Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Motho oa mehleng ea khale ea lekang ho lelefatsa bophelo

Ho Tsomana le Bophelo

Ho Tsomana le Bophelo

“Ke bone mosebetsi oo Molimo a o fileng bara ba moloko oa batho oo ba lokelang ho tšoareha ka oona. O entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona. O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona.”​—Moeklesia 3:​10, 11.

MANTSOE ana ao Morena Solomone a a buileng khale a hlalosa hantle hore na batho ba ikutloa joang ka bophelo. Esale ho tloha khale batho ba batla ho phela nako e telele hobane bophelo bo bo khutšoaane ebile ha re khone ho qoba lefu. Ho na le lipale tse ngata tse bontšang hore ha se joale batho ba leka ho lelefatsa bophelo.

Ha re etse mohlala oa Gilgamesh eo e neng e le morena oa Sumere. Litsebi tse ngata tse phetang lipale li re li ile tsa bolelloa ka eena. E mong oa litsebi tseo o ile a qotsa pale ea Epic of Gilgamesh e le ha a bontša hore Gilgamesh o ile a nka leeto le kotsi moo a lekang ho fumana hore na ho ka etsoa’ng hore batho ba se ke ba shoa, empa o ile a hloleha.

Na bo-rasaense ba ka khona ho lelefatsa bophelo?

Lilemong tsa bo-300 pele Jesu a tla lefatšeng teng, litsebi tse lekang ho lelefatsa bophelo tsa Chaena li ile tsa etsa motsoako oo li lumelang hore o ka phelisa batho nako e telele. Motsoako oo o ne o e-na le sekete le arsenic. Ho na le batho ba lumelang hore baemphera ba ’maloa ba Chaena ba ile ba bolaoa ke oona motsoako oo. Kae-kae lipakeng tsa selemo sa 500 le sa 1500, litsebi tse lekang ho lelefatsa bophelo tsa Europe tsona li ile tsa leka ho etsa hore khauta e jehe hobane ba lumela hore ha motho a e jele a ke ke a shoa kaha ha e bole.

Mehleng ena litsebi tsa lefutso le tsa baeloji li leka ho fumana ntho e ka etsang hore batho ba se ke ba tsofala. Ha ho moo ba fapanang le batho ba mehleng ea khale ba neng ba leka ho lelefatsa bophelo. Taba ena e bontša hore batho ha ba batle ho tsofala le ho shoa. Empa na ba atlehile?

MOLIMO “O KENTSE NAKO E SA LEKANYETSOANG KA LIPELONG TSA BONA.”​—MOEKLESIA 3:​10, 11

BATHO BA BATLA HO TSEBA LIKARABO

Bo-rasaense ba ithutang lisele tsa ’mele oa motho ba fana ka mabaka a fetang 300 a hore na ke hobane’ng re tsofala ebile re e-shoa. Morao tjena ha litsebi tsa baeloji ea limolek’hule le ntse li sebetsa laboratoring ea liphoofolo le lisele tsa ’mele ea batho, li fumane lintho tse ka etsang hore batho le liphoofolo ba liehe ho tsofala. Barui ba fa bo-rasaense chelete e le hore ba tsoele pele ka lipatlisiso tsa bona tabeng ea lefu. Ebe ba se ba fumane eng ho tla fihlela joale?

Ba lelefatsa bophelo. Litsebi tse ling tsa ’mele oa motho li lumela hore ntho e etsang hore motho a shoe ke likaroloana tsa sele ea ’mele tse bitsoang li-telomere. Li-telomere tsena ke tsona tse jarang lefutso ha lisele tsa ’mele ea rona li ntse li itlhahisa. Nako e ’ngoe le e ’ngoe ha sele e arohana, li-telomere li ba khutšoaane ho fihlela li se li felile ebe sele ha e sa aronahana hobane e se e se na tsona. Ka nako eo, ke ha motho a qala ho tsofala.

Elizabeth Blackburn le batho bao a sebetsang le bona ba ile ba fumana ntho e etsang hore li-telomere li se ke tsa ba khutšoaane, kahoo ba fuoa khau ea Nobel ka 2009. Leha ho le joalo, ba ile ba lumela hore li-telomere “ha li etse hore motho a se ke a tsofala ka mohlolo empa motho o ntse a tla phela lilemo tse tloaelehileng.”

Ba nchafatsa lisele. Ha lisele tsa ’mele ea rona li tsofala hoo li seng li sa khone ho ikatisa, masole a ’mele a nka hore motho oa kula ebe a leka ho phekola ntho e sieo e leng se etsang hore ’mele o ope o be o kule. Ha se khale ha bo-rasaense ba Fora ba leka ho nchafatsa lisele tsa ’mele ea batho ba baholo, ba bang ba bona ba ne ba e-na le lilemo tse fetang 100. Moprofesa Jean-Marc Lemaître ea neng a etelletse bo-rasaense bao pele o ile a re mosebetsi oa bona o bontša hantle hore ho ka khoneha ho etsa hore lisele li se ke tsa tsofala.

NA SAENSE E KA O BESA OA TUKA?

Bo-rasaense ba bang ba lumela hore mosebetsi o entsoeng hona joale ke phetho, ha ho sa na o mong. Ke ’nete hore ho tloha lilemong tsa bo-1800 batho ba se ba phela nako e telele ho feta e neng e pheloa pele. Empa lintho tse thusitseng haholo ke bohloeki, ho thibela mafu ho ata, meriana le liente tse a phekolang. Bo-rasaense ba bang bona ba lumela hore batho ba phela lilemo tseo ba hlileng ba hlokang ho li phela.

Lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng ha Moshe a ngola lengolo la Bibele o ile a re: “Matsatsi a lilemo tsa rona ke lilemo tse mashome a supileng, haeba e le ka lebaka la matla a khethehileng e ba lilemo tse mashome a robeli, empa leha ho le joalo a tsitlella khathatsong le linthong tse kotsi. Etsoe a lokela ho feta kapele, ’me rea fofa.” (Pesaleme ea 90:​10) Ho sa tsotellehe lintho tseo batho ba li etsang, bophelo bo ka tsela eo Moshe a bo hlalositseng kateng.

Le hoja re phela nako e khutšoaane hakaalo, lihloliloeng tse kang red sea urchin kapa mefuta e meng ea quahog clam li ka phela lilemo tse fetang 200 athe sefate sa giant sequoia se ka phela lilemo tse likete. Ha re nahana ka lintho tse kang tsena le tse ling, re ka ipotsa hore na ehlile rona re lokela ho phela lilemo tse 70 kapa tse 80 feela na.