Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 29

“Ha ke Fokola Joale ke ha ke le Matla”

“Ha ke Fokola Joale ke ha ke le Matla”

“Ke khahlisoa ke mefokolo, lithohako, maemo a ho hloka, mahloriso le mathata, ka lebaka la Kreste.”​—2 BAKOR. 12:10.

PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa

SELELEKELA *

1. Moapostola Pauluse o ile a lumela eng?

KA LINAKO tse ling, moapostola Pauluse o ne a lumela hore o ne a ikutloa a fokola. O ile a lumela hore ’mele oa hae o ne o ‘ntse o senyeha,’ hape o ne a lokela ho loanela ho etsa lintho tse nepahetseng le hore Jehova o ne a sa arabe lithapelo tsa hae ka tsela eo a neng a lebeletse. (2 Bakor. 4:​16; 12:​7-9; Bar. 7:​21-23) Pauluse o ile a boela a lumela hore bahanyetsi ba hae ba ne ba mo nka a se na thuso kapa a fokola. * Empa ha aa ka a lumella maikutlo a batho ba bang a fosahetseng kapa bofokoli ba hae hore li mo etse a ikutloe a se na thuso.​—2 Bakor. 10:​10-12, 17, 18.

2. Ho ea ka 2 Bakorinthe 12:​9, 10, Pauluse o ile a ithuta thuto efe ea bohlokoa?

2 Pauluse o ile a ithuta thuto ea bohlokoa e leng ea hore motho a ka ba matla le hoja a utloa a fokola. (Bala 2 Bakorinthe 12:​9, 10.) Jehova o ile a bolella Pauluse hore matla a hae a “etsoa a phethahetseng bofokoling,” ka mantsoe a mang, taba ena e bolela hore Jehova o ne a ka fa Pauluse matla ao a a hlokang. Empa pele, a re hlahlobe hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho koata ha bahanyetsi ba rona ba re hlapaola kapa ba re rohaka.

U KHAHLISOE KE LITHOHAKO

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho thaba ha re rohakoa?

3 Ha ho na motho ea ratang ho rohakoa. Leha ho le joalo, lira tsa rona li rata ho re rohaka ’me ha re ka tšoenyeha haholo kapa ra koatisoa ke lintho tseo ba re bolellang tsona re ka nyahama. (Liprov. 24:​10) Kahoo, re lokela ho etsa’ng ha bahanyetsi ba rona ba re hlapaola? Joaloka Pauluse, re lokela ho “khahlisoa ke . . . lithohako.” (2 Bakor. 12:​10) Hobane’ng? Hobane ha batho ba re rohaka le ho re hlorisa, taba ena e bontša hore re barutuoa ba Jesu. (1 Pet. 4:​14) Jesu o ile a re balateli ba hae ba ne ba tla hlorisoa. (Joh. 15:​18-20) Taba ena e ile ea etsahala hantle mehleng ea baapostola. Mehleng eo, batho ba ileng ba susumetsoa ke setso sa Bagerike ba ne ba nka Bakreste ba se bohlale ba bile ba fokola. Bajuda bona ba ne ba nka Bakreste ba sa ruteha ebile e le “ba tloaelehileng” joaloka moapostola Petrose le Johanne. (Lik. 4:​13) Batho ba bangata ba ne ba nka Bakreste ba fokola ebile ba se na thuso kaha ba ne ba se na matla kapa tšusumetso lipolotiking le sesoleng ’me ba ne ba sa hlomphuoe sechabeng.

4. Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba etsa’ng ha bahlorisi ba bona ba ne ba bua lintho tse mpe ka bona?

4 Na Bakreste ba mehleng eo ba ile ba lumella menahano e fosahetseng ea bahanyetsi ba bona hore e ba nyahamise? Ho hang. Ka mohlala, moapostola Petrose le moapostola Johanne ba ne ba nka e le tlotla hore ebe baa hlorisoa ka lebaka la ho latela Jesu le ho ruta batho ba bang ka eena. (Lik. 4:​18-21; 5:​27-29, 40-42) Barutuoa ba Jesu ba ne ba se na lebaka la ho ikutloa ba se na thuso. Ha nako e ntse e-ea, Bakreste bao ba ikokobelitseng, ba ile ba thusa batho ho feta kamoo bahanyetsi ba bona ba neng ba etsa kateng. Mohlala, libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ke ba bang ba Bakreste bao li ntse li tsoela pele ho thusa batho ba limilione le ho ba fa tšepo. ’Muso oo ba neng ba bolella batho ka oona o se o hlonngoe ’me o tla busa batho haufinyane. (Mat. 24:​14) Empa ’Muso o matla oa Roma o neng o hlorisa Bakreste ha oa ka oa ema ka nako e telele ebile, hona joale Bakreste bao ba tšepahalang ke marena leholimong. Empa bahlorisi ba bona ba shoele ’me haeba ba tla tsosoa, ba tla be ba busoa ke ’Muso o neng o buelloa ke Bakreste bao ba neng ba ba hloile.​—Tšen. 5:10.

