Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ithukhubetse Mosebetsing oa Hao

Ithukhubetse Mosebetsing oa Hao

U IKUTLOA joang ha motsoalle oa hao a u ngolletse lengolo le khothatsang? Timothea o ile a fumana lengolo le joalo le tsoang ho Moapostola Pauluse ’me lengolo leo ke Timothea oa bobeli Bibeleng. Ha ho pelaelo hore Timothea o ile a batla sebaka se thotseng e le hore a bale lengolo leo motsoalle oa hae a mo ngoletseng lona. E ka ’na eaba Timothea o ile a ipotsa lipotso tsena: ‘Ebe Pauluse o ntse a phela joang? Na ho na le keletso eo a ka mphang eona ho nthusa ka mosebetsi oo ke o etsang? Na keletso eo a ’ngoletseng eona lengolong lee e tla nthusa hore ke bolele ka ’Muso oa Molimo le hore ke thuse batho ba bang?’ Joalokaha re tla bona, Timothea o ile a fumana likarabo tsa lipotso tsena le lintlha tse ling tse eketsehileng lengolong lena la bohlokoa. Empa hona joale, a ke re bueng ka lintlha tse ’maloa tsa bohlokoa tse hlahang lengolong lena.

“KE TSOELA PELE HO MAMELLA LINTHO TSOHLE”

Ha Timothea a ne a bala mantsoe a qalang a lengolo leo, kapele feela o ile a utloa hore Pauluse oa mo rata. Pauluse o ile a re Timothea ke “ngoana ea ratoang.” (2 Tim. 1:2) Le hoja Timothea a ne a ka ba lilemo tse fetang 30 ha a fumana lengolo, hoo e ka bang ka selemo sa 65 mehleng eo, e ne e se e ntse e le moholo ea nang le boiphihlelo. O ne a sebelitse le Pauluse ka lilemo tse fetang leshome ’me o ile a ithuta lintho tse ngata ho eena.

Ha ho potang hore Timothea o ile a khothatsoa haholo ke ho utloa kamoo ka botšepehi Pauluse a mameletseng mathata kateng. Pauluse o ne a le teronkong Roma a le haufi le ho bolaoa. (2 Tim. 1:​15, 16; 4:​6-8) Timothea o ile a hlokomela hore moapostola Pauluse o ne a le sebete kaha Pauluse o ile a re: “Ke tsoela pele ho mamella lintho tsohle.” (2 Tim. 2:​8-13) Le rona joaloka Timothea, mohlala oa Pauluse oa ho mamella o ka re matlafatsa.

‘U FEHLE MPHO JOALOKA MOLLO’

Pauluse o ile a khothaletsa Timothea hore a nke tšebeletso ea hae e le ea bohlokoa. O ne a batla hore Timothea a “fehle joaloka mollo mpho ea Molimo” eo a neng a e-na le eona. (2 Tim. 1:6) Pauluse o ile a sebelisa lentsoe la Segerike khaʹri·sma bakeng sa “mpho.” Lentsoe leo le bua ka mpho ea mahala e sa tšoaneleng motho, e leng ntho eo a sa e sebeletsang kapa hona hore a ka e fuoa. Timothea o ile a fuoa mpho ena e le hore a il’o etsa tšebeletso e khethehileng phuthehong.​—1 Tim. 4:14.

Timothea o ne a tlameha ho etsa’ng ka mpho eo? Ha a ntse a bala mantsoe a re’ng o “fehle joaloka mollo,” e ka ’na eaba o ile a nahana ka mollo o besitsoeng o nang le mashala a hlenneng. E le hore mashala ao a lule a hlenne a lokela ho lula a rotetsoa. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e re leetsi la Segerike (a·na·zo·py·reʹo) leo Pauluse a ileng a le sebelisa le bolela ho thabela mosebetsi le ho o etsa ka mafolofolo. Ha e le hantle, Pauluse o ne a re Timothea a ithukhubetse mosebetsing oa hae. Le rona re hloka ho etsa joalo ka hore re chesehele tšebeletso ea rona.

