Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 17

“Ke le Bitsitse Metsoalle”

“Ke le Bitsitse Metsoalle”

“Ke le bitsitse metsoalle, hobane lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.”​—JOH. 15:15.

PINA EA 13 A re Etsiseng Kreste

SELELEKELA *

1. U etsa’ng ha u batla ho ba le motsoalle ea haufi?

HANGATA ntho ea pele eo u e etsang e le hore u be motsoalle ea haufi le motho e mong ke ho qeta nako u na le eena. Ha le bolellana hore na le ikutloa joang le hore na le nahana’ng le tla ba metsoalle. Empa ka linako tse ling, ho ka ba thata hore re be metsoalle e haufi le Jesu. Ke hobane’ng ha ho ka ba thata?

2. Bothata ba pele boo re ka thulanang le bona ke bofe?

2 Bothata ba pele ke hore ha re e-s’o kopane le Jesu ho hang. Le Bakreste ba bangata ba mehleng ea baapostola ba ile ba thulana le bothata bo joalo. Ho ntse ho le joalo, moapostola Petrose o ile a re: “Le hoja ho se mohla le kileng la mo bona, lea mo rata. Le hoja le sa mo talima hona joale, empa leha ho le joalo le bontša tumelo ho eena.” (1 Pet. 1:8) Kahoo, re ka khona ho ba metsoalle e haufi le Jesu ho sa tsotellehe hore na re kile ra mo bona kapa che.

3. Bothata ba bobeli ke bofe?

3 Bothata ba bobeli ke hore ha re khone ho bua le Jesu. Ha re rapela re bua le Jehova. Ke ’nete hore re fetisa lithapelo tsa rona ka Jesu, empa ha re rapele eena. Ebile Jesu ha a batle hore re mo rapele. Hobane’ng? Hobane thapelo ke karolo ea borapeli ’me ke Jehova feela ea hlokang ho rapeloa. (Mat. 4:​10) Empa re ntse re ka bontša hore re rata Jesu.

4. Bothata bo bong ke bofe, hona re tl’o hlahloba eng sehloohong see?

4 Bothata ba boraro ke hore Jesu o lula leholimong, kahoo re ke ke ra khona ho ba le eena. Empa re ntse re ka khona ho tseba haholoanyane ka Jesu ntle le hore re be le eena. Re tl’o hlahloba lintho tse ’ne tse ka re thusang ho matlafatsa setsoalle ea rona le eena. Empa pele, ha re hlahlobeng hore na ke hobane’ng ha re lokela ho matlafatsa setsoalle sa rona le Kreste.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO BA METSOALLE EA JESU?

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba metsoalle ea Jesu? (Sheba lebokose le reng, “ Ha U le Motsoalle oa Jesu u Tla ba Motsoalle oa Jehova” le le reng, “ Tseba Moo Matla a Jesu a Fellang Teng.”)

5 Re lokela ho ba metsoalle ea Jesu haeba re batla ho ba le kamano e ntle le Jehova. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Nahana ka mabaka ana a mabeli. Lebaka la pele, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ntate oa le rata, hobane le nthatile.” (Joh. 16:​27) O ile a boela a re: “Ha ho ea tlang ho Ntate ha e se ka ’na.” (Joh. 14:6) Ha re leka ho ba metsoalle ea Jehova empa re se metsoalle ea Jesu, ho tšoana le ha re batla ho kena ka tlung empa re sa kene le monyako. Jesu o ile a etsa mohlala o tšoanang ha a ne a re: “Ke ’na monyako oa linku.” (Joh. 10:7) Lebaka la bobeli ke hore Jesu o khona ho etsisa makhabane a Ntate oa hae hantle. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Joh. 14:9) Kahoo, mokhoa o motle oa hore re tsebe Jehova ke ka hore re ithute ka bophelo ba Jesu. Ha re ntse re ithuta ka Jesu haholoanyane, re tla mo rata le ho feta. Hape, ha re rata Jesu, re tla rata Ntate oa hae le ho feta.

