Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 14

Tlhaselo e Tsoang ka Leboea

Tlhaselo e Tsoang ka Leboea

“Ho na le sechaba se nyolohetseng naheng ea ka.”​—JOELE 1:6.

PINA EA 95 Leseli Lea Eketseha

SELELEKELA *

1. Mor’abo rona Russell le bo-mphato oa hae ba ne ba sebelisa mokhoa ofe oa ho ithuta, hona ke hobane’ng ha o ile oa atleha?

LILEMONG tse ka holimo ho lekholo tse fetileng, Mor’abo rona Charles Taze Russell le metsoalle ea hae, e leng sehlopha se senyenyane se neng se ithuta Bibele, ba ile ba qala ho bokana hammoho. Ba ne ba batla ho bona hore na ba ka khona ho ithuta hore na Bibele e ruta’ng ka Jehova Molimo, Jesu Kreste, boemo ba bafu le ka thekollo. Mokhoa oa bona oa ho ithuta o ne o le bonolo. Motho e mong o ne a botsa potso ebe ba bang ba batlana le Mangolo a ka arabang potso eo. Ka mor’a moo, ba ne ba ngola lintho tseo ba li fumaneng. Jehova o ile a thusa banna bao ba Bakreste hore ba fumane lithuto tsa Bibele tseo e leng hore li ntse li le bohlokoa le kajeno.

2. Ke ntho efe e ka ’nang ea etsa hore re etse qeto e fosahetseng ha re leka ho utloisisa boprofeta ba Bibele?

2 Hamorao, liithuti tsa Bibele li ile tsa hlokomela hore ho utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele ha se ntho e thata hakaalo empa ha ho tluoa tabeng ea boprofeta teng, ho ka ’na ha e-ba thatanyana. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Le leng la mabaka ke hobane boprofeta ba Bibele bo utloisisoa hamolemonyana ha bo ntse bo phethahala kapa ka mor’a hore bo phethahale. Empa ho na le lebaka le leng hape. E le hore re utloisise boprofeta hantle, re lokela ho tseba likateng tsa bona. Haeba re tsepamisa mohopolo ntlheng e itseng feela boprofeteng, ebe ha re bo hlahlobe kaofela, re ka ’na ra fihlela qeto e fosahetseng. Ho bonahala eka taba ena ke eona e ileng ea etsahala ka boprofeta bo hlahang bukeng ea Joele. A re ke re hlahlobeng boprofeta boo ’me re buisaneng ka hore na ke hobane’ng ha re lokela ho fetola tsela eo re bo utloisisang ka eona.

3-4. Haesale re utloisisa boprofeta bo ho Joele 2:​7-9 joang?

3 Bala Joele 2:​7-9. Joele o profeta ka kotlo ea litsie tse tla senya naha ea Iseraele. Kaha li na le meno le mehlare e kang ea litau, litsie tsena tse meharo li tla ja limela tsohle tsa Iseraele! (Joele 1:​4, 6) Ka lilemo-lemo, re ne re utloisisa hore boprofeta bona bo bua ka batho ba Jehova ba joaloka sehlopha sa litsie tse sa thijoeng ke mang kapa mang, ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa bona oa boboleli. Re ne re utloisisa hore mosebetsi ona o na le liphello tse mpe ho naha kapa ho batho ba leng bolumeling ba bohata. *

4 Haeba re ne re ipalla Joele 2:​7-9 feela, tlhaloso eo ho ileng ha fanoa ka eona e ne e ka bonahala e nepahetse. Empa ha re hlahloba boprofeta bohle, re tla hlokomela hore re ka bo utloisisa ka tsela e fapaneng. A re hlahlobeng mabaka ao ka ’ona re lokelang ho etsa joalo.

MABAKA A MANE A HO FETOLA KUTLOISISO EA RONA

5-6. Re ba le lipotso life ha re bala (a) Joele 2:​20? (b) Joele 2:25?

5 Lebaka la pele, ela hloko hore na Jehova o ile a fana ka tšepiso efe mabapi le kotlo ea litsie, o ile a re: “Ke tla suthisetsa oa leboea [e leng litsie] hole le lona.” (Joele 2:​20) Haeba litsie li emela Lipaki tsa Jehova tse mamelang taelo ea Jesu ea ho bolela le ho etsa barutuoa, ke hobane’ng ha Jehova a re o tla li suthisetsa hole? (Ezek. 33:​7-9; Mat. 28:​19, 20) Hoa hlaka hore Jehova a ke ke a suthisa bahlanka ba hae empa o tla suthisa ntho kapa motho ea itseng ea batlang ho ba sitisa.

