Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 50

“Bafu ba Tla Tsosoa Joang?”

“Bafu ba Tla Tsosoa Joang?”

“Lefu, tlholo ea hao e hokae? Lefu, motsu oa hao o hokae?” ​—1 BAKOR. 15:55.

PINA EA 141 Mpho ea Bophelo

SELELEKELA *

1-2. Ke hobane’ng ha Bakreste bohle ba lokela ho tseba ka tsoho ea ba tl’o ea leholimong?

BAHLANKA ba bangata ba Jehova ba na le tšepo ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng. Empa Bakreste ba seng bakae ba tlotsitsoeng ba na le tšepo ea ho ea leholimong. Bakreste bana ba labalabela ho tseba hore na ho phela leholimong ho joang empa ho thoeng ka ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng? Re tl’o ithuta hore Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng ba tla fumana litlhohonolofatso ka lebaka la tsoho ea ba tl’o ea leholimong. Kahoo, ebang re na le tšepo ea ho ea leholimong kapa ea ho phela lefatšeng, re lokela ho tseba ka tsoho ea ba tl’o ea leholimong.

2 Molimo o ile a tataisa ba bang ba barutuoa ba Jesu ba pele hore ba ngole ka tsoho ea ba tl’o ea leholimong. Moapostola Johanne o ile a re: “Joale re bana ba Molimo, empa ho fihlela joale ha ho e-s’o bonahatsoe seo re tla ba sona. Rea tseba hore neng kapa neng ha a bonahatsoa re tla ba joaloka eena.” (1 Joh. 3:2) Kahoo, Bakreste ba tlotsitsoeng ha ba tsebe hore na ba tla be ba le joang ha ba se ba le leholimong ba e-na le ’mele ea moea. Empa ha ba se ba le leholimong ba tla bona Jehova. Bibele ha e bolele ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le tsoho ea ba tl’o ea leholimong empa moapostola Pauluse o ile a bua ho hong ka eona. Batlotsuoa ba tla be ba e-na le Kreste leholimong ha a felisa “puso eohle le bolaoli bohle le matla.” Le “sera sa ho qetela” e leng lefu le tl’o felisoa. Qetellong, Jesu le ba tl’o busa le eena ba tla ipeha tlas’a bolaoli ba Jehova le ho beha lintho tsohle tlas’a Jehova. (1 Bakor. 15:​24-28) Nako eo e tl’o ba e thabisang hakaakang! *

3. Ho ea ka 1 Bakorinthe 15:​30-32, tumelo eo Pauluse a neng a e-na le eona ea hore bafu ba tla tsosoa e ile ea mo thusa joang?

3 Tumelo eo Pauluse a neng a e-na le eona ka tsoho, e ile ea mo thusa ho mamella mathata a mangata. (Bala 1 Bakorinthe 15:​30-32.) O ile a re ho Bakorinthe: “Letsatsi le leng le le leng ke talimana le lefu.” O ile a boela a re: “Ke loanne le libata Efese.” Mohlomong o ne a bolela hore o loanne le libata tsa sebele ka lebaleng la lipapali le Efese. (2 Bakor. 1:8; 4:​10; 11:​23) Kapa e ka ’na eaba o ne a bua ka Bajuda le batho ba bang ba neng ba mo hanyetsa ba tšoanang le “libata.” (Lik. 19:​26-34; 1 Bakor. 16:9) Ho sa tsotellehe hore na o ne a bua ka eng, Pauluse o ile a hlaheloa ke maemo a boima. Empa o ile a lula a e-na le tumelo ea hore o tla thaba ka moso.​—2 Bakor. 4:​16-18.

Lelapa le lulang moo mosebetsi oa rona o thibetsoeng le tsoela pele ka borapeli ba lona le e-na le tumelo e matla ea hore Molimo o tla ba fa lintho tse ntle haufinyane (Sheba serapa 4)

4. Tumelo eo bahlanka ba Jehova ba nang le eona ea hore bafu ba tla tsosoa e ba matlafalitse joang mehleng ee? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

4 Re phela nakong eo lefatše le seng le le kotsi haholo. Ba bang ba Bakreste-’moho le rona e bile mahlatsipa a botlokotsebe. Ba bang ha baa sireletseha ho hang hobane ba phela libakeng tseo ho tsona ho tletseng lintoa feela. Libakeng tse ling teng, bahlanka ba Jehova ba mo sebeletsa le maemong a kotsi le ao ba se nang tokoloho ea ho bolela kapa mosebetsi oa bona o thibetsoe. Le har’a maemo ao, bahlanka bana ba Molimo kaofela ha bona ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ’me ba re behela mohlala o motle haholo. Ha ba tšabe letho hobane baa tseba hore leha ba ka shoa hona joale, Jehova o ba tšepisitse bokamoso bo botle haholo.