6. Lebaka le leng leo re lokelang ho ba metsoalle ea Jesu ka lona ke lefe? Hlalosa.

6 Re lokela ho ba metsoalle ea Jesu e le hore lithapelo tsa rona li ka arajoa. Taba ena e bolela hore ha rea lokela hore feela “ka lebitso la Jesu” lithapelong tsa rona. Re lokela ho utloisisa hore na Jehova o sebelisa Jesu joang ha a arabela lithapelo tsa rona. Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Eng kapa eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa.” (Joh. 14:​13) Le hoja Jehova e le eena ea utloang le ho araba lithapelo tsa rona, o sebelisa Jesu ho li araba. (Mat. 28:​18) Pele Jehova a arabela lithapelo tsa rona, oa sheba hore na re latetse keletso ea Jesu. Mohlala, Jesu o ile a re: “Haeba le tšoarela batho litšito tsa bona, Ntat’a lona oa leholimo le eena o tla le tšoarela; athe haeba le sa tšoarele batho litšito tsa bona, le Ntat’a lona a ke ke a le tšoarela litšito tsa lona.” (Mat. 6:​14, 15) Ke habohlokoa hore re tšoare batho ba bang ka tsela eo Jehova le Jesu ba re tšoarang ka eona.

7. Ke mang ea ruang molemo sehlabelong sa Jesu sa thekollo?

7 Ke batho ba nang le setsoalle se haufi le Jesu feela ba tla rua molemo sehlabelong sa hae sa thekollo. Re tseba joang? Jesu o ile a re o tla ‘nehelana ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.’ (Joh. 15:​13) Bahlanka ba Jehova ba phetseng pele Jesu a tla lefatšeng, ba tla ba le monyetla oa ho ithuta ka Jesu le ho mo rata. Le hoja batho ba kang Abrahama, Sara, Moshe le Rahaba ba tl’o tsosoa, bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova ba ntse ba tla lokela ho ithuta ka Jesu le ho ba metsoalle ea hae e le hore ba tle ba fumane bophelo bo sa feleng.​—Joh. 17:3; Lik. 24:​15; Baheb. 11:​8-12, 24-26, 31.

8-9. Joalokaha Johanne 15:​4, 5 e bontša, re tla etsa’ng haeba re le metsoalle ea Jesu, hona ke hobane’ng ha taba eo e le ea bohlokoa?

8 Rea thaba ha re sebetsa le Jesu mosebetsing oa boboleli le oa ho ruta ka ’Muso oa Molimo. Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, e ne e le mosuoe. Ho tloha ka mor’a hore a khutlele leholimong, joaloka hlooho ea phutheho, Jesu o ile a tsoela pele ho tataisa mosebetsi oa ho ruta le ho bolela. Oa bona ebile o ananela boiteko bohle boo re bo etsang ba ho thusa batho ba bangata kahohle kamoo re ka khonang hore ba mo tsebe ba be ba tsebe le Ntate oa hae. Ha e le hantle, e le hore re atlehe mosebetsing ona, re hloka thuso ea Jehova le Jesu.​—Bala Johanne 15:​4, 5.

9 Lentsoe la Molimo le ea re ruta hore re tlameha ho rata le ho matlafatsa lerato la rona ho Jesu e le hore re khahlise Jehova. Kahoo, a re ke re bueng ka lintho tse ’ne tseo re ka li etsang e le hore re be metsoalle ea Jesu.

RE KA ETSA’NG E LE HORE RE BE METSOALLE EA JESU?