6 Lebaka la bobeli, ak’u nahane ka mantsoe a Joele 2:​25. Temaneng eo Jehova o re: “Ke tla le buseletsa bakeng sa lilemo tseo ka tsona tsie, tsie e hahabang, e se nang mapheo, le lephele le popane li jeleng, lebotho la ka le leholo la sesole leo ke le rometseng har’a lona.” Na u hlokometse hore Jehova o re o “tla buseletsa” bakeng sa tšenyo e entsoeng ke litsie tseo? Haeba litsie li emela baevangeli ba ’Muso, taba eo e ne e tla fana ka maikutlo a hore molaetsa oo ba o bolelang o baka tšenyo. Empa molaetsa oa bona o pholosa bophelo ’me o ka thusa batho ba khopo hore ba bake. (Ezek. 33:​8, 19) Taba ena e ne e tla ba e thabisang haholo ho batho bao ba khopo.

7. Ho Joele 2:​28, 29, mantsoe a reng, “ka mor’a moo” a re thusa ho utloisisa’ng?

7 Bala Joele 2:​28, 29. Lebaka la boraro le itšetlehile ka hore na tatellano ea liketsahalo tsa boprofeta boo e joang. Na u hlokometse hore Jehova o re: “Ka mor’a moo ke tla tšollela moea oa ka,” ke hore, ka mor’a hore litsie li phethe mosebetsi oo li o abetsoeng? Haeba litsie ke baboleli ba ’Muso oa Molimo, ke hobane’ng ha Jehova a ba fa moea oa hae ka mor’a hore ba phethe mosebetsi oa boboleli? ’Nete ke hore bahlanka ba Jehova ba ne ba ke ke ba atleha ho bolela litaba tse molemo ka lilemo-lemo, ba hanyetsoa ebile ba thibeloa libakeng tse ling ntle le hore ba thusoe ke moea o halalelang.

Ka sebete, Mor’abo rona J. F. Rutherford hammoho le batho ba bang ba tlotsitsoeng ba ile ba phatlalatsa likahlolo tsa Molimo mabapi le tsamaiso ena e khopo ka sebete (Sheba serapa sa 8)

8. Litsie tse hlahang ho Tšenolo 9:​1-11 li emela bo-mang? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

8 Bala Tšenolo 9:​1-11. Hajoale ha re hlahlobeng lebaka la bone. Nakong e fetileng, re ne re re kotlo ea litsie e hlahang ho Joele e emela mosebetsi oa rona oa boboleli kaha boprofeta boo bo tšoana le bo hlahang bukeng ea Tšenolo. Boprofeta boo bo bua ka sehlopha sa litsie tse nang le lifahleho tsa batho hape lihloohong tsa tsona ho ne ho e-na le ho “bonahalang e le meqhaka e joaloka khauta.” (Tšen. 9:7) Litsie tseo li hlokofatsa “batho [e leng lira tsa Molimo] ba se nang tiiso ea Molimo liphatleng tsa bona” ka likhoeli tse hlano, e leng nako eo tsie e phelang ka eona. (Tšen. 9:​4, 5) Boprofeta bona ho bonahala bo bua ka batlotsuoa ba Jehova. Ka sebete ba phatlalatsa likahlolo tsa Jehova tse tl’o tlela tsamaiso ena e khopo ’me ka lebaka leo ba etsa hore batšehetsi ba lefatše lena ba hloke botsitso.

9. Ke phapang efe e ikhethang ka boprofeta ba litsie bo ho Joele le ho Tšenolo?

9 Ha e le ho bua ’nete, ho na le lintho tse tšoanang pakeng tsa boprofeta ba Joele le boo Johanne a buileng ka bona. Empa ho boetse ho na le lintho tsa bohlokoa tseo bo fapanang ka tsona. Hlokomela hore boprofeteng ba Joele, litsie li senya lijalo. (Joele 1:​4, 6, 7) Empa ponong ea Johanne, litsie li ile “tsa bolelloa hore li se ke tsa senya limela tsa lefatše.” (Tšen. 9:4) Litsie tseo Joele a li boneng li ne li hlaha leboea. (Joele 2:​20) Athe Johanne eena o bone litsie li tsoa ka mohohlong. (Tšen. 9:​2, 3) Litsie tseo Joele a buileng ka tsona li ile tsa lelekoa. Empa tse hlahang ho Tšenolo ha lia ka tsa lelekoa, li ile tsa lumelloa hore li phethele mosebetsi oa tsona. Ha ho na moo Bibele e reng li ne li etsa phoso mahlong a Jehova.​—Sheba lebokose le reng, “ Boprofeta ba Litsie​—Ho Tšoana le ho Fapana ha Bona.”

10. Fana ka mohlala o hlahang ka Bibeleng o bontšang hore litsie tse hlalositsoeng ke Joele le Johanne li ka emela lintho tse fapaneng.

