Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Ke Entse Seo ke Neng ke Tšoanela Hore Ebe ke se Entse

Ke Entse Seo ke Neng ke Tšoanela Hore Ebe ke se Entse

KA LILEMO tse ka holimo ho mashome a mararo, Mor’abo rona Donald Ridley o ne a buella Lipaki Tsa Jehova makhotleng a linyeoe. O ne a ipabola ntlheng ea ho sireletsa litokelo tsa bakuli ha ba hana ho tšeloa mali. O ile a thusa mokhatlo hore o hlole linyeoe tse ngata makhotleng a phahameng a Amerika. Metsoalle ea hae e mo bitsa Don ’me o ne a tsebahala e le motho ea sebetsang ka thata, ea ikokobelitseng le ea itetseng.

Ka 2019, Mor’abo rona Ridley o ile a tšoara ke lefu le se nang pheko. Lefu leo le ile mo totela ka potlako ’me o ile a hlokahala ka la 16 August, 2019. Ena ke pale ea bophelo ba hae.

Ke hlahetse St. Paul, Minnesota e Amerika ka selemo sa 1954 ’me heso re ne re le Maroma a neng a phela bophelo bo itekanetseng feela. Lapeng re bana ba bahlano ’me ’na ke oa bobeli. Ha ke sa le ngoana, ke ne ke kena sekolo sa kereke ea Roma hape ke ne ke le mosebeletsi oa aletare. Leha ho le joalo, ke ne ke sa tsebe hakaalo ka Bibele. Le hoja ke ne ke lumela hore ho na le Molimo ea bopileng lintho tsohle, ke ne ke se na tumelo ea hore kereke ea ka e ka nthusa ho mo sebeletsa.

KE ITHUTA ’NETE

Ha ke le selemong sa ka sa pele univesithing ea William Mitchell moo ke neng ke ithutela molao teng, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa nketela. Ke ne ke phathahane ke ntse ke hlatsoa eaba ka mosa li ithaopela ho khutla hape. Ha ba khutla, ke ile ka ba botsa lipotso tse peli: “Ke hobane’ng ha batho ba khopo ba atleha ho feta ba lokileng?” le e reng, “Ke’ng e ka etsang hore batho ba fumane thabo e le kannete?” Ke ile ka amohela buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e nang le ’mala o matala o hapang mahlo. Hape ke ile ka lumela ho khanneloa thuto. Ho ithuta Bibele ho ile ha mpula mahlo haholo. Ke ne ke thabile hona hoo ha ke utloa hore ’Muso oa Molimo ke oona o tla busa lefatše. Ke ne ke bone hore mebuso ea batho e hlolehile ka ho feletseng le hore e baketse batho mathata, mahlomola, ho hloka toka le mesarelo feela.

Ke ile ka inehela ho Jehova mathoasong a selemo sa 1982 eaba ke kolobetsoa hamorao selemong seo kopanong ea “ ’Nete ea ’Muso” e neng e tšoaretsoe mohahong oa St. Paul. Ke ile ka khutlela moo hape beke hamorao ke il’o ngola tlhahlobo ea ho ba moahloli. Ha khoeli ea October e qala, ke ile ka tseba hore ke pasitse tlhahlobo eo ’me ke ne ke loketse hore nka sebetsa ke le leqoetha.

Kopanong ea “ ’Nete ea ’Muso” ke ile ka kopana le Mor’abo rona Mike Richardson ea neng a le Bethele e Brooklyn eaba o mpolella hore ho sa tsoa ba le lefapha la molao ntlo-kholo. Ke ile ka hopola mantsoe a monna e mong oa Moethiopia a tlalehiloeng ho Liketso 8:​36 eaba kea ipotsa, ‘Ke’ng e ntšitisang hore ke kope ho sebetsa lefapheng la Litaba Tsa Molao?’ Kahoo, ke ile ka etsa kopo ea ho ea Bethele.

Batsoali ba ka ba ne ba sa thabela hore ebe ke Paki ea Jehova. Ntate o ile a mpotsa hore na ha ke le leqoetha, ho sebetsa Bethele ho tl’o nthusa ka’ng. Ke ile ka mo bolella hore ke il’o ba moithaopi. Ka boela ka mo hlalosetsa hore ke tl’o fuoa chelete e seng kae khoeli le khoeli joaloka batho ba bang ba Bethele.