Re ka ba metsoalle ea Jesu ka (1) ho mo tseba haholoanyane, (2) ho etsisa tsela eo a etsang lintho ka eona le ho nahana joaloka eena, (3) ho thusa barab’abo, le (4) ho tšehetsa liqeto tse entsoeng ke mokhatlo oa Molimo (Sheba serapa sa 10 ho ea ho sa 14) *

10. Mohato oa pele oo re ka o etsang e le hore re be metsoalle ea Jesu ke ofe?

10 (1Tseba Jesu haholoanyane. Re ka thusoa ke ho bala libuka tsa Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Ho nahanisisa ka litlaleho tse hlahang ka Bibeleng tse buang ka bophelo ba Jesu ho tla etsa hore re mo rate le ho mo hlompha ha re bona hore na o ne a tšoara batho joang. Mohlala, le hoja Jesu e ne e le Mong’a barutuoa ba hae, ha a ka a ba tšoara joaloka makhoba. Empa o ne a ba bolella hore na u ikutloa joang le hore na u nahana’ng. (Joh. 15:​15) Hape ha ba ne ba utloile bohloko, Jesu le eena o ne a utloa bohloko. (Joh. 11:​32-36) Esita le lira tsa Jesu li ile tsa hlokomela hore batho ba neng ba amohela molaetsa oa hae e ile ea e-ba metsoalle ea hae. (Mat. 11:​19) Haeba re etsisa Jesu tseleng eo a neng a tšoara barutuoa ba hae ka eona, re tla ntlafatsa tsela eo re tšoarang batho ba bang ka eona, re thabe, re khotsofale hape re tla rata Jesu le ho mo hlompha haholoanyane.

11. Mohato oa bobeli oa ho ba motsoalle oa Jesu ke ofe, hona ke hobane’ng ha e le oa bohlokoa?

11 (2Etsisa tsela eo Jesu a neng a nahana le ho etsa lintho ka eona. Ha re mo tseba haholoanyane hape re etsisa tsela eo a nahanang ka eona, re tla atamela haufi le eena le ho feta. (1 Bakor. 2:​16) Re ka etsisa Jesu joang? Nahana ka mohlala ona. Jesu o ne a nahana ka ho thusa batho ba bang ho e-na le ho inahana boeena feela. (Mat. 20:​28; Bar. 15:​1-3) Kaha o ne nahana ka tsela eo, o ne e-na le moea oa ho itela le ho tšoarela. O ne a sa khopisoe ke lintho tseo batho ba bang ba li buang ka eena. (Joh. 1:​46, 47) Ha a ka a lumella liphoso tseo batho ba li entseng nakong e fetileng li ame tsela eo a ba tšoarang ka eona. (1 Tim. 1:​12-14) O ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lona.” (Joh. 13:​35) Ipotse, “Na ke latela Jesu ka ho leka kahohle kamoo nka khonang ho bopa khotso le Bakreste-’moho le ’na?”

12. Mohato oa boraro oa ho ba motsoalle oa Jesu ke ofe, hona re ka o latela joang?

12 (3Thusa barab’abo Jesu. Ha re thusa barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng, o nka re thusa eena. (Mat. 25:​34-40) Tsela e ka sehloohong eo re ka thusang batlotsuoa ka eona ke ka ho bolela le ho ruta litaba tsa ’Muso le ho etsa barutuoa joalokaha Jesu a laetse. (Mat. 28:​19, 20; Lik. 10:​42) Ke ka thuso ea “linku tse ling” batlotsuoa ba ka khonang ho phetha mosebetsi o etsoang lefatšeng kajeno. (Joh. 10:​16) Haeba u e mong oa linku tse ling, nako le nako ha u kenya letsoho mosebetsing ona, u bontša hore u rata batlotsuoa hammoho le Jesu.

13. Re ka sebelisa keletso ea Jesu e hlahang ho Luka 16:9 joang?

13 Re boetse re ba metsoalle ea Jehova le Jesu ka ho fana ka chelete ho tšehetsa mosebetsi oo Jehova le Jesu ba o etellang pele. (Bala Luka 16:9.) Mohlala, re ka ntša monehelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle o tla thusa hore litaba tsa ’Muso li fihle le libakeng tse hole, ho hahoe le ho lokisa mehaho ea rona ea borapeli le ho thusa bara le barali babo rona ba hlahetsoeng ke likoluoa. Re ka boetse ra ntša monehelo bakeng sa phutheho ea habo rona le ho thusa batho ba hlokang. (Liprov. 19:​17) Tsena ke litsela tseo re ka thusang barab’abo Jesu ka tsona.