5. Ke mokhoa ofe o kotsi o ka thefulang tumelo eo re nang le eona ea hore bafu ba tla tsosoa?

5 Pauluse o ile a bolella Bakreste-’moho le eena hore ba qobe mokhoa o mong o kotsi oo batho ba bang ba neng ba e-na le oona oa ho re: “Haeba bafu ba ke ke ba tsosoa, ‘a re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.’ ” Le pele ho mehla ea Pauluse batho ba bang ba ne ba e-na le tloaelo eo. E ka ’na eaba o ne a qotsa Lengolo la Esaia 22:​13, le bontšang tloaelo eo Baiseraele ba neng ba e na le eona. Ba ne ba phelela ho lelekisa menate ho e-na le ho sebeletsa ho ba le kamano e ntle le Jehova. Batho ba mehleng ena ba na le maikutlo a tšoanang le a Baiseraele a hore ba lokela ho ja monate hona joale hobane ba ka ichoella neng kapa neng. Empa Bibele e re bolella litholoana tse bosula tse ileng tsa hlahela Baiseraele ka lebaka la boikutlo boo bo fosahetseng.​—2 Likron. 36:​15-20.

6. Tšepo eo re nang le eona ka tsoho e lokela ho re susumelletsa ho qoba ho etsa setsoalle le batho ba joang?

6 Taba ea hore Jehova o tl’o tsosa bafu e lokela ho etsa hore re be hlokolosi haholo hore na ke bo-mang bao re ba khethang hore e be metsoalle ea rona. Bakreste ba Korinthe ba ne ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba etsa setsoalle le batho ba neng ba sa lumele hore bafu ba tl’o tsosoa. Ho na le ntho eo re ka ithutang eona tabeng ena. Haeba re etsa setsoalle le batho ba se nang taba le hore na ho tla etsahala’ng ka moso empa ba shebile feela ho ja monate, ha ho na letho le molemo leo re tla le fumana ho bona. Ho qeta nako e ngata le batho ba tjena ho ka senya maikutlo le mekhoa ea rona e metle. Ho ka ba ha etsa hore re etse lintho tseo Molimo a li hloileng. Ke kahoo Pauluse a ileng a fana ka keletso ena e matla: “Tsohang le hlaphoheloe ka tsela e lokileng ’me le se ke la tloaela ho etsa sebe.”​—1 Bakor. 15:​33, 34.

’MELE OA MOFUTA OFE?

7. Ho ea ka 1 Bakorinthe 15:​35-38 ke lipotso life tseo e ka ’nang eaba ba bang ba ne ba li botsa ka tsoho ea bafu?

7 Bala 1 Bakorinthe 15:​35-38. Motho ea neng a batla ho etsa hore batho ba bang ba belaele tsoho ea bafu, o ne a ka botsa a re: “Bafu ba tla tsosoa joang?” Ho molemo hore re nahane ka karabo eo Pauluse a faneng ka eona hobane batho ba bangata mehleng ena ba na le litumelo tse ngata ka hore na ho etsahala’ng ka motho ka mor’a hore a shoe. Empa Bibele eona e re’ng ka taba ee?

Pauluse o ile a etsa mohlala ka peo le semela ho bontša hore Molimo a ka fa batho ’mele eo ba e hlokang ka mor’a hore a ba tsose bafung (Sheba serapa sa 8)

8. Ke papiso efe e ka re thusang ho utloisisa hore na tsoho ea ba eang leholimong e tla ba joang?

8 Ha motho a shoa ’mele oa hae oa bola. Empa haeba Molimo o khonne ho bopa leholimo le lefatše tse neng li le sieo, a ka khona ho tsosa motho ea shoeleng a ba a mo fa ’mele oo a o hlokang. (Gen. 1:1; 2:7) Pauluse o ile a sebelisa papiso e le ho bontša hore Molimo o ne a ke ke a hloka ho tsosa motho ka ’mele o tšoanang le oa hae oa pele. Nahana ka ‘peo.’ Ha peo e jetsoe ea hola ebe e fetoha semela. Semela seo ha se tšoane le peo. Pauluse o ile a sebelisa mohlala ona ho bontša hore ’Mopi oa rona Jehova a ka fa motho “ ’mele feela joalokaha ho mo khahlile.”

