Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 51

“Jehova . . . o Pholosa ba Sithabetseng”

“Jehova . . . o Pholosa ba Sithabetseng”

“Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng, o pholosa ba sithabetseng moeeng.”​—PES. 34:18.

PINA EA 30 Jehova ke Molimo, Ntate le Motsoalle oa ka

SELELEKELA *

1-2. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

KA LINAKO tse ling, re ka iphumana re ntse re nahana kamoo bophelo bo leng bokhutšoanyane kateng le kamoo bo tletseng “likhathatso” kateng. (Jobo 14:1) Kahoo, hoa utloahala hore ka linako tse ling re ka ikutloa re nyahame. Boholo ba bahlanka ba Jehova ba mehleng ea khale ba ile ba ikutloa joalo. Ba bang ba ne ba bile ba batla ho shoa. (1 Mar. 19:​2-4; Jobo 3:​1-3, 11; 7:​15, 16) Empa Jehova, Molimo eo ba neng ba mo tšepa o ne a ba tšelisa le ho ba matlafatsa ka linako tsohle. Lipale tsa bona li ile tsa ngoloa ka Bibeleng e le ho re tšelisa le ho re laea.​—Bar. 15:4.

2 Sehlooho sena se tl’o bua ka ba bang ba bahlanka ba Jehova ba ileng ba feta har’a mathata a nyahamisang. Bona ke Josefa mora oa Jakobo, Naomi oa mohlolohali le ngoetsi ea hae Ruthe, Molevi ea ngotseng Pesaleme ea 73 le moapostola Petrose. Jehova o ile a ba matlafatsa joang? Hona re ka ithuta’ng mehlaleng ea bona? Likarabo tsa lipotso tseo li tla re kholisa hore “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng” le hore “o pholosa ba sithabetseng.”​—Pes. 34:18.

JOSEFA O ILE A TŠOAROA HAMPE

3-4. Ho ile ha etsahala’ng ka Josefa ha e ntse e le mocha?

3 Ha Josefa a le lilemo li ka bang 17 ho na le litoro tse peli tseo Molimo a ileng a etsa hore a li lore. Litoro tseo li ne li bontša hore ka le leng Josefa e ne e tla ba motho oa bohlokoa eo lelapa labo le tla mo hlompha. (Gen. 37:​5-10) Empa nakoana ka mor’a hore Josefa a lore litoro tseo, bophelo ba hae bo ile ba fetoha haholo. Ho e-na le hore baholoane ba hae ba mo hlomphe, ba ile ba mo rekisa hore e il’o ba lekhoba. O ile a lula ha moofisiri e mong oa Moegepeta ea bitsoang Potifaro. (Gen. 37:​21-28) Bophelo ba hae bo ile ba fetoha haholo ka nako e khutšoanyane feela. O ne a se a sa lule le ntate oa hae ea mo ratang, e se e le lekhoba la boemo bo tlaase la molaoli oa lekhotla oa mohetene ea lulang Egepeta.​—Gen. 39:1.

4 Lintho li ile tsa mpefala le ho feta. Mosali oa Potifaro o ile a bua leshano a qosa Josefa ka hore o lekile ho mo beta. Eaba Potifaro o laela hore Josefa a lahleloe teronkong a sa batla le ho batla hore na litaba tseo ke ’nete. (Gen. 39:​14-20; Pes. 105:​17, 18) Ak’u nahane feela hore na ebe Josefa ngoan’a batho o ne a ikutloa joang ka hore ebe o qositsoe ka teko ea peto eo a sa e etsang. Hape, nahana hore na e ka ’na eaba ntho eo e ile ea hlahisa lebitso la Jehova hampe hakae. Ha se feela Josefa a neng a ka ikutloa a nyahame.

