Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele Eona e Re’ng?

Bibele Eona e Re’ng?

Diabolose ke mang?

NA U KA RE Diabolose ke . . .

  • Motho ea sa bonahaleng?

  • Bokhopo bo ka pelong ea motho?

  • Ntho eo batho ba inahanelang eona?

SEO BIBELE E SE BUANG

Diabolose o ile a bua le Jesu ’me a mo ‘leka.’ (Matheu 4:1-4) Kahoo Diabolose ha se ntho eo batho ba inahanelang eona kapa bokhopo bo ka pelong ea motho. Ke sebōpuoa sa moea se khopo.

SEO RE ITHUTANG SONA HAPE BIBELENG

  • Pele Diabolose e ne e le lengeloi le halalelang empa “ha aa ka a ema a tiile ’neteng.” (Johanne 8:44) O ile a ba leshano ’me a fetohela Molimo.

  • Mangeloi a mang le ’ona a ile a fetohela Molimo joaloka Satane.—Tšenolo 12:9.

  • Diabolose o foufalitse batho ba bangata hore ba se ke ba lumela hore o teng.—2 Bakorinthe 4:4.

Na Diabolose a ka laola batho?

BATHO BA BANG BA LUMELA hore ke leshano taba ea hore Diabolose o laola batho, ha ba bang bona ba tšaba ho kenoa ke meea e mebe. Uena u re’ng?

SEO BIBELE E SE BUANG

“Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Diabolose o na le matla a ho laola batho, empa ha a laole motho e mong le e mong.

SEO RE ITHUTANG SONA HAPE BIBELENG

  • Diabolose o qhekella batho e le hore a ba laole.—2 Bakorinthe 11:14.

  • Ka linako tse ling batho ba ka laoloa ke meea e khopo.—Matheu 12:22.

  • Molimo a ka u thusa hore u “hanyetse Diabolose.”—Jakobo 4:7.