Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Liproverbia 24:​16 e re: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng.” Na temana ee e bua ka motho ea etsang sebe ka makhetlo empa a tšoareloa ke Molimo?

Ha e le hantle, temana ena ha e bue ka motho eo. Ho e-na le hoo, e bua ka motho ea thulanang le mathata a mangata ka makhetlo-khetlo ’me a a mamella.

Ha re ke re shebe litemana tse potolohileng temana ea 16. Li re: “O se ke oa lalla sebaka sa bolulo sa ea lokileng joaloka ea khopo, o se ke oa tlatlapa sebaka sa hae sa phomolo. Etsoe ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema; empa ba khopo ba tla etsoa hore ba khoptjoe ke tlokotsi. Ha sera sa hao se oa, o se ke oa thaba ’me ha se etsoa hore se khoptjoe, e se eka pelo ea hao e ke ke ea nyakalla.”​—Liprov. 24:​15-17.

Batho ba bang ba nahana hore temana ea 16 e bua ka motho ea ileng a etsa libe eaba oa baka. Ka mohlala, baetapele ba babeli ba bolumeli ba hlahang Brithani, ba ile ba ngola hore baruti ba nakong e fetileng le ba hona joale ba hlalositse temana ena ka tsela eo. Ba ile ba phaella ka hore tlhaloso eo e ne e ka bolela ho re “motho ea lokileng a ka etsa sebe se tebileng empa a tsoela pele a rata Molimo le ho ba motsoalle oa hae hobane a bakile.” Motho ea sa rateng ho tlohela ho etsa sebe a ka rata tlhaloso ena. A ka ’na a nahana hore le haeba a ka etsa sebe ka makhetlo, Molimo o tla lula a mo tšoarela.

Empa oo ha se moelelo oa temana ea 16.

Lentsoe la Seheberu e leng “ho oa” le hlahang temaneng ea 16 le ea 17 le ka hlalosoa ka litsela tse ngata tse fapaneng. Ka mohlala, le ka hlalosa phoofolo e oelang ka tseleng, motho ea oelang holim’a ntlo kapa lejoe le oelang fatše. (Deut. 22:​4, 8; Amose 9:9) Lentsoe lena le ka boela la sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso ka tsela e latelang: “Mehato ea monna ea shahlileng e lokisitsoe ke Jehova, o khahloa ke tsela ea hae. Le hoja a ka oa, a ke ke a tabana fatše, Etsoe Jehova o tšehelitse letsoho la hae.”​—Pes. 37:​23, 24; Liprov. 11:5; 13:​17; 17:​20.

Leha ho le joalo, hlokomela hore na Moprofesa Edoard H. Plumptre o ile a reng, o re: “Lentsoe la Seheberu e leng ‘ho oa’ ha le e-s’o ka le sebelisoa ha ho buuoa ka ho oela sebeng.” Kahoo, setsebi se seng sa Bibele se hlalosa temana ea 16 ka tsela ena: “Ho tla be ho se na thuso ho tšoara batho ba Molimo hampe hobane ba tla lula ba atleha empa batho ba khopo bona ba ke ke.”

Kahoo, Liproverbia 24:​16 ha e bue ka ho etsa sebe empa e bua ka motho ea bang le mathata ka makhetlo-khetlo. Lefatšeng lena leo re phelang ho lona hona joale, motho ea lokileng a ka ’na a kula kapa a ba le mathata a mang. Ba boholong pusong ba ka ’na ba mo hlorisa ka lebaka la tumelo ea hae. Empa a ka tšepa hore Molimo o tla mo tšehetsa, a mo thuse hore a mamelle le ho hlola mathata ao. Ipotse, ‘Na nkile ka bona le ka le baliloeng lintho li sa tsamaele bahlanka ba Jehova hantle?’ Bibele e re kholisa hore “Jehova o tšehetsa bohle ba oang, o phahamisa bohle ba inameng.”​—Pes. 41:​1-3; 145:​14-19.

Motho “ea lokileng” ha aa thabe ha a bona batho ba bang ba e-ba le mathata. Ho e-na le hoo, o thabisoa ke ho tseba “hore lintho li tla tsamaea hantle ho ba tšabang Molimo oa ’nete.”​—Moek. 8:​11-13; Jobo 31:​3-6; Pes. 27:​5, 6.