Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 49

Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng

Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng

“Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore ho tla ba le tsoho.”​—LIK. 24:15.

PINA EA 151 O Tla Hooa

SELELEKELA *

1-2. Bahlanka ba Jehova ba na le tšepo efe e babatsehang?

HO BA le tšepo ke ntho ea bohlokoa haholo. Batho ba bang ba na le tšepo ea hore ba tla ba le malapa a thabileng, ba holise bana ba phetseng hantle kapa bokuli ba bona bo fole. Le rona Bakreste re ka ba le tšepo e tšoanang. Empa re na le tšepo e fetang eo. Re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng le hore baratuoa ba rona ba tla boela ba phele hape.

2 Moapostola Pauluse o ile a re: “Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Lik. 24:​15) E ne e se eena oa pele oa ho bua ka tšepo ea hore bafu ba tla tsoha. Jobo le eena o ile a bua ka taba eo. O ne a kholisehile hore Molimo o tla mo hopola ’me a mo tsose.​—Jobo 14:​7-10, 12-15.

3. Bakorinthe ba pele khaolo ea 15 e ka re thusa joang?

3 Tsoho ea bafu ke karolo ea “thuto ea mathomo” kapa “motheo” oa lithuto tsohle tsa Bokreste. (Baheb. 6:​1, 2) Pauluse o bua haholo ka tsoho ho Bakorinthe ba pele khaolo ea 15. Litaba tseo a ileng a li ngola e tlameha ebe li ile tsa tiisa Bakreste ba mehleng ea hae moko. Le rona khaolo eo e ka re tiisa moko ’me ea matlafatsa tšepo eo esale re e-na le eona ea hore bafu ba tla tsoha.

4. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore baratuoa ba rona ba hlokahetseng ba tla boela ba phele?

4 Tsoho ea Jesu Kreste ea re kholisa hore haeba batho bao re ba ratang ba hlokahala, ba tla tsosoa. Tsoho ea Jesu Kreste e ne e le karolo ea “litaba tse molemo” tseo Pauluse a ileng a li bolella Bakorinthe. (1 Bakor. 15:​1, 2) Pauluse o ile a ba a re haeba Bakreste ba sa lumele hore Jesu o ile a tsosoa, tumelo ea bona ha e na thuso. (1 Bakor. 15:​17) Ho lumela hore Jesu o ile a tsosoa ke eona ntho e etsang hore re lumele hore ba bang ba tla tsosoa.

5-6. Mantsoe a hlahang ho 1 Bakorinthe 15:​3, 4 a re ama joang?

5 Ha Pauluse a qala ho bua ka tsoho, o ile a bua ka lintho tsena tse tharo: (1) “Kreste o ile a shoela libe tsa rona.” (2) “O ile a patoa.” (3) “O tsositsoe ka letsatsi la boraro ho ea ka Mangolo.”​—Bala 1 Bakorinthe 15:​3, 4.

6 Lefu la Jesu, ho patoa le ho tsosoa ha hae ho re ama joang? Moprofeta Esaia o ile a hla a bolela hore Mesia o tla “tlosoa naheng ea ba phelang” ’me o tla “etsa sebaka sa hae sa lepato hammoho le ba khopo.” Empa ho ne ho e-na le ntho e ’ngoe hape e tl’o etsahala. Esaia o ile a eketsa ka ho re Mesia o ne a tla jara “libe tsa batho ba bangata.” Jesu o ile a etsa joalo ha a ne a fana ka bophelo ba hae bakeng sa rona. (Esa. 53:​8, 9, 12; Mat. 20:​28; Bar. 5:8) Kahoo lefu la Jesu, ho patoa le ho tsosoa ha hae ho re fa mabaka a utloahalang a ho lumela hore re tla lokolloa sebeng le lefung le hore re tla bona baratuoa ba rona ba hlokahetseng.

BATHO BA BANGATA BA FANA KA BOPAKI

7-8. Bakreste ba kholisoa ke’ng hore Jesu o ile a tsosoa?

7 E le ho lumela hore bafu ba tla tsosoa, re lokela ho lumela pele hore Jesu o ile a tsosoa. Ke’ng e ka re kholisang hore Jehova o ile a tsosa Jesu?