5. Ho ea ka Johanne 15:​19, ke hobane’ng ha batho ba sa hlomphe bahlanka ba Jehova?

5 Mehleng ena batho ba bangata ha ba hlomphe Lipaki ebile baa li soma hobane ba nahana hore ha li ea ruteha ebile ha li na matla. Hobane’ng? Ke hobane Lipaki ha li lumellane le mekhoa eo batho bao ba phelang har’a bona ba phelang ka eona. Re leka ho ikokobetsa, ho ipeha fatše le ho mamela. Leha ho le joalo, batho ba bangata mehleng ena ba rata batho ba ikhohomosang, ba ikhantšang le ba itaolang kapa ba sa mameleng. Lebaka le leng ke hore ha re kenelle lipolotiking kapa hona ho ba litho tsa sesole linaheng tsa rona. Re fapane le batho ba mehleng ena, kahoo ba nahana hore rea fokola.​—Bala Johanne 15:​19; Bar. 12:2.

6. Jehova o finyeletse’ng a sebelisa batho ba hae?

6 Le hoja batho ba bangata lefatšeng ba nahana hore rea fokola, Jehova eena o re sebelisa ho finyella lintho tse kholo. O khona ho finyella mosebetsi o moholo ka ho fetisisa e leng oa ho bolela. Bahlanka ba hae mehleng ena, ba fetolela le ho aba lingoliloeng tse ngata ka ho fetisisa hape ba sebelisa Bibele ho thusa batho ba limilione ho fetola bophelo ba bona. Tsena tsohle li ne li ke ke tsa khoneha ha e se ka thuso ea Jehova. O sebelisa sehlopha sa batho ba bonahalang ba fokola hore a finyelle mesebetsi ena e meholo. Empa ho thoe’ng ka rona ka bomong? Na Jehova a ka re thusa hore re be matla? Haeba ho joalo, re lokela ho etsa’ng e le hore a re thuse? A re hlahlobeng lintho tse tharo tseo re ka ithutang tsona mohlaleng oa moapostola Pauluse.

U SE KE OA ITŠETLEHA KA MATLA A HAO

7. Ke thuto efe eo re ithutang eona mohlaleng oa Pauluse?

7 Thuto eo re ithutang eona mohlaleng oa moapostola Pauluse ke hore, ha rea lokela ho itšetleha ka matla kapa bokhoni ba rona ha re sebeletsa Jehova. Batho ba bangata ba ne ba rata Pauluse ka lebaka la maemo a hae le bokhoni ba hae ’me taba eo e ne e ka etsa hore a ikhohomose le hore a itšetlehe ka matla a hae. O holetse Tarsase e leng motse-moholo oa Roma. Tarsase e ne e atlehile haholo hape e na le univesithi e tummeng. Pauluse o ne a rutehile haholo ’me o ile a rutoa ke moeta-pele e mong oa Mojuda ea neng a hlomphuoa haholo ea bitsoang Gamaliele. (Lik. 5:​34; 22:3) Hape Pauluse e ne e kile ea eba motho oa bohlokoa haholo sechabeng sa Bajuda. O ile a re: “Ke ne ke hatela pele Bojudeng ho feta ba bangata ba lilemo tsa ka morabeng oa heso.” (Bagal. 1:​13, 14; Lik. 26:4) Empa Pauluse o ne a sa itšetleha ka matla a hae.

