsa Jehova a le mong feela ho bolela’ng.

2. Ho ea ka Exoda 34:​14, re tla etsa’ng haeba re rata Jehova ka ho tebileng?

2 Ho ea ka Bibele, ha motho a rata Jehova ka ho tebileng, o rapela eena a le mong feela. Re ke ke ra lumella ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe ho re sitisa ho rata Jehova ka lipelo tsohle tsa rona.​—Bala Exoda 34:14.

3. Ke hobane’ng ha re e-na le mabaka a ho rata Jehova?

3 Re na le mabaka a ho rata Jehova. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ke hobane ho na le lintho tseo re ithutileng tsona ka eena. Re rata makhabane a hae. Rea tseba hore na Jehova o rata’ng le hore na ha a rate’ng ’me re ikutloa ka tsela e tšoanang. Re utloisisa morero oa hae ka batho ’me re phela tumellanong le thato ea hae. Re motlotlo hore ebe o re lumelletse hore re be metsoalle ea hae. (Pes. 25:​14) Lintho tsohle tseo re ithutang tsona ka ’Mopi oa rona li etsa hore re atamele haufi le eena.​—Jak. 4:8.

4. (a) Diabolose o sebelisa’ng e le hore re se ke ra rata Jehova a le mong feela? (b) Re tl’o hlahloba’ng sehloohong see?

4 Diabolose o laola lefatše lena ’me o le sebelisa ho etsa hore lintho tseo re li ratang e be tsa bohlokoa haholo ho rona. O boetse o sebelisa lefatše ho etsa hore ho be thata ho hlola litakatso tsa rona tse fosahetseng. (Baef. 2:​1-3; 1 Joh. 5:​19) O batla hore re rate le lintho tse ling ho e-na le ho rata Jehova a le mong feela. A re hlahlobeng litsela tse peli tseo a ka etsang joalo ka tsona. Ea pele, o leka ho re susumelletsa hore re rate maruo. Ea bobeli, o leka ho etsa hore re se ke ra etsa liqeto tse nepahetseng ha re khetha boithabiso.

IKELE HLOKO HORE U SE KE OA RATA CHELETE

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho itebela e le hore re se ke ra iphumana re rata chelete?

5 Kaofela ha rona re batla ho ba le lijo tse lekaneng, liphahlo tse ntle le mahae a matle. Leha ho le joalo, re lokela ho itebela e le hore re se ke ra iphumana re rata chelete. Mehleng ena, batho ba bangata ke “ba ratang chelete” le maruo. (2 Tim. 3:2) Jesu o ne a tseba hore balateli ba hae ba ka ’na ba oela lerabeng lena. O ile a re: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” (Mat. 6:​24) Motho ea sebeletsang Jehova a boetse a qeta nako e ngata a leka ho batla maruo a lefatše lena ho tšoana leha eka o sebeletsa benghali ba babeli. O tla be a sa sebeletse Jehova a le mong feela.

Kamoo batho ba bang ba phutheho ea laodisia ba neng ba inka kateng . . . Kamoo jehova le jesu ba neng ba ba bona kateng (Sheba serapa sa 6)

6. Re ka ithuta’ng mantsoeng ao Jesu a ileng a bua ha a khalemela phutheho ea Laodisia?

Pele ho selemo sa 100, phutheho ea Laodisia e ile ea ithorisa ea re: “Ke ruile ’me ke fumane maruo ’me ho hang ha ke hloke letho.” Empa mahlong a Jehova le Jesu, phutheho eo e ne e le ‘soto ’me e haula ebile e futsanehile, e foufetse ebile e hlobotse.’ Jesu ha a ka a ba khalemela hobane ba ruile empa hobane ba ne ba rata chelete haholo hoo kamano ea bona le Jehova e neng e senyeha. (Tšen. 3:​14-17) Haeba re hlokomela hore re se re qala ho rata chelete re lokela hore kapele kamoo re ka khonang re fetole tsela eo re nahanang ka eona. (1 Tim. 6:​7, 8) Haeba re sa etse joalo, re ke ke ra rata Jehova a le mong feela ’me Jehova a ke ke a amohela borapeli ba rona. Jehova ke Molimo ea “batlang boinehelo bo khethehileng.” (Deut. 4:​24) Ke lintho life tse ka bontšang hore chelete e se e le ea bohlokoa ho feta tekano bophelong ba rona?