8 Ho na le batho ba bangata ba boneng Jesu ha a se a tsositsoe ’me ba ile ba bolella ba bang. (1 Bakor. 15:​5-7) Pauluse o ile a bua ka moapostola Petrose (Kefase) e le eena oa pele oa ho bona Jesu. Barutuoa ba bang ba ile ba tiisa taba ea hore Petrose o ile a bona Jesu ha a se a tsositsoe. (Luka 24:​33, 34) Ho ekeletsa moo, baapostola “ba leshome le metso e ’meli,” ba ile ba bona Jesu ka mor’a hore a tsosoe. Ka mor’a moo, Kreste o ile “a bonahala ho barab’abo rona ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe.” Mohlomong nakong eo ba neng ba kopane Galilea joalokaha ho boletsoe ho Matheu 28:​16-20. Jesu o ile a boela “a bonahala ho Jakobo.” E ka ’na eaba Jakobo enoa e ne e le moena oa Jesu eo pele a neng a sa lumele hore Jesu ke Mesia. (Joh. 7:5) Ka mor’a hore a bone Jesu ha a se a tsositsoe, o ile a kholiseha hore Jesu ke Mesia. Ntho e thabisang ke hore batho ba bangata ba ileng ba bona Jesu ka mor’a hore a tsosoe, ba ne ba ntse ba phela ha Pauluse a ne a ngola lengolo lena ka selemo sa bo55 mehleng ea baapostola. Kahoo motho ea neng a belaela o ne a ka fumana bopaki ba ’nete ho batho bana.

9. Ha re bala Liketso 9:​3-5, Pauluse o fana ka bopaki bofe ba hore Jesu o tsositsoe?

9 Hamorao Jesu o ile a hlaha ho Pauluse. (1 Bakor. 15:8) Ha Pauluse (Saule) a le tseleng e eang Damaseka o ile a utloa lentsoe la Jesu a le leholimong ’me a ba a mo bona ponong. (Bala Liketso 9:​3-5) Se ileng sa etsahalla Pauluse ke bopaki bo eketsehileng ba hore Jesu o ile a tsosoa.​—Lik. 26:​12-15.

10. Tumelo eo Pauluse a neng a e-na le eona ea hore Jesu o tsositsoe e ile ea mo susumelletsa hore a etse’ng?

10 Batho ba bang ba ne ba ka thahasella ho utloa bopaki ba Pauluse hobane o ne a sotla Bakreste pele Jesu a hlaha ho eena. Ka mor’a hore Pauluse a kholisehe hore Jesu o tsositsoe bafung, o ile a sebetsa ka thata ho kholisa batho ba bang ’nete eo. O ile a mamella ho shapuoa, ho koalloa teronkong le ho robeheloa ke sekepe ha a ntse a bolella batho hore Jesu o ile a tsosoa. (1 Bakor. 15:​9-11; 2 Bakor. 11:​23-27) Tumelo ea Pauluse ea hore Jesu o tsositsoe e ne e le matla hoo a neng a ikemiselitse ho shoa hobane a ntse a ruta batho ka taba eo. Na lintho tsee kaofela ha li u kholise hore Jesu o ile a tsoha bafung? Hape na ha li tiise tumelo ea hao ea hore bafu ba tla tsoha?

PAULUSE O BA HLAKISETSA TABA EA TSOHO

11. Ke hobane’ng ha ho ka etsahala hore ebe Bakorinthe ba bang ba ne ba e-na le pono e fosahetseng ka tsoho?

11 Ba bang motseng oo oa Korinthe o naheng ea Greece ba ne ba e-na le pono e fosahetseng ka tsoho hoo ba ileng ba re “ha ho na tsoho ea bafu.” Hobane’ng? (1 Bakor. 15:​12) Bo-rafilosofi ba motseng o mong hona moo Greece o bitsoang Athene ba ne ba tšeha taba ea hore Jesu o tsositsoe. Kahoo, e ka ’na eaba ntho eo e ile ea ama batho ba bang ba Korinthe. (Lik. 17:​18, 31, 32) Ba bang ba ne ba nahana hore tsoho ha se ntho ea sebele. Ba ne ba nka tsoho ka tsela ea hore ha motho e le moetsalibe “o shoele” empa ha e le Mokreste “oa phela.” Ho sa tsotellehe hore na ke hobane’ng ha ba ne ba sa lumele tsoho ea bafu, tumelo ea bona e ne e se na thuso. Haeba Molimo ha aa tsosa Jesu, taba eo e ne e tla bolela hore ha rea tšoareloa libe le hore Jesu ha aa shoela libe tsa rona. Kahoo, ba neng ba sa lumele tsoho ea bafu ba ne ba se na tšepo ea sebele.​—1 Bakor. 15:​13-19; Baheb. 9:​12, 14.

12. Ho ea ka 1 Petrose 3:​18, 22, tsela eo Jesu a tsositsoeng ka eona e fapana joang le ea ba tsositsoeng pele ho eena?

12 Pauluse o ne a tseba hore “Kreste o tsositsoe bafung.” Tsela eo Jesu a tsositsoeng ka eona e phahametse hole ea batho ba tsositsoeng pele ho eena hobane bona ba ile ba shoa hape. Pauluse o ile a re Jesu ke “litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.” Ke ka tsela efe Jesu e leng eena oa pele? E ne e le eena oa pele oa hore a tsosoe e le motho oa moea a be a ee leholimong.​—1 Bakor. 15:​20; Lik. 26:​23; bala 1 Petrose 3:​18, 22.

