Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na mantsoe a moapostola Pauluse a hlahang ho 1 Bakorinthe 15:​29 a bontša hore Bakreste ba bang ba mehleng ea hae ba ile ba kolobetsoa bakeng sa batho ba hlokahetseng?

Che, ha ho na moo Bibele kapa histori e reng ntho e joalo e ne e etsoa.

Tsela eo temana ena e fetoletsoeng ka eona Libibeleng tse ling, e entse hore batho ba bang ba nahane hore mehleng ea Pauluse, batho ba ne ba kolobetsoa bakeng sa bafu. Mohlala, Bibele Phetolelo e Ncha e re: “Haeba ho hang bafu ha na ho tsoha, ke ka baka la’ng ha ba kolobetsoa bakeng sa bafu?”

Leha ho le joalo, hlokomela seo litsebi tsa Bibele li se buang. Setsebi se seng e leng Dr. Gregory Lockwood o re ha ho na bopaki ka Bibeleng kapa historing bo bontšang hore ho na le motho ea ileng a kolobetsoa molemong oa motho ea hlokahetseng. Setsebi se seng hape sa Bibele e leng Moprofesa Gordon D. Fee o ile a lumellana le seo. O ile a re ha ho na mohlala ka Bibeleng kapa historing o buang ka kolobetso e joalo. O phaella ka ho re ha ho na moo ho buuoang ka eona Testamenteng e Ncha hape ha ho na bopaki bo bontšang hore e kile ea etsoa ke Bakreste ba mehleng ea pele kapa likereke tse ileng tsa e-ba teng ka mor’a hore boapostola ba hlokahale.

Bibele e re balateli ba Jesu ba ne ba lokela hore ba ‘etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, ba ba kolobetse le ho ba ruta ho boloka lintho tsohle’ tseo a neng a ba laetse tsona. (Mat. 28:​19, 20) Pele motho e ka ba morutuoa ea kolobelitsoeng, o ne a lokela ho mamela Jehova le Mora oa hae, ho ithuta ka bona le ho lumela ho bona. Motho ea hlokahetseng o ne a ke ke a khona ho etsa seo ’me le Mokreste ea phelang o ne a ke ke a khona ho etsa seo molemong oa motho ea hlokahetseng.​—Moek. 9:​5, 10; Joh. 4:1; 1 Bakor. 1:​14-16.

Joale Pauluse o ne a bolela’ng?

Bakorinthe ba bang ba ne ba re ha ho na tsoho ea bafu. (1 Bakor. 15:​12) Pauluse o ile a bontša joang hore ba ne ba fositse? O ile a re: “Letsatsi le leng le le leng ke talimana le lefu.” Ke ’nete hore ha aa ka a hlokahala ka nako eo empa o ne a kholisehile hore ha a ka shoa o ne a tla tsosetsoa ho il’o phela leholimong joaloka Jesu.​—1 Bakor. 15:​30-32, 42-44.

Bakorinthe ba ne ba lokela ho utloisisa hore ebe ke Bakreste ba tlotsitsoeng, ba ne ba tla tobana le mathata letsatsi le letsatsi le hore ba shoe pele ba ka tsosoa. Kahoo, ha ba ne ba ‘kolobeletsoa ho kena ho Kreste Jesu’ ba ile ba boela ba ‘kolobeletsoa ho kena lefung la hae.’ (Bar. 6:3) Sena se bolela hore joaloka Jesu ba ne ba tla lokela ho ba le mathata le ho shoa e le hore ba ka tsosetsoa ho il’o phela leholimong.

Lilemo tse fetang tse peli ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe ka metsi, o ile a bolella baapostola ba hae ba babeli a re: “Ka kolobetso eo ke ntseng ke kolobetsoa ka eona, le tla kolobetsoa ka eona.” (Mar. 10:​38, 39) Temana ena ha e bontše hore e ne e le hona Jesu a kolobetsoang ka metsi ka nako eo. O ne a bolela hore ho tšepahala ha hae ho ne ho tla fella ka hore a bolaoe hobane a mamela Molimo. Pauluse o ile a ngola hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba tla ‘utloa bohloko hammoho e le hore ba ka boela ba tlotlisoa hammoho.’ (Bar. 8:​16, 17; 2 Bakor. 4:​17) Kahoo, le bona ba ne ba tla lokela ho shoa e le hore ba ka tsosetsoa ho il’o phela leholimong.

Mantsoe ana ao Pauluse a ileng a a bua a ka fetoleloa ka tsela ena e nepahetseng: “Ho seng joalo, ba tla etsang ba ntseng ba kolobetsoa ka morero oa ho ba ba shoeleng? Haeba bafu ba ke ke ba tsosoa ho hang, ke hobane’ng ha le bona ba ntse ba kolobetsoa ka morero oa ho ba ba joalo?”