Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u balile lihlooho tsa Molula-Qhooa tsa selemong see ka hloko? Haeba ho joalo, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

Re lokela ho tšoara batlotsuoa joang?

Re ananela tumelo ea bona empa ha re ba nkele holimo. Re qoba ho etsa hore ba ikhohomose. (Juda 16) Ha re ba botse lipotso tse amanang le tšepo ea bona.​—w20.01, leq. 29.

U kholisoa ke’ng hore Jehova o u ela hloko u le motho ka mong?

Bibele e bontša hore o u tsebile le pele u hlaha. Hape o mamela lithapelo tsa hao. O tseba menahano ea hao le lintho tse ka pelong ea hao ’me liketso tsa hao lia mo ama. (1 Likron. 28:9; Liprov. 27:​11) O u thusitse hore u mo sebeletse.​—w20.02, leq. 12.

Ke mehlala efe e bontšang hore na re lokela ho bua neng le ho thola neng?

Re thabela ho bua le batho ba bang ka Jehova. Re bua le motho ha a nka tsela e fosahetseng. Baholo ba fana ka keletso ha ho hlokeha. Ha re fane ka lintlha (kapa ho li batla) tsa moo mosebetsi oa rona o thibetsoeng. Ha re fane ka litaba tsa lekunutu.​—w20.03, leq. 20-21.

Litsie tse hlahang ho Joele khaolo ea 2 li fapana joang le tse hlahang ho Tšenolo khaolo ea 9?

Joele 2:​20-29 e re Molimo o leleka litsie ’me o tšepisa hore u tla buseletsa bakeng sa tšenyo eo li e entseng. Ka mor’a moo, Molimo o fana ka moea oa hae. Boprofeta bona bo ile ba phethahala ha Babylona e hlasela Iseraele le ka mor’a moo. Tšenolo 9:​1-11 e bua ka batlotsuoa ba mehleng ena ha ba ntse ba phatlalatsa likahlolo tsa Molimo khahlanong le tsamaiso ena e khopo ’me ba etsa hore batšehetsi ba eona ba ikutloe ba sa tsitsa.​—w20.04, leq. 3-6.

Morena oa leboea ke mang mehleng ee?

Russia le linaha tse e tšehetsang. Ba hlorisa bahlanka ba Molimo, ba thibetse mosebetsi oa boboleli hape ha ba ikhakanye hore ba hloile Lipaki. Morena oa leboea o tsekisana bompoli le morena oa boroa.​—w20.05, leq. 13.

Na makhabane a hlahang ho Bagalata 5:​22, 23 ke ’ona feela ao e leng “litholoana tsa moea”?

Che. Moea o halalelang o re thusa ho ba le makhabane a mang a kang ho loka. (Baef. 5:​8, 9)​—w20.06, leq. 17.

Ke kotsi efe e ka bang teng ha u beha lifoto tsa hao Inthaneteng?

Lintho tseo u li behang moo, li ka fana ka maikutlo a hore oa ikhohomosa ho e-na le ho ikokobetsa.​—w20.07, leq. 6-7.

Batšoasi ba batho ba ka ithuta’ng ho batšoasi ba litlhapi ba atlehang?

Ba sebetsa ka nako le libakeng tseo ba ka fumanang litlhapi ka bongata. Ba koetliselitsoe ho sebelisa thepa e nepahetseng. Hape, ka sebete ba sebetsa le har’a maemo a feto-fetohang. Le rona re ka etsa ntho e tšoanang boboleling.​—w20.09, leq. 5.

U ka thusa liithuti joang ho rata Jehova haholoanyane?

Re ka li khothaletsa hore li bale Bibele letsatsi le letsatsi, li thuise ka lintho tseo li li balileng. Hape re ka li ruta ho rapela.​—w20.11, leq. 4.

Temana e re’ng: “Bohle ba tla phelisoa ka Kreste” e kenyelelitse bo-mang?​1 Bakor. 15:22.

Moapostola Pauluse o ne a sa re batho bohle ba tl’o tsosoa. O ne a bua ka Bakreste ba tlotsitsoeng “ba halalelitsoeng bonngoeng le Kreste Jesu.” (1 Bakor. 1:2; 15:​18)​—w20.12, leq. 5-6.

Batlotsuoa ba tla etsa’ng ka mor’a hore ba ‘fetoloe ka ho panya ha leihlo nakong ea terompeta ea ho qetela’?​—1 Bakor. 15:​51-53.

Ba tla sebetsa le Jesu ho lisa batho ka lere la tšepe. (Tšen. 2:​26, 27)​—w20.12, leq. 12-13.