5. Josefa o ile a etsa’ng e le hore a hlole ho nyahama?

5 Ha Josefa e le lekhoba le ha a le teronkong, ho ne ho se na letho leo a ka le etsang ho fetola boemo ba hae. Ke eng e ileng ea mo thusa ho ba le maikutlo a matle? Ha aa ka a qeta nako e ngata a ntse a nahana ka lintho tseo a seng a sa khone ho li etsa empa o ile a sebetsa ka thata mosebetsing oo a neng a o fuoe. Ka holimo ho tsohle, Josefa o ile a etsa hore Jehova a tle pele bophelong ba hae. Ka lebaka leo, Jehova o ile a hlohonolofatsa sohle seo Josefa a ileng a se etsa.​—Gen. 39:​21-23.

6. E ka ’na eaba litoro tsa Josefa li ile tsa mo khothatsa joang?

6 Ho ka etsahala hore ebe Josefa o ile a khothala ha a nahanisisa ka litoro tsane tseo Jehova a neng a ile a etsa hore a li lore. Litoro tseo li ne li bontša hore o ne a tla boela a bone lelapa labo le hore lintho li tla loka. Ho ile ha fela ha e-ba joalo. Ha Josefa a le lilemo li ka bang 37, litoro tsa hae li ile tsa phethahala ka tsela e hlollang.​—Gen. 37:​7, 9, 10; 42:​6, 9.

7. Ho ea ka 1 Petrose 5:​10, ke eng e tla re thusa ho mamella mathata?

7 Re ithuta’ng? Pale ea Josefa ea re hopotsa hore lefatše lena le tletse ka bokhopo le ka batho ba tla re tšoara ka ho hloka toka. Esita le Mokreste-’moho le rona a ka re hata torong. Empa haeba re nka Jehova e le Lefika kapa Setšabelo sa rona, re ke ke ra nyahama haholo kapa ra khaotsa ho mo sebeletsa. (Pes. 62:​6, 7; bala 1 Petrose 5:​10.) Hape hopola hore Josefa o ne a ka ba lilemo li 17 ha Jehova a tla etsa hore a lore litoro tsane tse peli. Taba ena e bontša hore Jehova o tšepa bahlanka ba hae ba bacha. Mehleng ena ho na le bacha ba bangata ba tšoanang le Josefa. Le bona ba na le tumelo ho Jehova. Ba bang ba bona ba hloketsoe toka ka ho kenngoa literonkong hobane ba sa batle ho sekisetsa botšepehi ba bona ho Molimo.​—Pes. 110:3.

BASALI BA BABELI BA SIAMENG HAHOLO

8. Ho ile ha etsahala’ng ka Naomi le Ruthe?

8 Naomi le lelapa la hae ba ile ba tloha Juda hobane ho ne ho e-na le tlala ea boja-likata eaba ba lula naheng ea Moabe e le bajaki. Ha ba le moo, Elimeleke mohatsa oa Naomi o ile a hlokahala a mo siea le bara ba babeli. Hamorao bara bao ba babeli ba ile ba nyala basali ba Bamoabe e leng Ruthe le Orpa. Ka mor’a lilemo tse ka bang leshome, bara ba Naomi le bona ba ile ba hlokahala empa ba ne ba se na bana. (Ruthe 1:​1-5) Nahana feela hore na Naomi, Ruthe le Orpa ba ne ba utloile bohloko hakaakang. Ruthe le Orpa bona ba ne ba ntse ba e-na le monyetla oa hore ba ka nyaloa hape. Empa Naomi, mosali-moholo oa batho ea neng a se a itsofalletse o ne a tla hlokomeloa ke mang? Naomi o ne a nyahame hoo a ileng a ba a re: “Le se ke la mpitsa Naomi. Le mpitse Mara, kaha Ea Matla ’Ohle o nkutloisitse bohloko haholo.” Ka mor’a lintho tsena tse bohloko, Naomi o ile a etsa qeto ea ho khutlela Bethlehema ’me Ruthe a tsamaea le eena.​—Ruthe 1:​7, 18-20.