Pauluse o ne a nka lintho tse ngata tseo batho ba lefatše lena ba li nkang e le tsa bohlokoa e le lithole tse ngata ha li bapisoa le tokelo eo a neng a e-na le eona ea ho ba molateli oa Kreste (Sheba serapa sa 8) *

8. Ho ea ka Bafilipi 3:​8, Pauluse o ne a nka lintho tseo a ileng a li tela e le’ng, hona ke joang a ileng a “khahlisoa ke mefokolo”?

8 Pauluse o ile a thabela ho tela lintho tse neng li etsa hore batho ba mo nke e le oa bohlokoa kapa a e-na le matla. Ha e le hantle, o ne a nka lintho tseo e le “lithole tse ngata.” (Bala Bafilipi 3:8.) Pauluse o ile a thulana le mathata a mangata kaha e ile ea e-ba molateli oa Kreste. Sechaba sa habo se ne se mo hloile. (Lik. 23:​12-14) Hape o ile a otloa le ho tšoaroa ke Baroma ba habo. (Lik. 16:​19-24, 37) O ile a boela a hlokomela hore kaha ha aa phethahala, ho boima hore a lule a etsa lintho tse nepahetseng. (Bar. 7:​21-25) Empa ho e-na le hore a lumelle mathata ao a tobanang le ’ona kapa batho ba mo hlorisang hore ba etse hore a tlohele ho latela Kreste, o ile a “khahlisoa ke mefokolo.” Hobane’ng? Ke hobane ha a fokola, o ne a bona kamoo Molimo a neng a mo thusa kateng.​—2 Bakor. 4:7; 12:10.

9. Re lokela ho ikutloa joang ka lintho tse etsang hore re ikutloe re se na thuso?

9 Haeba re batla hore Jehova a re fe matla, ha rea lokela ho nahana hore thuto, matla a rona, setso sa rona kapa maruo, e ka ba tsona lintho tse ka etsang hore re be ba bohlokoa. Lintho tsena ha se tsona tse etsang hore re be ba bohlokoa ho Jehova. Ha e le hantle, ha se bahlanka ba Jehova ba bangata ‘ba bohlale, ba matla le ba nang le tsoalo ea borena.’ Ho e-na le hoo, Jehova o khethile ho sebelisa “lintho tse fokolang tsa lefatše.” (1 Bakor. 1:​26, 27) Kahoo, le haeba u se na lintho tseo re buileng ka tsona qalong ea serapa sena, u ntse u ka sebeletsa Jehova. E-ba le maikutlo a nepahetseng e le hore u ka bona matla a Jehova bophelong ba hao. Mohlala, haeba u ikutloa u tšaba batho ba etsang hore u belaelle tumelo ea hao, rapela Jehova hore a u fe sebete e le hore u ka sireletsa tumelo ea hao. (Baef. 6:​19, 20) Haeba u kula haholo, kopa Jehova hore a u fe matla ao u a hlokang e le hore u ka lula u phathahane tšebeletsong ea hae. Nako le nako ha u bona Jehova a u thusa, tumelo ea hao e tla ba matla le ho feta ’me le uena u tla ba le matla.

ITHUTENG MEHLALENG EA BIBELE

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba mehlala ea batho ba hlahang ka Bibeleng joaloka e ho Baheberu 11:​32-34?

10 Pauluse e ne e le seithuti se hloahloa sa Mangolo. O ile a ithuta lintho tse ngata lentsoeng la Molimo hape a ithuta le mehlaleng ea batho ba hlahang ka Bibeleng. Ha a ne a ngolla Bakreste ba Baheberu lengolo, o ile a re ba nahane ka mehlala ea batho ba bangata ba neng ba tšepahalla Jehova. (Bala Baheberu 11:​32-34.) Nahana ka mohlala oa a le mong oa bona e leng Morena Davida. Davida ha aa ka a hlorisoa ke lira tsa hae feela empa o ile a boela a hlorisoa ke batho bao e neng e le metsoalle oa hae. Ha re ntse re hlahloba mohlala ona oa Davida, re tla bona kamoo o ileng oa thusa Pauluse ha a ntse a nahanisisa ka oona hape re tla bona hore na re ka etsisa Pauluse joang.