Kaha ke ne ke se ke sebetsa lekhotleng, ha kea ka ka ea Bethele hang-hang, ka lebaka leo, ke ile ka qala ho ea Bethele e Brooklyn, New York, ka 1984. Ke ile ka isoa lefapheng la Litaba Tsa Molao. Ho sebetsana le linyeoe ho ile ha nthusa ho itlhophela lintho tse tlang.

HO LOKISOA MOHAHO OA STANLEY THEATER

Kamoo mohaho oa Stanley Theater o neng o le kateng ha o rekoa

Mohaho oa Stanley Theater o toropong ea New Jersey, o ile oa rekoa ka November 1983. Barab’abo rona ba ile ba etsa likopo tsa ho fuoa tumello ea ho lokisa motlakase le mokhoa oa ho tsamaisa likhoerekhoere mohahong oo. Ha barab’abo rona ba kopana le ba boholong, ba ile ba hlalosa hore ba lakatsa ho etsa mohaho oa Stanley Theater Holo ea kopano ea Lipaki Tsa Jehova. Bothata bo ile ba hlaha hona moo. Molao oa New Jersey o ne o re libaka tsa borapeli li lokela ho ba libakeng tseo batho ba phelang ho tsona feela. Mohaho oa Stanley Theater o ne o le toropong, kahoo ba boholong ba ile ba hana ho fana ka tumello. Barab’abo rona ba ile ba ipiletsa empa ha hoa ka e-ba le thuso.

Beke feela ke le Bethele, mokhatlo o ile oa isa taba ea ho haneloa ho lokisa mohaho oo lekhotleng. Kaha ke ile ka sebetsa lilemo tse peli lekhotleng la linyeoe le St. Paul, Minnesota, ke ne ke tloaelane le linyeoe tsa mofuta oo. E mong oa babuelli ba rona o ile a re mohaho oa Stanley Theater o ’nile oa sebelisetsoa ho tšoara litaba tsa sechaba tse fapakaneng tse kang ho shebella lifilimi le ho etsa menate ea ’mino. Ka hona, ke hobane’ng ha e tla ba tlolo ea molao ho tšoarela litaba tsa bolumeli moo? Lekhotla le ile la shebisisa taba ena eaba le etsa qeto ea hore ba boholong toropong ea Jersey ba ne ba hataketse litokelo tsa rona tsa bolumeli. Lekhotla le ile la laela ba boholong hore ba fane ka litumello tse hlokoang ’me ke ile ka bona kamoo Jehova a ileng a sebelisa lefapha la molao ka mokhatlong oa hae ho ntšetsa pele mosebetsi oa hae. Ke ile ka thaba haholo hore ebe ke ile ka kenya letsoho tabeng ena.

Barab’abo rona ba ile ba qala tšebetso e kholo haholo mohahong oo, hoo ka la 8 September, 1985, ho ileng hoa tšoaroa mokete oa lihlapiso oa sehlopha sa bo79 sa Gileade e leng ka nako e ka tlaase ho selemo mosebetsi oa ho nchafatsa o qalile. E bile tlotla ho ’na ho beha ’Muso pele ka tsela ena, hape ke ne ke khotsofetse haholo ha ke sebetsa Bethele ho feta ha ke ntse ke le lekhotleng. Ka nako eo, ke ne ke sa tsebe hore Jehova o tl’o ntšebelisa litabeng tse ngata tsa molao.

KE SIRELETSA LITOKELO TSA HO TŠELOA MALI

Lilemong tsa bo-1980, e ne e se hangata moo lipetlele le lingaka li neng li hlompha qeto ea Paki hore e sebetsoe e sa tšeloe mali. Basali ba ’meleng ba ne ba thulana le bothata bo fetang hobane baahloli ba ne ba lumela hore bo-’mè ha ba na tokelo ea molao ea ho hana ho tšeloa mali. Baahloli ba ne ba fana ka lebaka la hore haeba ho sa sebelisoa mali, lesea le ka ’na la hola le se na ’mè.

Ka la 29 December, 1988, Morali’abo rona Denise Nicoleau o ile a lahleheloa ke mali a mangata haholo ka mor’a ho ba le ngoana oa moshanyana. Kaha ho ne ho bonahala eka bophelo ba hae bo kotsing, ngaka e ile ea re a tšele mali. Morali’abo rona Nicoleau o ile a hana. Letsatsi le hlahlamang, sepetlele se ile sa kopa tumello ea moahloli ea hore ba mo tšele mali. Moahloli o ile a fana ka tumello eo ntle le hore a tsebise Morali’abo rona Nicoleau kapa monna oa hae.

