MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) June 2020

Khatiso ena e na le lihlooho tse tla ithutoa ho tloha ka la 3-la 30 August, 2020.

“Lebitso la Hao le ke le Halaletsoe”

Sehlooho se ithutoang 23: Beke ea la 3-⁠la 9 August, 2020. Ke taba efe ea bohlokoa e amang batho le mangeloi? Ke hobane’ng ha taba eo e le ea bohlokoa, hona e re ama joang? Ho utloisisa likarabo tsa lipotso tseo le tse ling tse amanang le tsona ho tla re thusa hore re matlafatse setsoalle sa rona le Jehova.

“Momahanya Pelo ea ka Hore e Tšabe Lebitso la Hao”

Sehlooho se ithutoang 24: Beke ea la 10-la 16 August, 2020. Sehloohong sena re tl’o bua haholo ka karolo ea thapelo eo Davida a ileng a e etsa e tlalehiloeng ho Pesaleme ea 86:​11, 12. Ho tšaba lebitso la Jehova ho bolela’ng? Re na le mabaka afe a hore re hlomphe lebitso leo le leholo? Ho tšaba Jehova ho ka re thusa joang hore re se ke ra lekeha ho kena molekong?

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na makhabane a hlahang ho Bagalata 5:​22, 23 ke ’ona feela ao e leng “litholoana tsa moea”?

“Ke Tla Batla Linku Tsa Ka”

Sehlooho se ithutoang 25: Beke ea la 17-la 23 August, 2020. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba sebelelitseng Jehova ka lilemo tse ngata ba khaotsa ho mo sebeletsa? Jehova o ikutloa joang ka bona? Sehlooho sena se tl’o araba lipotso tsena. Se boetse se bua ka lintho tseo re ka ithutang tsona ho Jehova ha a ne a thusa bahlanka ba hae ba nako e fetileng ha ba ne ba khaolitse ho mo sebeletsa ka nakoana.

“Khutlelang ho ’Na”

Sehlooho se ithutoang 26: 24-30 August, 2020. Jehova o batla hore batho ba seng ba sa itsoakanye le phutheho ba khutlele ka phuthehong le ho eena. Ho na le lintho tse ngata tseo re ka li etsang ho thusa batho ba batlang ho amohela memo ea Jehova ha a re: “Khutlelang ho ’Na.” Sehloohong sena re tl’o hlahloba litsela tseo re ka ba thusang ho etsa seo ka tsona.