Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KELETSO E BOHLALE EA KHALE, E SEBETSANG LE KAJENO

Le se ke la Tšoenyeha

Le se ke la Tšoenyeha

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Khaotsang ho tšoenyeha ka meea ea lōna [bophelo ba lōna].”—Matheu 6:25.

Seo se bolela’ng? Jesu o ile a bua mantsoe ao Thutong ea hae ea Thabeng. Ho latela dikishinari e ’ngoe ea Bibele, leetsi la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tšoenyeha” le ka bolela boikutlo boo “ka tloaelo motho a bang le bona ha a futsanehile, a lapile kapa a hlahetsoe ke bothata bo itseng.” Hangata ho tšoenyeha ho akarelletsa ho ngongoreha ka lintho tse ka ’nang tsa etsahala nakong e tlang. Ke ntho e tloaelehileng le e loketseng hore re amehe ka seo re se hlokang nameng le hore batho bao re ba ratang ba phele hantle. (Bafilipi 2:20) Empa ha Jesu a ne a re “le ka mohla le se ke la tšoenyeha,” o ne a eletsa balateli ba hae hore ba se ke ba tšoenyeha ho sa hlokahale—e leng ho ba le tšabo e feteletseng ka bokamoso, e ka sitisang motho hore a thabele bophelo kajeno.—Matheu 6:31, 34.

Na keletso eo ea sebetsa kajeno? E ka ba hantle hore re latele keletso eo ea Jesu. Hobane’ng? Libuka tse ling tsa litsebi li bolela hore ha batho ba tšoenyeha ho feta tekano, maikutlo a bona a lula a phahame le hore boemo boo “bo bakela batho mahloko a kang liso tsa ka maleng, lefu la pelo le asma.”

Jesu o ile a fana ka lebaka le utloahalang la hore re qobe ho tšoenyeha: Ha ho na thuso. O ile a botsa a re: “Ke mang ho lōna eo ka ho tšoenyeha a ka eketsang nako ea bophelo ba hae ka setsoe se le seng?” (Matheu 6:27) Re ke ke ra lelefatsa bophelo ba rōna le hanyenyane feela ka ho lula re tšoenyehile, re se re sa re letho ka ho bo ntlafatsa. Ntle ho moo, hangata lintho ha li qetelle hampe ho ea kamoo re neng re nahanne. Setsebi se seng se ile sa re: “Re iqeta matla feela ha re ntse re tšoenyeha ka bokamoso, hobane hangata bokamoso bo re tlisetsa melemo ho feta mathata ao re neng re a nahanne.”

Re ka etsa joang hore re qobe ho tšoenyeha? Ntho ea pele ke hore re tšepe Molimo. Haeba Molimo a khona ho fepa linonyana le ho apesa lipalesa ka botle, na o tla sitoa ho fa batho ba mo rapelang lintho tseo ba li hlokang bophelong? (Matheu 6:25, 26, 28-30) Ntlha ea bobeli, shebana le letsatsi ka leng. Jesu o ile a re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona.” Etsoe na hase ’nete hore “letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona”?—Matheu 6:34.

Ha re mamela keletso ena ea Jesu, re tla itšireletsa hore re se ke ra kula. Ho feta moo, re tla ba le khutso ka pelong—e leng seo Bibele e se bitsang “khotso ea Molimo.”—Bafilipi 4:6, 7.