Davida o ile a loana le Goliathe le hoja a ne a le monyane a bile a se na matla. O ile a tšepa Jehova hobane a ne a tseba hore o tla mo fa matla a fetang a Goliathe ’me Jehova o ile a etsa joalo (Sheba serapa sa 11)

11. Ke hobane’ng ha ho ne ho bonahala eka Davida o ne a fokola? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)

11 Goliathe o ne a bona Davida a fokola a bile a se na matla. Bibele e re ha a bona Davida, o ile a mo nyelisa. Goliathe o ne a le matla, a e-na le lihlomo tsa ntoa a bile a koetlisitsoe. Davida eena ka lehlakoreng le leng, e ne e le moshanyana feela ea se nang boiphihlelo a bile a se na le lihlomo tsa ntoa. Empa ha e le hantle Davida o ne a le matla. O ile a itšetleha ka Jehova hore a mo fe matla ’me o ile a khona ho hlola sera seo sa hae.​—1 Sam. 17:​41-45, 50.

12. Ke bothata bofe hape boo Davida a ileng a thulana le bona?

12 Davida o ile a thulana le bothata bo bong bo neng bo ka etsa hore a ikutloe a fokola kapa a se na matla. Ka botšepehi, Davida o ile a sebeletsa morena oa Iseraele e leng Saule ea neng e khethiloe ke Jehova. Qalong morena Saule o ne a hlompha Davida. Hamorao, Saule o ile a qala o ikhohomosa eaba o monela Davida. Saule o ile a tšoara Davida hampe ’me a ba a leka ho mo bolaea.​—1 Sam. 18:​6-9, 29; 19:​9-11.

13. Davida o ile a etsa’ng ha Morena Saule a mo tšoara ka tsela e se nang toka?

13 Davida o ile a tsoela pele ho hlompha morena eo ea khethiloeng ke Jehova ho sa tsotellehe tsela eo a neng a mo tšoara ka eona. (1 Sam. 24:6) Ha aa ka a beha Jehova molato ka lintho tse mpe tseo Saule a mo entseng tsona. Ho e-na le hoo, Davida o ile a itšetleha ka Jehova e le hore a mo fe matla ao a a hlokang e le hore a ka mamella bothata bona bo boima.​—Pes. 18:​1, sehloohoana.

14. Moapostola Pauluse o ile a tobana le bothata bofe bo neng bo tšoana le ba Davida?

14 Moapostola Pauluse o ile a tobana le bothata bo tšoanang le ba Davida. Lira tsa Pauluse li ne li le matla haholo ho mo feta. Batho ba bangata ba neng ba hlaheletse mehleng ea hae ba ne ba mo hloile. Hangata ba ne ba mo otla le ho mo koalla teronkong. Joaloka Davida, Pauluse le eena o ile a tšoaroa hampe ke batho bao a neng a ba nka e le metsoalle ea hae. Bakreste ba bang ba ne ba sa utloane le eena. (2 Bakor. 12:​11; Bafil. 3:​18) Empa Pauluse o ile a hlola batho bohle ba neng ba mo hanyetsa. Joang? O ile a tsoela pele ho bolela ho sa tsotellehe mahloriso ao a ileng a tobana le ’ona. O ile a lula a tšepahalla bara le barali babo le hoja ka linako tse ling ba ne ba sa mo sebetse hantle. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore o ile a lula a tšepahalla Jehova ho fihlela a e-shoa. (2 Tim. 4:8) O ile a khona ho etsa lintho tsena tsohle e seng hobane a ne a le matla empa hobane o ne a itšetlehile ka Jehova.

Hlompha batho ’me u be mosa ha u leka ho behelana Mangolo le bona ka tumelo ea hao (Sheba serapa sa 15) *

15. Sepheo sa rona ke sefe ’me re ka se finyella joang?

15 Na batho bao u kenang sekolo le bona, basebetsi-’moho le uena kapa beng ka uena bao e seng Lipaki baa u hlorisa kapa hona ho u rohaka? Na Mokreste-’moho le uena o se a kile a u tšoara hampe? Haeba ho joalo, hopola mohlala oa Davida le oa Pauluse. U ka lula u “hlola bobe ka botle.” (Bar. 12:​21) Ha batho ba re hlorisa, ha re ba loantše joalokaha Davida a ile a loantša Goliathe empa ho e-na le hoo, re leka ho hlola bobe ka botle ka hore re thuse batho ho ithuta ka Jehova le Lentsoe la hae. U ka khona ho finyella seo ka hore u sebelise Bibele ha u araba batho le ka hore, u hlomphe, u be mosa ho batho ba u tšoarang hampe ’me u etse le lira tsa hao hantle.​—Mat. 5:​44; 1 Pet. 3:​15-17.