9. 1 Bakorinthe 15:​39-41 e re’ng ka mefuta e fapaneng ea ’mele?

9 Bala 1 Bakorinthe 15:​39-41. Pauluse o re Molimo o bopile ’mele ka litsela tse sa tšoaneng. Mohlala, ’mele ea likhomo, linonyana le litlhapi ha e tšoane. Hape o ile a re ho na le phapang pakeng tsa letsatsi le khoeli. O ile a boela a re “naleli e fapana le naleli ka khanya.” Taba ena ke ’nete le haeba rona re sa khone ho bona phapang eo. Bo-rasaense ba re ho na le mefuta e fapaneng ea linaleli, ho na le tse kholo, tse nyane, tse fubelu, tse tšoeu le tse tšehla. Mohlala oa tse tšehla ke letsatsi. Hape Pauluse o ile a re ho na le “ ’mele ea leholimo, le ’mele ea lefatše.” O ne a bolela’ng? Lefatšeng mona re na le ’mele ea nama empa ba phelang leholimong ba na le ’mele ea moea e kang eo mangeloi a nang le eona.

10. Batho ba tl’o tsosetsoa ho ea leholimong ba tl’o ba le ’mele ea mofuta ofe?

10 Hlokomela hore ka mor’a moo Pauluse o ile a re: “Le tsoho ea bafu e joalo. [’Mele] o jaloa o le ho boleng, o tsosoa o le ho se boleng.” Rea tseba hore ha motho a shoa ’mele oa hae oa bola ebe o khutlela leroleng. (Gen. 3:​19) Joale ho tla joang hore ebe ’mele “o tsosoa o le ho se boleng”? Pauluse o ne a sa bue ka motho ea tsosoang bafung ebe o phela lefatšeng hape joaloka ba ileng ba tsosoa ke Elia, Elisha le Jesu. O ne a bua ka motho ea tsosoang bafung a se a e-na le ’mele oa moea.​—1 Bakor. 15:​42-44.

11-12. Jesu o ile a fetoloa joang ha a ne a tsosoa bafung, hona batlotsuoa ba tšoana le eena joang?

11 Ha Jesu a le lefatšeng o ne a e-na le ’mele oa nama. Empa ha a se a tsositsoe bafung e ile “ea e-ba moea o fanang ka bophelo” eaba o khutlela leholimong. Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla tsosoa ba se ba e-na le ’mele ea moea. Pauluse o ile a re: “Feela joalokaha re jere setšoantšo sa ea entsoeng ka lerole, hape re tla jara setšoantšo sa oa leholimo.”​—1 Bakor. 15:​45-49.

12 Ho bohlokoa ho elelloa hore Jesu ha aa ka a tsosoa bafung a e-na le ’mele oa nama. Ha Pauluse a haba ho fihla sehlohlolong sa litaba tsa hae, o ile a re: “Nama le mali li ke ke tsa rua ’Muso oa Molimo” leholimong. (1 Bakor. 15:​50) Baapostola le Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ne ba ke ke ba tsosoa bafung eaba ba ea leholimong ka ’mele ea nama le mali e bolang. Ba ne ba tla tsosoa neng? Pauluse o ile a re e ne e le hona ba tla tsosoa, ba ne ba ke ke ba tsoha hang ka mor’a hore ba shoe. Nakong eo Pauluse a neng a ngola Lengolo la Bakorinthe ba pele, baapostola ba bang ba kang moapostola Jakobo, ba ne ba se ba “robetse lefung.” (Lik. 12:​1, 2) Ho ne ho tla feta nako pele baapostola le batlotsuoa ba bang ba ‘robala lefung.’​—1 Bakor. 15:6.

LEFU LEA HLOLOA

13. Ho ne ho tla etsahala’ng “nakong ea ho ba teng” ha Kreste?

13 Jesu le Pauluse ba ile ba bua ka nako e ikhethang e tl’o fihla, e leng nako ea ho ba teng ha Kreste. Nakong eo, lefatšeng lohle ho ne ho tla ba le lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa le lintho tse ling tse bohloko. Re hlokometse hore boprofeta bona haesale bo phethahala ho tloha ka 1914. Ho ne ho tla etsahala ntho e ’ngoe hape ea bohlokoa nakong ea ho ba teng ha Kreste. Jesu o ile a re litaba tsa ’Muso oa Molimo o seng o qalile ho busa li ne li tla boleloa “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Mat. 24:​3, 7-14) Pauluse o ile a re ‘ho ba teng ha Morena’ e ne e tla ba nako ea hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba robetse lefung ba tsosoe.​—1 Bathes. 4:​14-16; 1 Bakor. 15:23.