10 Phapang e teng pakeng tsa boprofeta ba Joele le ba Tšenolo e re thusa ho bona hore ha se ntho e le ’ngoe. Na ehlile re re “litsie” tse hlalosoang ke Joele ha se tse hlalosoang ho Tšenolo? Kannete ho joalo. Ka Bibeleng, ntho e le e ’ngoe e ka tšoantšetsa lintho tse fapaneng, ea hlalosoa ka tsela e fapaneng ho ea ka hore na e sebelisitsoe hokae. Ka mohlala, ho Tšenolo 5:5 Jesu o bitsoa “tau ea moloko oa Juda,” ha ho 1 Petrose 5:​8, Diabolose a hlalosoa e le “tau e purumang.” Ka mor’a ho hlahloba lintho tsena tse ’ne tseo re buileng ka tsona, rea hlokomela ho re ho na le tlhaloso e ’ngoe ea boprofeta ba Joele eo re lokelang ho e tseba. Ebe ke efe?

BO BOLELA’NG?

11. Joele 1:6 le 2:​1, 8, 11 e re thusa joang hore re utloisise hore na litsie li emela bo-mang?

11 Ha re hlahloba litemana tse ling tse potolohileng boprofeta boo ba Joele, re khona ho utloisisa hore bo bua ka tlhaselo ea masole. (Joele 1:6; 2:​1, 8, 11) Jehova o ile a re o tla sebelisa “lebotho la hae la sesole” (masole a Babylona) ho ahlola Baiseraele ba sa mo mameleng. (Joele 2:​25) Masole ao a hlaselang a bitsoa ‘a leboea’ hobane Bababylona ba ne ba tla hlasela Baiseraele ba hlaha leboea. (Joele 2:​20) Masole ao a tšoantšoa le sehlopha sa litsie. Joele o re ka ’ona: ‘Lesole le leng le le leng le tseleng ea lona. A potlakela motseng, a matha lerakong, a hloella matlong, a kena ka lifensetere joaloka masholu.’ (Joele 2:​8, 9) Na u khona ho bona se etsahalang? Ho tletse masole hohle ha ho moo mang kapa mang a ka ipatang teng. Ha ho na motho ea khonang ho baleha sabole ea Babylona.

12. Boprofeta ba Joele bo mabapi le litsie bo ile ba phethahala joang?

12 Joaloka litsie, Bababylona (kapa Bakalde) ba ile ba hlasela motse oa Jerusalema ka selemo sa 607. Bibele ha e tlaleha sena e re: “Morena oa Bakalde, ea ileng a bolaea bahlankana ba bona ka sabole . . .  ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa sekooa. [Molimo] a nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe letsohong la hae. A chesa ntlo ea Molimo oa ’nete le ho heletsa lerako la Jerusalema; litora tsohle tsa eona tsa bolulo ba li chesa ka mollo le lintho tsohle tsa eona tse lakatsehang.” (2 Likron. 36:​17, 19) Hang ka mor’a hore Bababylona ba hlasele le ho felisa naha, batho ba tla re: “Ke lesupi le se nang motho le phoofolo e ruuoang. Ho nehelanoe ka eona matsohong a Bakalde.”​—Jer. 32:43.

13. Hlalosa hore na Jeremia 16:​16, 18 e bolela’ng.

13 Ka mor’a lilemo tse ka bang 200 Joele a profetile, Jehova o ile a etsa hore Jeremia a profete ntho e ’ngoe hape ka tlhaselo ena. O ile a re bahlaseli ba tla tsoma Baiseraele bohle ba sa hlompheng Molimo ba be ba ba tšoare kaofela. Jehova o ile a re: “Bonang! ke romeletsa hore ho be le batšoasi ba bangata ba litlhapi, ’me ka sebele ba tla ba tšoasa; ka mor’a moo ke tla romeletsa hore ho be le litsomi tse ngata, ’me ka sebele li tla ba tsoma thabeng e ’ngoe le e ’ngoe le leralleng le leng le le leng le mafarung a mafika. . . . Ke tla buseletsa liphoso tsa bona le libe tsa bona ka ho feletseng.” Baiseraele bohle ba sa bakeng ba ke ke ba khona ho ipatela kahlolo ea Jehova.​—Jer. 16:16.

LITABA TSE MONATE

14. Boprofeta bo ho Joele 2:​28, 29 bo phethahetse neng?

14 Ho na le litaba tse monate tseo Joele a re bolellang tsona. Naha e ne e tla beha litholoana hape. (Joele 2:​23-26) Ha nako e ntse e-ea, Jehova o ne a tla etsa bonnete ba hore bahlanka ba hae ba fumana lintho tsohle tseo ba li hlokang hore ba be le kamano e ntle le eena. Jehova o ile a re: “Ke tla tšollela moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong, ’me ka sebele bara ba lona le barali ba lona ba tla profeta. . . . Ke tla tšollela moea oa ka esita le holim’a bahlanka le holim’a makhabunyane.” (Joele 2:​28, 29) Taba ena ha ea ka ea etsahala hang-hang ka mor’a hore Baiseraele ba khutle Babylona. Empa e ile ea etsahala ka mor’a lilemo tse makholo hamorao, ka selemo sa 33. Re tseba joang?