Molimo o ile a bontša Naomi le Ruthe ka ho hlaka hore a ka thusa bahlanka ba hae ha ba nyahame le ha ba siame. Na oa lumela hore le uena a ka u thusa? (Sheba serapa sa 8 ho ea ho sa 13) *

9. Ho ea ka Ruthe 1:​16, 17, 22, Ruthe o ile a khothatsa Naomi joang?

9 Naomi o ile a thusoa ke eng? Ke lerato. Mohlala, Ruthe o ile a bontša hore o rata Naomi ka hore a lule le eena. (Bala Ruthe 1:​16, 17, 22.) Ha ba le Bethlehema, Ruthe o ile a sebetsa ka thata ho khoahlapisa harese bakeng sa hae le Naomi. Ka lebaka leo o ile a iketsetsa lebitso le letle.​—Ruthe 3:​11; 4:15.

10. Jehova o ile a etsa’ng ho bontša hore o rata batho ba kollang ntsi hanong joaloka Naomi le Ruthe?

10 Jehova o ile a bontša hore o mosa ka hore a fe Baiseraele molao o neng o tla thusa batho ba ikapang ba itlohela ba kang Naomi le Ruthe. O ile a bolella Baiseraele hore ha ba kotula ba siee tse ling tsa lijo-thollo moeling oa tšimo e le hore batho ba kollang ntsi hanong ba ka inkela tsona. (Lev. 19:​9, 10) Kahoo ho ne ho sa hlokahale hore Naomi le Ruthe e be mekopa-kopa. Ba ne ba khona ho ba le lijo ka tsela e nang le seriti.

11-12. Boaze o ile a etsa’ng e ileng ea thabisa Naomi le Ruthe?

11 Tšimo eo Ruthe a neng a khoahlapisa harese ho eona e ne e le ea morui ea bitsoang Boaze. Boaze o ile a khahloa haholo ke tsela eo Ruthe a neng a tšepahalla le ho rata Naomi ka eona hoo a ileng a mo nyala le ho reka tšimo eo neng e le ea Naomi, eo bana ba Ruthe ba neng ba tla e ja lefa. (Ruthe 4:​9-13) Boaze le Ruthe ba ile ba e-ba le ngoana ea bitsoang Obede, eo e ileng ea e-ba ntate-moholo oa Morena Davida.​—Ruthe 4:17.

12 Nahana feela hore na Naomi o ne a khotsofetse ho le hokae ha a ntse a sikile Obede a bile a ntse a rapela Jehova ho tsoa pelong a mo leboha. Empa Naomi le Ruthe ba tla bona likholo nakong e tlang. Ha ba se ba tsositsoe bafung, e tla ba thabo feela mohlang ba tsebang hore Obede e ne e le moholo-holo oa Jesu Kreste e leng eena Mesia eo Jehova a neng a tšepisitse hore oa tla.

13. Re ka ithuta lintho life tsa bohlokoa paleng ea Naomi le Ruthe?

13 Re ithuta’ng? Ha re hlaheloa ke mathata re ka nyahama ra ba ra utloa bohloko. Ha ho le boima ho ka ba thata hore re bone hore na re tsoa le kae. Linakong tse joalo, re lokela ho tšepa Ntate oa rona Jehova haholo re be re lule re le haufi le Bakreste-’moho le rona. Ke ’nete hore Jehova a ka ’na a se ke a tlosa bothata. Mohlala, ha aa ka a tsosa mohatsa oa Naomi le bana ba hae bafung. Empa o tla re thusa hore re mamelle a sebelisa le Bakreste-’moho le rona ho re etsetsa lintho tse ntle.​—Liprov. 17:17.

MOLEVI EA ILENG A BATLA A LAHLA JEHOVA

Mongoli oa Pesaleme ea 73 o ile a batla a lahla Jehova hobane a khalletse batho ba sa mameleng Jehova bao a neng a bona eka ba phela hamonate. Le rona ntho eo e ka re etsahalla (Sheba serapa sa 14 ho ea ho sa 16)