BATHO “BA TLA PHELISOA”

13. Pauluse o ile a re Adama le Jesu ba fapana joang?

13 Ho tla joang hore ebe lefu la motho a le mong le pholosa batho ba bangata? Pauluse o fana ka karabo e hlakileng ea potso eo. O bua ka hore na ntho eo Adama a e baketseng batho e fapana joang le eo Jesu Kreste a ba etselitseng eona. Ha a bua ka Adama o re: “Lefu le teng ka motho.” Ha Adama a etsa sebe o ile a ipitsetsa sebe hammoho le ba tlang ka mor’a hae. Le hona joale re ntse re khola litholoana tse bosula ka lebaka la ho se mamele ha hae. Empa kaha Molimo o ile a tsosa Jesu, hona joale re na le bokamoso bo chabileng. “Tsoho ea bafu le eona e teng ka motho,” e leng Jesu Kreste. Pauluse o ile a re: “Etsoe feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.”​—1 Bakor. 15:​21, 22.

14. Hlalosa hore na Adama o tl’o tsosoa.

14 Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a re: “Ka Adama, bohle [baa] shoa”? O ne a bua ka batho bohle ba futsitseng sebe le ho se phethahale ho Adama ’me ba tjametsoe ke lefu. (Bar. 5:​12) Adama ha e tl’o ba e mong oa “ba tla phelisoa.” Adama ha aa kenelle ho batho bao Jesu a ba shoetseng hobane eena o ne a phethahetse ’me o ile a ikhethela ho se mamele Molimo. Ntho e etsahalletseng Adama e tšoana le e tl’o etsahalla bao “Mor’a motho” a tl’o ba ahlola e le “lipoli” ’me ba tla ea timetsong e sa feleng.​—Mat. 25:​31-33, 46; Baheb. 5:9.

Jesu o nyolohela leholimong. Ba bang ba Bakreste ba pele ba hlahile pel’a hae. (Sheba serapa sa 15 le 16) *

15. Ke bo-mang ba keneletseng ho “bohle ba tla phelisoa”?

15 Hlokomela hore Pauluse o ile a re “bohle ba tla phelisoa ka Kreste.” (1 Bakor. 15:​22) Lengolo la Pauluse le ne le ngolletsoe Bakreste ba Korinthe ba tlotsitsoeng ba tla tsosetsoa ho ea leholimong. Bakreste bao “ke ba halalelitsoeng bonngoeng le Kreste Jesu, ba bitselitsoeng ho ba bahalaleli.” Hape Pauluse o ile a bua ka ba ileng ba “robala lefung bonngoeng le Kreste.” (1 Bakor. 1:2; 15:​18; 2 Bakor. 5:​17) Lengolong le leng la Bibele, Pauluse o ile a re ba ‘kopantsoeng le Jesu lefung le tšoanang le la hae’ ba tla ‘kopanngoa le eena tsohong e tšoanang le ea hae.’ (Bar. 6:​3-5) Jesu o tsositsoe e se e le motho oa moea a ba a ea leholimong. Ke sona se tla etsahala ho bohle ba “bonngoeng le Kreste,” e leng Bakreste bohle ba tlotsitsoeng.

16. Pauluse o ne a bolela’ng ha a re Jesu ke “litholoana tsa pele”?

16 Pauluse o ile a re Kreste ke “litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.” Hopola hore ba bang ho akarelletsa le Lazaro ba ile ba tsosoa empa Jesu e ne e le eena oa pele oa ho tsosoa e le motho oa moea le ho fumana bophelo bo sa feleng. A ka tšoantšoa le litholoana tsa pele tse kotutsoeng tseo Baiseraele ba neng ba li nyehela ho Jehova. Hape ha Pauluse a re Jesu ke “litholoana tsa pele,” o ne a bolela hore ho na le ba bang ba tla tsosetsoa ho ea phela leholimong. Baapostola le ba bang ba “bonngoeng le Kreste” ba ne ba tla qetella ba tsoselitsoe ho ea leholimong joaloka Jesu.