7-9. Re ithuta’ng mohlaleng oa Mor’abo rona David?

7 Ak’u nahane ka Mor’abo rona David ea sebetsang ka thata, eo e leng moholo ea lulang Amerika. O re o ne a le hloahloa mosebetsing. O ile a nyolloa mosebetsing, a ekelletsoa moputso ’me o ne a balelloa har’a batho ba etsang mosebetsi oo ka bokhabane naheng eo. Mor’abo rona David o re: “Ka nako eo, ke ne ke nahana hore lintho tsena tsohle ke litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova. Empa na ho ne ho hlile ho le joalo?

8 Butle-butle Mor’abo rona David o ile a hlokomela hore mosebetsi oa hae o ne o senya kamano ea hae le Jehova. O re: “Ha ke le libokeng kapa tšimong, ke ne ke iphumana ke se ntse ke nahana ka mathata a mosebetsing. Le hoja ke ne ke khola chelete e ngata, ke ne ke e-na le khatello e matla ea maikutlo ’me le lenyalo la ka le ile la qala ho ba le mathata.”

9 Mor’abo rona David o ile a hlokomela hore o lokela ho hlahlobisisa hore na lintho tsa bohlokoa ho eena ke life. O re: “Ke ile ka etsa qeto e tiileng ea ho lokisa boemo ba ka.” O ne a batla ho fetola linako tsa hae tsa mosebetsi eaba o joetsa mohiri oa hae hore na o lakatsa ho sebetsa joang. Ho ile ha etsahala’ng? O ile a lelekoa mosebetsing. Mor’abo rona David o ile a etsa’ng? O re: “Letsatsi le hlahlamang ke ile kopa foromo ea bopula-maliboho bo thusang eaba ke tšoaea lebokose.” E le hore ba iphelise, Mor’abo rona David le mosali oa hae ba ile ba qala ho etsa mosebetsi oa ho hloekisa mehaho. Ho e-s’o ee kae, e ile ea e-ba pula-maliboho ea kamehla eaba hamorao mosali oa hae oa mo latela. Banyalani bana ba ile ba khetha ho etsa mosebetsi oo batho ba bangata ba o khellang fatše, empa mosebetsi ha se eona ntho ea bohlokoa haholo ho bona. Le hoja mokholo oa bona o se o le monyane haholo, khoeli le khoeli ba ntse ba khona ho lefella litlhoko tsa bona. Ba batla hore Jehova a tle pele bophelong ba bona ’me ba ithutile hore Jehova o hlokomela bahlanka ba hae ba behang ’Muso pele.​—Mat. 6:​31-33.

10. U ka sireletsa pelo ea hao joang?

10 Ebang u na le chelete e ngata kapa che, u lokela ho sireletsa pelo ea hao. Joang? Ka hore u se ke oa rata maruo. Hape u se ke oa lumella hore mosebetsi oa hao o be bohlokoa haholo ho feta ho sebeletsa Jehova. U ka tseba joang haeba bothata boo bo se bo u nanarela? Tse ling tsa lipotso tseo u ka ipotsang tsona ke tsena: ‘Na ka linako tse ling ke nahana ka mosebetsi oa ka ha ke le libokeng le tšimong? Na hangata ke tšoenyeha ka hore nakong e tlang ke eme hantle licheleteng? Na chelete le maruo li etsa hore re qabane le molekane oa ka? Na nka sebetsa mosebetsi oo batho ba bang ba o khellang fatše haeba feela o ntumella ho ba le nako e ngata ea ho sebeletsa Jehova?’ (1 Tim. 6:​9-12) Ha u ntse u nahanisisa ka lipotso tsena, u lokela ho hopola hore Jehova oa u rata le hore o fana ka tšepiso ena ho batho bohle ba inehetseng ho eena: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” Ke ka lebaka leo moapostola Pauluse a ileng a re: “Mokhoa oa lona oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete.”​—Baheb. 13:​5, 6.