14. Ke eng e ileng ea etsa hore Molevi e mong a nyahame haholo?

14 Mongoli oa Pesaleme ea 73 e ne e le Molevi. Kahoo, o ne a e-na le tlotla e ikhethang ea ho sebeletsa Jehova sebakeng sa hae sa borapeli. Empa ho na le nako eo ka eona a ileng a nyahama. Hobane’ng? O ile a monela batho ba khopo le ba ikhohomosang, eseng hobane a ne a batla ho tšoana le bona empa hobane ba ne ba phela hamonate. (Pes. 73:​2-9, 11-14) Ho ne ho bonahala eka ba na le lintho tsohle, ba phela hamonate, ba hlaba khobe ka lemao ebile ha ba na mathata. Ntho ena e ile ea etsa hore Molevi eo a nyahame haholo hoo a ileng a ba a re: “Ka sebele ke ha lefeela hore ebe ke hloekisitse pelo ea ka le hore ebe ke hlatsoa matsoho a ka ka ho hloka molato.” Ho hlakile hore ntho ena e ka be e entse hore a tlohele ho sebeletsa Jehova.

15. Ho ea ka Pesaleme ea 73:​16-19, 22-25, ke eng e ileng ea etsa hore Molevi ea ngotseng Pesaleme eo a se ke a nyahama?

15 Bala Pesaleme ea 73:​16-19, 22-25. Molevi o ile a kena ka “sehalalelong se seholo sa Molimo.” Ha a le moo le barapeli ba bang ba Jehova, o ile a khona ho theola maikutlo, ho nahana lintho hantle le ho rapela ka boemo ba hae. Ka mor’a ho etsa joalo o ile a hlokomela hore monahano oa hae o ne o fosahetse le hore tsela eo a neng a e nkile e ne e tla mo isa hole le Jehova. Hape o ile a hlokomela hore batho ba khopo letlapa le tla thella ka bona hape “ba tla fela.” Molevi eo o ne a lokela ho bona lintho ka tsela eo Jehova a li bonang ka eona e le hore a tle a se ke a hlola a nyahama le ho monela batho ba khopo. Eitse hang hoba a etse joalo, ha aa ka a hlola a khathatseha hape o ile a thaba. O ile a re: “Ntle ho [Jehova] ha ho ntho e ’ngoe eo ke e thabelang lefatšeng.”

16. Re ka ithuta’ng ho Molevi?

16 Re ithuta’ng? Le ka mohla re se ke ra khalla batho ba khopo bao ho bonahalang eka ba phela hamonate. Monate oo oa bona ke oa nakoana ’me ha ba na bokamoso. (Moek. 8:​12, 13) Ha re ka ba khalla, re tla nyahama re be re qetelle re se re sentse kamano ea rona le Jehova. Kahoo, haeba u ka iphumana u se u khalla batho ba sa mameleng Molimo hobane u bona eka ba phela hamonate, etsisa Molevi eane. Mamela keletso e ntle e tsoang ho Molimo ’me u qete nako u e-na le batho ba etsang thato ea Jehova. Ha u rata Jehova ho feta ntho le ha e le efe, u tla ba le thabo e sa feleng. Hape u tla lula u le tseleng e lebisang ‘bophelong ba sebele.’​—1 Tim. 6:19.

PETROSE O ILE A NYAHAMISOA KE LIPHOSO TSA HAE

Ho nahana ka tsela eo Petrose a ileng a tsoela pele a sebeletsa Molimo le hoja a ne a ile a nyahama ho ka tsoela rona le batho ba bang molemo (Sheba serapa sa 17 ho ea ho sa 19)

17. Ke lintho life tse ileng tsa nyahamisa Petrose?

17 Moapostola Petrose e ne e le motho ea sehlahlo empa ka linako tse ling o ne a bua le ho etsa lintho a sa nahana. Ntho eo e ne e etsa hore ka linako tse ling a ikoahlaele lintho tseo a ileng a li bua kapa a li etsa. Mohlala, ha Jesu a bolella baapostola ba hae hore o tla hlorisoa a be a shoe, Petrose o ile a mo khalemela a re: “Ho hang u ke ke oa ba le qetello ena.” (Mat. 16:​21-23) Eaba Jesu o khalemela Petrose. Ha sekhakhatha sa batho se tla ho tla tšoara Jesu, Petrose o ile a etsa lintho a sa nahana ka hore kapele feela a hlathe tsebe ea lekhoba la moprista ea phahameng. (Joh. 18:​10, 11) Jesu o ile a khalemela Petrose hape. Ntle le moo, Petrose o ne a ile a ithorisa ka hore le ha baapostola ba bang kaofela ba ka siea Jesu, eena a ke ke a ba a khola phalo. (Mat. 26:​33) Petrose o ne a itšepa ho tlola. Hamorao o ile a tšaba batho eaba o latola Jesu ka makhetlo a mararo. Eaba “o tsoela ka ntle ’me o lla habohloko” hobane a ne a nyahame haholo. (Mat. 26:​69-75) E ka ’na eaba o ile a ipotsa hore na ebe Jesu o sa tla mo tšoarela.