14. Ho etsahala’ng ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba hlokahalang nakong ea ho ba teng ha Kreste?

14 Ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba hlokahala hona joale, hang-hang feela ba tsosetsoa leholimong. Mantsoe a Pauluse a hlahang ho 1 Bakorinthe 15:​51, 52 a tiisa taba ena ha a re: “Re ke ke ra robala bohle lefung, empa bohle re tla fetoloa, ka motsotsoana, ka ho panya ha leihlo, nakong ea terompeta ea ho qetela.” Mantsoe ao a Pauluse aa phethahala hona joale. Hang ha barab’abo Kreste ba tsosoa bafung, ba tla thaba haholo hobane ba “tla ba le morena kamehla.”​—1 Bathes. 4:17.

Jesu le Bakreste ba tla fetoloa “ka ho panya ha leihlo” ba tla ikopanya ho felisa batho ba khopo lefatšeng (Sheba serapa sa 15)

15. Ke mosebetsi ofe oo Bakreste ba tl’o fetoloa “ka ho panya a leihlo” ba tla o etsa?

15 Bibele ea re bolella hore na Bakreste ba tl’o fetoloa ka ho panya ha leihlo ba tl’o etsa’ng ha ba se ba le leholimong. Jesu o re ho bona: “Ea hlolang le ea bolokang liketso tsa ka ho fihlela bofelong ke tla mo fa matla holim’a lichaba, ’me o tla lisa batho ka molamu oa tšepe e le hore ba tle ba pshatloe likoto joaloka lijana tsa letsopa, joalokaha ke amohetse ho Ntate.” (Tšen. 2:​26, 27) Ba tla latela Mong’a bona Jesu ’me ba lise lichaba ka molamu oa tšepe.​—Tšen. 19:​11-15.

16. Batho ba tl’o hlola lefu joang?

16 Ho hlakile hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba tl’o hlola lefu. (1 Bakor. 15:​54-57) Ho tsosoa ha bona ho tla ba beha monyetleng oa ho kenya letsoho ha ho hlekoa bokhopo bohle bo teng lefatšeng ha ntoa ea Armagedone e qhoma. Bakreste ba bang ba baloang ka limilione ba tla ‘tsoa matšoenyehong a maholo’ ba kene lefatšeng le lecha. (Tšen. 7:​14) Ba tla pholoha matšoenyeho a maholo ’me ba tla bona ka mahlo ha lefu le hloloa ka tsela e ’ngoe hape ka hore batho ba libilione ba shoeleng khale ba tsosoe. Nahana feela hore na re tla be re thabile hakaakang ha lefu le hloloa ka tsela eo! (Lik. 24:​15) Hape bohle ba tla tšepahalla Jehova ka linako tsohle le bona ba tla hlola lefu lena leo re le futsitseng ho Adama. Ba tla phela ka ho sa feleng.

17. 1 Bakorinthe 15:​58 e re khothalletsa ho etsa’ng hona joale?

17 Hona joale Bakreste kaofela ba lokela ho ananela litaba tse khothatsang tse buang ka tsoho tseo Pauluse a ileng a li ngolla Bakorinthe. Re na le mabaka a utloahalang a ho mamela keletso ea Pauluse ea hore re sebetse ka thata kahohle kamoo re ka khonang “mosebetsing oa morena.” (Bala 1 Bakorinthe 15:​58.) Haeba re lula re chesehela ho etsa mosebetsi oo, re ka lebella ho phela bophelo bo thabisang haholo ka moso. Bophelo boo bo tla re khotsofatsa ho feta ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re ka e nahanang. Taba eo e tla bontša hore mosebetsi oa rona ha ea ka ea e-ba oa lefeela mabapi le Morena.

PINA EA 140 Joale re Thabile

^ ser. 5 Karolo e qetellang ea Bakorinthe ba pele khaolo ea 15 e bua haholo ka ho tsosoa ha Bakreste ba tlotsitsoeng. Empa litaba tseo Pauluse a li ngotseng khaolong eo li bohlokoa le ho linku tse ling. Sehlooho sena se tla bontša hore na tšepo eo re nang le eona ka tsoho e lokela ho ama bophelo ba rona joang hona joale le ho re thusa hore re tle re thabe nakong e tlang.

^ ser. 2 Sehlooho sa “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” se hlahang ka har’a Molula-Qhooa ona se bua ka mantsoe a Pauluse a hlahang ho 1 Bakorinthe 15:29.