E-BA HLOKOLOSI HA U KHETHA BOITHABISO

11. Boithabiso bo ka fetola motho joang?

11 Jehova o batla hore re thabele bophelo ’me boithabiso bo ka re thusa ho etsa joalo. Ebile le Bibele e re: “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.” (Moek. 2:​24) Leha ho le joalo, boithabiso bo bongata bo teng lefatšeng bo ka ba kotsi ho rona. Bo ka etsa hore batho ba bangata ba qale ho amohela le ho rata lintho tseo Lentsoe la Molimo le li nyatsang ka matla.

Boithabiso boo u bo khethang bo hlophisitsoe ke mang? (Sheba serapa sa 11 ho ea ho sa 14) *

12. Ho ea ka 1 Bakorinthe 10:​21, 22, ke hobane’ng ha re lokela ho khetha boithabiso ka hloko?

12 Re batla ho sebeletsa Jehova a le mong feela, kahoo re ke ke ra ja “tafoleng ea Jehova” le “tafoleng ea bademona.” (Bala 1 Bakorinthe 10:​21, 22.) Hangata ha batho ba e-ja hammoho, taba eo e bontša hore ke metsoalle. Haeba re khetha boithabiso bo khothalletsang ntoa, boloi, boitšoaro bo bobe kapa lintho tse ling tseo Molimo a sa li rateng, ho tla be ho tšoana leha re e-ja lijo tse phehiloeng ke lira tsa Molimo ebile re lutse tafoleng re e-ja le tsona. Ha re etsa joalo re tla be re sa intše kotsi feela empa re tla be re senya le kamano ea rona le Jehova.

13-14. Re ipapisitse le Jakobo 1:​14, 15, ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi ha re khetha boithabiso? Hlalosa.

13 Ke ka tsela efe boithabiso bo ka tšoantšoang le lijo? Ha re ja, re ka khetha hore na re ja’ng. Empa ka mor’a hore re koenye lijo tseo, ha re sa na taolo ea hore na li tla etsa’ng ’meleng ea rona. Lijo tse nang le phepo li ka etsa hore re phele hantle ’meleng empa lijo tse se nang phepo li ka re kulisa. Liphello li ka ’na tsa se ke tsa bonahala hang-hang empa li tla bonahala ha nako e ntse e ea.

14 Ka tsela e tšoanang, ha re khetha boithabiso, re ka khetha hore na re kenya’ng ka likelellong tsa rona. Empa ka mor’a moo, boithabiso boo re bo khethileng bo tla ama tsela eo re nahanang ka eona le eo re ikutloang ka eona. Boithabiso bo nepahetseng bo ka re khatholla empa bo fosahetseng bo ka re ntša kotsi. (Bala Jakobo 1:​14, 15.) Re ke ke ra bona litla-morao tsa boithabiso bo fosahetseng hang-hang empa ha nako e ntse e ea re tla li bona. Ke ka lebaka leo Bibele e re lemosang: “Le se ke la thetsoa: Molimo a ke ke a songoa. Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule; hobane ea jalang ka sepheo sa ho jalla nama ea hae o tla kotula ho bola nameng ea hae.” (Bagal. 6:​7, 8) Ke ha bohlokoa hore re hane boithabiso ba mofuta leha e le ofe bo khothalletsang lintho tseo Jehova a li hloileng!​—Pes. 97:10.

15. Jehova o re file mpho efe hore re e thabele?

15 Bahlanka ba Jehova ba bangata ba thabela ho shebella Khaso ea JW. Morali’abo rona e mong ea bitsoang Marilyn o re: “Khaso ea JW e nthusitse hore ke lule ke thabile hape nka shebella ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlahang ho eona hobane lintho tse hlahang moo li nepahetse kaofela. Ha ke jeoa ke bolutu kapa ke nyahame, ke shebella puo e khothatsang kapa Borapeli ba Hoseng. Ho etsa joalo ho nthusa hore ke be haufi le Jehova le mokhatlo oa hae. Khaso ea JW e fetotse bophelo ba ka haholo.” Na mpho ee eo Jehova a re fileng eona e u tsoela molemo? Ho phaella ho mananeo a khoeli le khoeli, Khaso ea JW e na le likhatiso tse mameloang le livideo hammoho le lipina tse khothatsang tseo re ka li shebellang le ho li mamela ka nako leha e le efe.