Ka Labohlano la la 30 December, basebetsi ba sepetlele ba ile ba tšela Morali’abo rona Nicoleau mali ba sa natse ho hana ha monna oa hae le batho ba bang ba lelapa ba neng ba le teng moo. Mantsiboea a mohlang oo, litho tse ling tsa lelapa labo Morali’abo rona Nicoleau le moholo a le mong kapa ba babeli ba ile ba tšoaroa ka lebaka la ho etsa lebota ho pota-pota bethe e le hore Morali’abo rona Nicoleau a se ke a tšeloa mali. Hoseng ha Moqebelo oa la 31 December, litaba tsa ho tšoaroa ha bona li ile tsa phatlalatsoa liea-le-moeeng, likoranteng le thelevisheneng ho pholletsa le toropo ea New York.

Ke na le Mor’abo rona Philip Brumley ha re sa le bacha

Hoseng ka Mantaha, ke ile ka bua le moahloli oa lekhotla le ka holimonyana e leng Milton Mollen. Ke ile ka mo hlalosetsa lintlha tsohle, ka hatisa hore moahloli ea ikarabellang o tekenne tumello ea ho tšela mali ka ntle le ho utloa mahlakore a mang a litaba. Moahloli Mollen o ile a nkopa hore ke ee ofising ea hae motšeharenyana re tle re il’o bua ka taba eo le melao e amehang. Molebeli oa lefapha la rona e leng Mor’abo rona Philip Brumley o ile a tsamaea le ’na ha ke ne ke ea ho Moahloli Mollen mantsiboeeng ao. Ntate Mollen o ne a boetse a kopile muelli oa sepetlele hore le eena a be teng. Puisano ea rona e ne e chesa. Mor’abo rona Brumley o ile a ba a ’ngolla sephephechana a mpolella hore ke theole moea. Ntho eo e ile ea nthusa hobane ke ne ke se ke halefisitsoe ke ’muelli oa sepetlele ke batla ho mo bontša hore o fositse.

Ho tloha ka ho letšehali ho ea ka ho letona: Richard Moake, Gregory Olds, Paul Polidoro, Philip Brumley, ’na le Mario Moreno​—ke babuelli ba rona letsatsing leo ka lona ho neng ho phehisanoa likhang Amerika. Lekhotla le Phahameng nyeoeng ea Watchtower v. Village of Stratton.​—Sheba Tsoha! ea January 8, 2003

Ka mor’a ntho e kang hora, Moahloli Mollen o ile a re nyeoe ena e tla ba ea pele hosane hoseng. Ha re tloha ofising ea Moahloli Mollen, o ile a re ho ’muelli oa sepetlele: “O tl’o tobana le mosebetsi o boima hosane.” Taba eo e ne bolela hore ’muelli oa sepetlele o ne a tl’o sebetsa ka thata ho fana ka bopaki ba hore sepetlele se ne se e-na le tokelo ea ho etsa ntho eo se e entseng. Ke ile ka utloa eka Jehova o re tiisetsa hore re ne re tl’o hlola nyeoe eo. Ke ile ka hlolloa ha ke bona kamoo Jehova a re sebelisang kateng ho phetha thato ea hae.

Re ile ra sebetsa le bosiu re ntse re leka ho itlhopha hore na re ne re tl’o re’ng hosane. Lekhotla le ne le le haufi haholo le Bethele, kahoo bara le barali babo rona ba 12 ba tsoang lefapheng la rona la molao, ba ile ba tsamaea ka maoto ho ea moo. Ka mor’a hore baahloli ba bane ba mamele mahlakore kaofela, ba ile ba etsa qeto ea hore ho ne ho sa lokela hore ebe ho sebelisitsoe mali. Lekhotla le phahameng le ile la fana ka kahlolo e buellang Morali’abo rona Nicoleau ka hore ke tlolo ea molao ho hatakela litokelo tsa motho tsa mantlha ka ho tekena tumello ntle le hore motho ea amehang a tsebisoe.