17. Ba “bonngoeng le Kreste” ba tla fumana moputso oa ho ea leholimong neng?

17 Tsoho ea ba eang leholimong ba “bonngoeng le Kreste,” e ne e e-s’o qale ha Pauluse a ne a ngolla phutheho ea Korinthe. Kahoo, Pauluse o ne a bontša hore ke hona e tla etsahala ha a ne a re: “E mong le e mong boemong ba hae: Kreste ke litholoana tsa pele, ka mor’a moo [e tla ba] bao e leng ba Kreste nakong ea ho ba teng ha hae.” (1 Bakor. 15:​23; 1 Bathes. 4:​15, 16) Hona tjena re phela mehleng ea “ho ba teng ha Kreste.” Baapostola le Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ileng ba shoa ba ile ba tlameha ho emela nako ea “ho ba teng” ha Kreste hore e fihle e le hore ba fumane moputso oa bona oa ho ea leholimong ’me ba “kopanngoe le [Jesu] tsohong e tšoanang le ea hae.”

RE NA LE TŠEPO EA SEBELE

18. (a) Ke hobane’ng ha re ka etsa qeto ea hore ho tla ba le tsoho e tla latela ea ba tla ea leholimong? (b) Joalokaha 1 Bakorinthe 15:​24-26 e bontša, ho tl’o ba le liphetoho life leholimong?

18 Ho tla etsahala’ng ka Bakreste bohle ba tšepahalang ba se nang tšepo ea ho phela leholimong le Kreste? Le bona ba na le tšepo ea hore ba tla tsosoa. Bibele e re Pauluse le ba bang ba eang leholimong ba tla tsosoa “pejana bafung.” (Bafil. 3:​11) Taba ena ea bontša hore ho ntse ho e-na le batho ba bang ba tl’o tsosoa. E lumellana hantle le ntho eo Jobo a itseng e tl’o mo etsahalla. (Jobo 14:​15) “Bao e leng ba Kreste nakong ea ho ba teng ha hae” ba tla ba leholimong le Jesu ha a felisa matla, mebuso eohle le bolaoli bohle. Le “sera sa ho qetela, lefu” se tl’o felisoa. Ha e le ba ileng leholimong ha ba sa hlotse ba e-shoa. Empa ho tla etsahala’ng ka ba bang?​—Bala 1 Bakorinthe 15:​24-26.

19. Batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng moo ba ka lebella’ng?

19 Batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng moo ba ka lebella’ng? Ba ka ba le tšepo mantsoeng a Pauluse a reng: “Ke na le tšepo . . . ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Lik. 24:​15) Kaha ha ho na motho ea sa lokang ea tla ea leholimong, mantsoe ana a bua ka tsoho e tla etsahala lefatšeng.

Haeba re e-na le tumelo ea hore bafu ba tla tsoha, re ka lebella ho ba le bokamoso bo chabileng (Sheba serapa sa 20) *

20. Ke eng e matlafalitseng tšepo ea hao ea hore bafu ba tla tsoha?

20 Ha ho tika-tiko hore “tsoho ea bafu e tla ba teng.” Bohle ba tl’o phela lefatšeng ka mor’a ho tsosoa bafung ba tl’o fumana monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. U ka lumela hore tšepiso eo e tl’o phethahala. Tšepiso eo e ka u khothatsa haeba ho e-na le baratuoa ba hao ba hlokahetseng. Ba tla tsosoa bafung nakong eo Kreste le ba bang ba ‘busang e le marena ka lilemo tse sekete.’ (Tšen. 20:6) Le uena u ka kholiseha hore haeba u ka shoa pele lilemo tse sekete tsa puso ea Kreste li qala, u tla tsosoa. Tšepo ena “ha e soetse.” (Bar. 5:5) E ka u tiisa moko le ho etsa hore u thabe le ho feta ha u sebeletsa Jehova. Joalokaha sehlooho se latelang se tl’o bontša, ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ho Bakorinthe ba pele khaolo ea 15.

PINA EA 147 Re Tšepisitsoe Bophelo bo sa Feleng

^ ser. 5 Lengolo la pele la Bakorinthe khaolo ea 15 le bua haholo ka tsoho. Ke hobane’ng ha taba ee e le ea bohlokoa ho rona? Hape, ke hobane’ng ha re kholisehile hore Jesu o ile a tsosoa? Sehlooho sena se tl’o arabela lipotso tsena le tse ling tsa bohlokoa ka tsoho.

^ ser. 56 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Jesu ke eena oa pele oa ho ea leholimong. (Lik. 1:9) Ba bang ba barutuoa ba hae ba neng ba tla ea leholimong ke Thomase, Jakobo, Lydia, Johanne, Maria le Pauluse.

^ ser. 58 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o hlokahaletsoe ke mohatsa oa hae eo ba phetseng le eena nako e telele ba sebeletsa Jehova. O na le tšepo e tiileng ea hore o tla tsosoa ’me o tsoela pele a ntse a sebeletsa Jehova.