15. Ho ea ka Liketso 2:​16, 17 ke phetoho efe eo Petrose a ileng a e etsa ha a qotsa mantsoe a hlahang ho Joele 2:​28, hona taba eo e bolelang?

15 Jehova o ile a bululela Petrose hore a qotse lengolo la Joele 2:​28, 29, ketsahalong e hlollang e ileng ea etsahala ka selemo sa 33. E ne e ka ba ka hora ea borobong hoseng, ha Jehova a tšolella moea oa hae o halalelang ho batho ba ileng ba o amohela eaba ba qala ho bua “lintho tse hlollang tsa Molimo.” (Lik. 2:​11) Jehova o ile a bululela Petrose hore a sebelise mantsoe a fapaneng ha a qotsa boprofeta ba Joele. Na u hlokomela phetoho eo? (Bala Liketso 2:​16, 17.) Ho e-na le hore ha Petrose a qotsa boprofeta boo a qale ka ho re “ka mor’a,” o ile a re: “Matsatsing a ho qetela,” e leng qetellong ea mehla ea Bajuda. Ka nako eo Molimo o ne a tla tšollela moea oa hae “holim’a nama ea mofuta o mong le o mong.” Taba ena e bolela hore ho ne ho tla feta nako e telele pele boprofeta bona ba Joele bo phethahala.

16. Moea oa Molimo o ile oa thusa joang hore litaba tse molemo li boleloe mehleng ea baapostola ’me hona joale o thusa joang?

16 Ka mor’a hore Molimo a fe Bakreste ba mehleng ea baapostola moea o halalelang, ba ile ba qala ho bolela litaba tse molemo eaba li anela lefatšeng lohle. Nakong eo Pauluse a neng a ngolla Bakolose lengolo ka selemo sa 61, ka sebete o ne a ka bolela hore litaba tse molemo li boletsoe “popong eohle e tlas’a leholimo.” (Bakol. 1:​23) Ha Pauluse a ne a re “popong eohle” o ne a bua ka libaka tseo eena le bo-mphato oa hae ba neng ba ka khona ho ea ho tsona e le hore ba bolele litaba tse molemo. Ka thuso ea moea o halalelang, mehleng ena mosebetsi oa boboleli o se o boleloa “ho isa pheletsong ea lefatše.”​—Lik. 13:​47; sheba lebokose le reng, “ Ke Tla Tšollela Moea oa ka.”

HO FETOHILE’NG?

17. Kutloisiso ea rona ka boprofeta ba Joele bo buang ka litsie e fetohile joang?

17 Ha e le hantle ho fetohile’ng? Re se re e-na le kutloisiso e nepahetseng ka boprofeta bo fumanoang ho Joele 2:​7-9. Re hlaketsoe hore temana ena ha e bue ka ho boleloa ha litaba tse molemo empa e bua ka liketsahalo tsa masole a Bababylona ha a ne a hlasela motse oa Jerusalema ka selemo sa 607.

18. Ke’ng ho sa fetohang ka bahlanka ba Molimo?

18 Ke’ng e sa fetohang? Bahlanka ba Jehova ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo hohle moo ba leng teng hape ba sebelisa mekhoa e fapaneng ea ho li bolela. (Mat. 24:​14) Ha ho tšitiso eo ’muso o ka e bakang e ka etsang hore re tlohele ho bolela. Kaha Jehova oa re hlohonolofatsa, re ba mafolofolo hape re ba sebete ho feta leha e le neng pele ha re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso! Ka boikokobetso, re lumella Jehova a re tataise hore re khone ho utloisisa boprofeta ba Bibele hobane rea tseba hore ka nako e loketseng, o tla re “tataisetsa ’neteng eohle”!​—Joh. 16:13.

PINA EA 97 Re Hloka Lentsoe la Molimo

^ ser. 5 Ka lilemo tse ngata re ne re lumela hore boprofeta bo hlalang ho Joele khaolo ea 1 le ea 2 bo bua ka mosebetsi oa rona oa boboleli oo re o etsang mehleng ena. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a mane ao ka ’ona re lokelang ho fetola tsela eo re utloisisang karolo ena ea boprofeta ba Joele ka eona. Ke afe mabaka ao?

^ ser. 3 Mohlala, bala sehlooho se reng “Popo e Senola Bohlale ba Jehova” se ho Molula-Qhooa oa April 15, 2009, lir. 14-16.