14. Joalokaha Baefese 4:​15, 16 e bontša, mohato oa bone oo re ka o nkang e le hore re be metsoalle ea Jesu ke ofe?

14 (4Tšehetsa litokisetso tse entsoeng ke mokhatlo oa Jehova. Re tla ba metsoalle ea Jesu e haufi haeba re sebelisana le batho bao a ba khethileng ho re hlokomela. (Bala Baefese 4:​15, 16.) Mohlala, re leka kahohle ho bona hore Liholo Tsa ’Muso tsohle lia sebelisoa. Ke kahoo liphutheho tse ling li ileng tsa kopanngoa le ho seheloa masimo a macha. Ho etsa joalo ho thusitse mokhatlo ho boloka menehelo. Ka nako e tšoanang, bahoeletsi ba bang ba ile ba tlameha ho amohela liphetoho tsena tse ncha. E ka ’na eaba bahlanka bao ba Jehova ba tšepahalang ba ne ba le liphuthehong tse itseng ka lilemo tse ngata ’me ho ka etsahala hore ebe ba ne ba se ba rata Bakreste-’moho le bona ba moo haholo. Empa joale ho se ho thoe ba ee liphuthehong tse ling. Jesu o thaba haholo ha a bona barutuoa bana ba hae ba tšepahalang ba ikamahanya le phetoho eo.

METSOALLE EA JESU EA KA HO SA FELENG

15. Setsoalle sa hao le Jesu se tla ntlafala joang nakong e tlang?

15 Batho ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang, ba na le tšepo ea ho ba le Jesu ka ho sa feleng e le babusi-’moho le eena ’Musong oa Molimo. Ha e le hantle, ba tla mo bona, ba bue le eena ba be ba qete nako ba e-na le eena. (Joh. 14:​2, 3) Jesu o tla rata le ho tsotella bahlanka ba Jehova ba tla phela lefatšeng. Le hoja ba ke ke ba bona Jesu, setsoalle sa bona le eena se tla tiea le ho feta ha ba ntse ba thabela bophelo bo monate boo Jehova le Jesu ba tla ba fa bona.​—Esa. 9:​6, 7.

16. Ke melemo efe eo re e fumanang ka ho ba metsoalle ea Jesu?

16 Ha re amohela memo ea Jesu ea hore re be metsoalle ea hae, re fumana litlhohonolofatso tse ngata. Mohlala, hona joale oa re rata ebile oa re tšehetsa. Re na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Ka holimo ho tsohle, ho ba metsoalle ea Jesu ho re fa monyetla o babatsehang ka ho fetisisa oa ho ba le kamano e ntle haholo le Ntate oa Jesu. Kannete ke tlotla e babatsehang haholo ho bitsoa metsoalle ea Jesu!

PINA EA 17 “Kea Batla”

^ ser. 5 Jesu le baapostola ba hae ba qetile lilemo tse itseng ba sebetsa ’moho ba bile ba buisana ’me e ile ea e-ba metsoalle ea sebele. Jesu o batla hore le rona re be metsoalle ea hae empa ho fapana le baapostola ba hae, rona re ka ’na ra se ke ra nolofalloa ho ba metsoalle ea hae. Sehloohong sena, re tl’o bua ka a mang a mathata a ka hlahang ebe re fana ka malebela a ka re thusang ho haha le ho matlafatsa setsoalle seo re nang le sona le Jesu.

^ ser. 55 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: (1) Nakong ea borapeli ba lelapa, re ka ithuta ka bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae. (2) Ka phuthehong, re ka phehella ho bopa khotso le bara le barali babo rona. (3) Re ka etsa kahohle ho tšehetsa barab’abo Jesu mosebetsing oa boboleli. (4) Ha liphutheho tsa habo rona li kopanngoa, re ka tsamaisana le liqeto tseo baholo ba li etsang.