18. Jesu o ile a thusa Petrose joang hore a se ke a hlola a nyahama?

18 Petrose ha aa ka a itumella ho nyahama ’me o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova. Ka mor’a hore a etse phoso eo, o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova hammoho le baapostola ba bang. (Joh. 21:​1-3; Lik. 1:​15, 16) Ke eng e ileng ea mo thusa hore a se ke a hlola a nyahama? O ile a hopola hore Jesu o ile a mo rapella hore a se ke a felloa ke tumelo le hore o ile a ’na a re Petrose a khutle a il’o matlafatsa barab’abo. Jehova o ile a araba thapelo eo ea Jesu. Hamorao Jesu o ile a hlaha ho Petrose ka sepheo sa ho mo khothatsa. (Luka 22:​32; 24:​33, 34; 1 Bakor. 15:5) Ka mor’a hore baapostola ba qete bosiu kaofela ba sa tšoasa leha e se e le tlhapi e le ’ngoe feela, Jesu o ile a hlaha ho bona. Ka nako eo, Jesu o ile a fa Petrose monyetla oa ho mo bolella hore oa mo rata. Jesu o ne a tšoaretse Petrose, motsoalle oa hae eo a mo ratang a ba a mo fa mosebetsi o eketsehileng.​—Joh. 21:​15-17.

19. Pesaleme ea 103:​13, 14 e re Jehova o ikutloa joang ka rona ha re mo sitetsoe?

19 Re ithuta’ng? Tsela eo Jesu a ileng a tšoara Petrose ka eona ea bontša hore Jesu o mohau haholo joaloka Ntate oa hae. Kahoo, ha re etsa liphoso re se ke ra nahana hore Jehova a ke ke a re tšoarela. Re hopole hore ke eona ntho eo Satane a batlang hore re e lumele. Re lokela ho nahana haholo ka hore Jehova oa re rata, oa utloisisa hore rea fokola ebile o ikemiselitse ho re tšoarela. Hape, re lokela ho mo etsisa ha batho ba bang ba re siteloa.​—Bala Pesaleme ea 103:​13, 14.

20. Sehlooho se latelang se tla bua ka’ng?

20 Mohlala oa Josefa, Naomi, Ruthe, Molevi le moapostola Petrose ea re kholisa hore “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng.” (Pes. 34:​18) Ke ’nete hore ka linako tse ling o lumella hore re hlaheloe ke mathata le hore re nyahame. Empa ka thuso ea Jehova, re tla khona ho mamella mathata ’me tumelo ea rona e tla matlafala. (1 Pet. 1:​6, 7) Sehlooho se latelang se tla tsoela pele ho bua ka hore na ke joang Jehova a tšehetsang bahlanka ba hae ba nyahameng, ebang ba nyahamisitsoe ke liphoso tsa bona kapa ke maemo a boima.

PINA EA 7 Jehova ke Matla a Rona

^ ser. 5 Josefa, Naomi, Ruthe, Molevi e mong le moapostola Petrose ba ile ba hlaheloa ke mathata a ileng a ba nyahamisa. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na Jehova o ile a ba tšelisa le ho ba matlafatsa joang. Re tla boela re bone hore na re ka ithuta’ng mehlaleng ea bona le tseleng e mosa eo Jehova a ileng a ba thusa ka eona.

^ ser. 56 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Naomi, Ruthe, le Orpa ba ne ba siame ba bile ba nyahame hobane ba hlokahalletsoe ke banna. Hamorao Ruthe, Naomi le Boaze ba ne ba thabile ka mor’a hore Obede a hlahe.