“U LEBELE LETLOTLO LENA LE LETLE”

Ha a ntse a tsoela pele ho bala lengolo leo le tsoang ho motsoalle oa hae, Timothea o ile a fumana ntho e ’ngoe e neng e tla mo thusa hore a atlehe tšebeletsong. Pauluse o ile a ngola a re: “O lebele letlotlo lena le letle ka moea o halalelang o lulang ho rona.” (2 Tim. 1:​14) E ne e le letlotlo lefe leo? Ke ntho efe ea bohlokoa eo Timothea a neng a e-na le eona? Temaneng ea 13, Pauluse o ile a amahanya “mantsoe a phelisang hantle,” le ’nete e tsoang ka Bibeleng. (2 Tim. 1:​13) Kaha Timothea e ne e le mosebeletsi, o ile a lokela ho ruta ’nete ka phuthehong le boboleling. (2 Tim. 4:​1-5) Hape, Timothea o ile a khethoa hore e be moholo e le hore a lise linku tsa Molimo. (1 Pet. 5:2) Timothea o ne a tla lokela ho sireletsa letlotlo leo la hae, e leng ’nete eo a neng a lokela ho e ruta batho ka hore a itšetlehe ka moea o halalelang le ka Lentsoe la Molimo.​—2 Tim. 3:​14-17.

Le rona kajeno re fuoe ’nete eo re lokelang ho e ruta batho ba bang. (Mat. 28:​19, 20) Re ka bontša hore re ananela letlotlo lena la bohlokoa ka hore re lule re rapela le ho bala Lentsoe la Molimo kamehla. (Bar. 12:​11, 12; 1 Tim. 4:​13, 15, 16) Re ka boela ra ba le mosebetsi o eketsehileng ka ho sebeletsa re le baholo ka phuthehong kapa tšebeletsong ea nako e tletseng. Letlotlo la mofuta ona le lokela ho etsa hore re ikokobetse re be re itšetlehe ka Jehova. Kahoo, re ka sireletsa letlotlo lena ka hore re le nke e le la bohlokoa hape re kope Jehova a re thuse ho le hlokomela.

“LINTHO TSENA U LI BEHE HO BANNA BA TŠEPAHALANG”

Karolo e ’ngoe ea mosebetsi oa Timothea e ne e le ho koetlisa batho ba bang hore ba tsebe mosebetsi. Ke kahoo Pauluse a ileng a re ho Timothea: “Lintho tseo u ileng oa li utloa ho ’na . . . , u li behe ho banna ba tšepahalang, bao le bona e tla ba ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang.” (2 Tim. 2:2) Timothea o ne a lokela ho ruta ba bang lintho tsohle tseo a ithutileng tsona ho barab’abo rona. Kahoo, ke habohlokoa hore batho ba nang le boikarabelo ka mokhatlong ba loanele ho etsa ntho e tšoanang. Molebeli ea ikokobelitseng ha aa ikoalle ka tsebo eo a nang le eona ka mosebetsi o itseng. Ho e-na le hoo, o koetlisa ba bang e le hore ba khone ho etsa mosebetsi oo. Ha a tšoenyehe ka hore batho bao a ba koetlisang ba tla tseba mosebetsi le ho ipabola ho oona ho mo feta. Kahoo, ha aa ba bontše feela hore na ba etse’ng. Empa o thusa batho bao a ba koetlisang hore ba be le kahlolo e molemo le temoho le hore ba tsebe mosebetsi hantle. Ka tsela eo, ‘banna bao ba tšepahalang’ bao a ileng a ba ruta, ba tla khona ho thusa phutheho haholoanyane.

Ha ho pelaelo hore Timothea o ile a thabela lengolo leo Pauluse a ileng a mo ngolla lona. Re ka inahanela kamoo a neng a lula a bala keletso eo e molemo le ho nahana hore na e ka mo thusa joang mosebetsing oo a neng a o etsa.

Le rona re batla ho sebelisa keletso ena. Re ka e sebelisa joang? Re ka etsa boiteko bohle ho fehla mpho ea rona joaloka mollo, re sireletse letlotlo leo re le fuoeng le ho ruta batho ba bang lintho tsohle tseo re ithutileng tsona. Joalokaha Pauluse a ile a bolella Timothea le rona re ka ‘phetha bosebeletsi ba rona ka botlalo.’​—2 Tim. 4:5.