16-17. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi ka nako eo re e qetang re ithabisa? (b) Re ka lekanyetsa nako eo re e qetang re ithabisa joang?

16 Ha rea lokela ho ba hlokolosi feela ka hore na ke boithabiso ba mofuta ofe boo re bo thabelang empa re boetse re lokela ho ela hloko hore na re qeta nako e kae re le ho bona. Ho seng joalo, re ka qeta nako e ngata haholo re ithabisa ho feta nako eo re e qetang re sebeletsa Jehova. Batho ba bangata ba fumane ho le thata hore ba lekanyetse nako eo ba e qetang ba ithabisa. Morali’abo rona Abigail ea lilemo li 18 o re: “Ho shebella thelevishene ho nthusa hore ke khatholohe ka mor’a ho sebetsa ka thata letsatsi lohle. Empa haeba ke se hlokolosi, nka qeta lihora tse ngata ke e shebelletse.” Mor’abo rona Samuel ea lilemo li 21 o re: “Ka linako tse ling, ke shebella livideo tse ngata tse khutšoanyane Inthaneteng. Ke ee ke qale ka ho shebella e le ’ngoe feela empa e re ha ke re phapha! ke fumane ho se ho fetile lihora tse tharo kapa tse ’nè.”

17 U ka lekanyetsa nako eo u e qetang u ithabisa joang? Ntho ea pele e ka u thusang ekaba hore u tsebe hantle hore na u qeta nako e kae u ntse u ithabisa. U ka etsa joalo joang? Ngola fatše lihora tseo u li qetang u shebelletse thelevishene, u kene Inthaneteng le eo u e qetang u bapala ka fono. Haeba u bona hore u ja nako e ngata haholo, leka ho ngola fatše hore na u tla qeta nako e kae u etsa eng. Ipehele nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa pele ebe ka mor’a moo u beha ea boithabiso. Ha u qetile ho etsa joalo, kopa Jehova hore a u thuse u phelele qeto ea hao. Ha u etsa joalo, u tla ba le matla le nako ea ho ithuta Bibele, ho tšoara borapeli ba lelapa, ho ea libokeng le ho ea tšimong. Hape u ke ke oa ikoahlaela nako eo u e qetang u ithabisa.

LULA U SEBELETSA JEHOVA A LE MONG FEELA

18-19. Re ka bontša joang hore re sebeletsa Jehova a le mong feela?

18 Ha moapostola Petrose a qeta ho ngola ka ho felisoa ha lefatše la Satane le ho bua ka lefatše le lecha, o ile a re: “Baratuoa, kaha le letetse lintho tsena, le etse sohle se matleng a lona hore qetellong a le fumane le se na letheba ebile le se na sekoli ’me le le khotsong.” (2 Pet. 3:​14) Re bontša hore re sebeletsa Jehova a le mong feela haeba re mamela keletso eo le ka hore re phele ka tsela eo a e batlang.

19 Satane le lefatše lena le laoloang ke eena ba tla lula ba etsa hore re se ke ra beha ’Muso oa Molimo pele bophelong ba rona. (Luka 4:​13) Ho sa tsotellehe mathata ao re thulanang le ’ona, re ke ke ra lumella eng kapa eng kapa motho leha e le ofe ho re sitisa ho rata Jehova ka lipelo tsa rona tsohle. Kaha Jehova o lokeloa ke ho rapeloa, re ikemiselitse ho sebeletsa eena a le mong feela.

PINA EA 30 Jehova ke Molimo, Ntate le Motsoalle oa ka

^ ser. 5 Re rata ho sebeletsa Jehova. Empa na re sebeletsa eena feela? Liqeto tseo re li etsang li bontša hore na re araba potso eo joang. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba lintho tse peli tse ka re thusang ho bona hore na re sebeletsa Jehova a le mong feela kapa che.

^ ser. 53 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ha re batle ho ja lijo tse phehetsoeng ka kichineng e litšila. Ka tsela e tšoanang boithabiso boo re bo khethang ha boa lokela ho ba le ntoa, boitšoaro bo bobe kapa ho sebelisana le meea.