Nakoana ka mor’a moo, lekhotla le phahameng la New York le ile la re Morali’abo rona Nicoleau a sebetsoe ntle le hore a tšeloe mali. Nyeoe ena e bile ea pele ho tse ’ne tseo makhotla a Amerika a ileng a etsa qeto ea ho se tšeloe mali ’me ke ile ka kenya letsoho ho tsona. (Sheba lebokose le reng “ Rea Hlola Makhotleng a Phahameng.”) Ke ile ka boela ka sebetsa le babuelli ba bang ba babeli ba Bethele linyeoeng tsa ho buella litokelo tsa batsoali kapa baholisi ba bana, tsa batho ba hlalanang, mehaho le litša le kabo ea mobu.

LENYALO LA KA LE BOPHELO BA LELAPA

Ke na le Dawn, lehakoe la pelo ea ka

Ha ke qala ho kopana le mosali oa ka Dawn, o ne a hlaliloe e le ’mè ea holisang bana ba bararo a le mong. O ne a etsa mosebetsi oa boipheliso e bile e le pula-maliboho. O ne a phetse ka thata, kahoo ke ile ka khahloa haholo ke boikemisetso ba hae ba ho sebeletsa Jehova. Ka 1992, re ile ra ea kopanong ea setereke ea “Bajari ba Leseli” e neng e tšoaretsoe New York eaba ke mo kopa hore e be motho oa ka. Selemo hamorao re ile ra nyalana. Ho ba le mosali ea ratang Jehova le eo ho leng monate ho ba le eena ke mpho e tsoang ho Jehova. Dawn e bile motho ea molemo ka ho fetisisa bophelong ba ka.​—Liprov. 31:12.

Ha re ne re nyalana, bana ba ne ba le lilemo li 11, 13 le 16. Ke ne ke batla ho ba ntate eo ba mo ratang, kahoo ke ile ka bala ka hloko le ho sebelisa lintho tsohle tseo lingoliloeng tsa rona li reng ntate oa bobeli a li etse. Ho ile ha ba boimanyana ka lilemo tse seng kae empa kea thaba hore ebe bana ba ile ba nkamohela joaloka motsoalle oa bona eo ba ka mo tšepang le ntate ea lerato. Re ne re lumeletse metsoalle ea bana ba rona hore e ba chakele ’me ho ne ho thabisa ho ba le bona ka linako tsohle.

Ka 2013, ’na le mosali oa ka re ile ra ea Wisconsin ho ea hlokomela batsoali ba hae. Ke ile ka makatsoa ke hore tšebeletso ea ka ea Bethele e ne e-s’o fele. Ke ile ka koptjoa hore ke thuse mokhatlo ka litaba tsa molao ke le moithaopi oa nakoana.

NTHO E HLAHILENG LESUMATHA

Ka September 2018, ke ile ka hlokomela hore ho na le phoso ka qoqotho ea ka. Ngaka ea rona e ile ea ntlhahloba empa ea se ke ea bona letho. Hamorao, ngaka e ’ngoe e ile ea nkhothaletsa hore nke ke bone setsebi sa mathata a methapo le litho tse sa sebetseng hantle. Ka January 2019, setsebi seo se ile sa fumana hore ke na le lefu le sa tloaelehang (progressive supranuclear palsy) le tla ama ’mele oohle oa ka.

Matsatsi a mararo hamorao ha ke ntse ke thellisa lehloeng, ke ile ka nonyetseha letsoho le letona. Esale ke tseba ho bapala papali ena, e ne e le maling mona. Kahoo, ke ne ke tseba hore ke ntse ke haelloa ke matla a ho laola mesifa ea ka. Tsela eo lefu lena le ileng la ata ka eona e ne e ’makatsa, ke ile ka ’na ka thatafalloa ke ho ntša puo, ho tsamaea le ho koenya.

Ke ananela tlotla eo ke ileng ka e fuoa ea ho sebelisa boiphihlelo ba ka ho se hokae ke le leqoetha ho thusa mokhatlo oa Jehova. Hape ke ile ka ba le tlotla ea ho ngola lihlooho limakasineng tsa rona hore li baloe ke lingaka, maqoetha le baahloli le ho fana ka lipuo ho pholletsa le lefatše ho sireletsa litokelo tsa batho ba Jehova hore ba khethe ho sebetsoa le ho alafuoa ba sa tšeloe mali ho hang. Ho ntse ho le joalo, ke na le maikutlo a kang a Luka: ‘Ke lekhoba feela le se nang molemo, ke entse seo ke neng ke tlameha ho se etsa.’​—Luka 17:10.