LUMELLA BATHO BA BANG HO U THUSA

16-17. Pauluse ha aa ka a lebala’ng?

16 Pele moapostola Pauluse e ka ba morutuoa oa Kreste, o ne a sa hlomphe ebile e le mohlorisi oa balateli ba Kreste. (Lik. 7:​58; 1 Tim. 1:​13) Jesu o ile a ruta Pauluse molao, eo pele a neng a tsebahala e le Saule, e le hore a tlohele ho hlorisa phutheho ea Bokreste. Jesu o ile a bua le Pauluse a le leholimong eaba oa mo foufatsa. E le hore a tle a bone hape, Pauluse o ile a tlameha ho kopa thuso ho batho bane bao a neng a ba hlorisa. O ile a ikokobetsa ’me a lumela ha morutuoa Ananiase a mo thusa hore a boele a bone.​—Lik. 9:​3-9, 17, 18.

17 Hamorao ha Pauluse a se a hlaheletse ka phuthehong, ha aa ka a lebala thuto eo Jesu a ileng a ruta eona ha a ne a ea Damaseka. Pauluse o ile a lula a ikokobelitse ’me a amohela thuso ea bara le barali babo. O ile a re ba fetohile “thuso e matlafatsang” ho eena.​—Bakol. 4:​10, 11.

18. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling re ka ’na ra ba leqe ho lumela ha batho ba bang ba re thusa?

18 Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Pauluse? Ha re ne re qala ho ithuta ka Jehova, ho ka etsahala hore ebe re ne re lumela hore batho ba bang ba re thuse hobane re ne re tseba hore ho sa na le lintho tse ngata tseo re neng re lokela ho ithuta tsona. (1 Bakor. 3:​1, 2) Empa ho joang hona joale? Haeba e se e le lilemo-lemo re sebeletsa Jehova ’me re se re e-na le boiphihlelo, re ka na ra se ke ra batla ho thusoa haholo-holo ha re thusoa ke motho eo e seng khale e le Paki. Leha ho le joalo, hangata Jehova o sebelisa bara le barali babo rona ho re matlafatsa. (Bar. 1:​11, 12) Haeba re batla hore Jehova a re fe matla, re lokela ho lumela ha bara le barali babo rona ba re thusa.

19. Ke eng e ileng ea thusa Pauluse hore a atlehe?

19 Pauluse o ile a etsa lintho tse ngata tse kholo ka mor’a hore e be Mokreste. Hobane’ng? Hobane o ile a ithuta hore motho a ke ke a atleha feela ha a e-na le matla, a rutehile, a ruile kapa a tumme sechabeng empa ntho e ka mo thusang ke hore a ikokobetse le hore a itšetlehe ka Jehova. E se eka kaofela ha rona re ka etsisa Pauluse ka ho re (1) re itšetlehe ka Jehova, (2) re ithute mehlaleng ea batho ba hlahang ka Bibeleng, le (3) re lumele ha bara le barali babo rona ba re thusa. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re ikutloa re fokola hakae, Jehova o tla etsa hore re be matla!

PINA EA 71 Re Lebotho la Jehova

^ ser. 5 Sehloohong sena re tl’o ithuta mohlaleng oa moapostola Pauluse. Re tla boela re bone hore ha re ikokobelitse, Jehova o tla re fa matla ao re a hlokang hore re mamelle mahloriso hape o tla re fa matla ha re utloa re fokola.

^ ser. 1 TLHALOSO: Ho na le lintho tse ngata tse ka etsang hore re ikutloe re fokola. E ka ba ho se phethahale, bofutsana, ho kula kapa ho se rutehe. Ho phaella moo, le lira tsa rona li leka ho etsa hore re ikutloe re fokola ka hore li re hlabe ka mantsoe kapa li re hlasele.

^ ser. 57 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ha Pauluse a ne a ea boboleling, o ne a sa nke lintho tseo a neng a li sebelisa ha e sa le Mofarisi. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe lintho tseo li ne li akareletsa meqolo ea Sejuda le Seroma le lebokosana le neng le tšela litemana tse itseng tsa Mangolo.“

^ ser. 61 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Basebetsi-’moho ba qobella mor’abo rona hore a keteke letsatsi la tsoalo la mosebetsi-’moho e mong.