Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Batla ho Tseba Bokamoso

Ho Batla ho Tseba Bokamoso

Mohlomong u kile oa ipotsa hore na bokamoso ba hao le ba lelapa la hao bo tla ba joang. E ka ’na eaba oa ipotsa hore na maemo a hao a lichelete a tla ntlafala kapa a tla mpefala, hore na u tla nyala kapa u tla nyaloa le hore na u tla phela halelele kapa lefu le tla u khaoletsa. Haesale batho ba ipotsa lipotso tsena ka lilemo tse ngata.

Mehleng ena batho ba bolela lintho tse tla etsahala ka moso ba shebile hore na maemo a lefatše a joang hona joale. Le hoja tse ling tsa lintho tseo ba ileng ba re li tla etsahala li fetse li etsahetse, tse ling tsona li hlolehile ho phethahala. Mohlala, ka selemo sa 1912, ntate e mong ea bitsoang Guglielmo Marconi ea ileng a qapa fono ea fatše e se nang mohala o ile a re: “Lintoa ha li na ho ba teng ka lebaka la ho ntlafala ha marang-rang ha nako e ntse e ea.” Hape ka 1962 ntate e mong ea sebetsang k’hamphaning ea ’mino o ile a hana ho ikopanya le sehlopha se seng sa libini. O ne a lumela hore ho na le nako eo lihlopha tse joalo tsa libini li tla felloa ke nako.

Batho ba bangata ba rata ho ea ho bo-kea-tseba e le ho batla hore na ho tla etsahala’ng ka moso. Ba batla likeletso ho batho bao e leng linohe kapa ba sebelisa matšoao a bonohe a nang le ho hlaha limakasineng le likoranteng. Ba bang ba ea ho batho ba ipolelang hore ba ka profeta batho ba sebelisa lintho tse kang litaola.

Mehleng ea khale, ha batho ba ne ba batla ho tseba bokamoso ba bona, ba ne ba ea ho baprofeta. Baprofeta bao ba ne ba re ba na le melimo ea bona e ba bolellang bokamoso ba batho. Mohlala, Morena Croesus ea neng a busa naha ea Lydia o ile a romela limpho tse turu ho moprofeta e mong ea neng a le motseng oa Delphi o naheng ea Greece. O ile a kopa moprofeta eo ho mo bolella hore na ho tla etsahala’ng haeba a ne a ka hlasela Morena Cyruse oa Persia. Moprofeta eo o ile a bolella Morena Croesus hore haeba a ka hlasela Morena Cyruse, o tla liha “’muso.” Kahoo, Morena Croesus a hlasela ka phatla e phahameng, a kholisehile hore o tla mo hlola. Empa ka masoabi, ke ’muso oa hae o ileng oa oa.

Ho ne ho ka bonahala eka moprofeta eo o buile ’nete, ebang ho ka hlola Morena Croesus kapa Morena Cyruse. Empa kaha moprofeta eo o ne a sa hlakisa hore na ho tla oa ’muso ofe, boprofeta ba hae bo ne bo se na thuso. Morena Croesus o ile a senyeheloa haholo ka lebaka la mantsoe a moprofeta eo, a ileng a etsa hore a ee le khongoana holimo. Le mehleng ena batho ba bangata ba sebelisa mekhoa e fapaneng ea bonohe ho batla ho tseba bokamoso ba bona. Empa ho e-na le hore mekhoa eo e ba thuse, baa senyeheloa.