Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng re Tsofala Ebile re Shoa?

Ke Hobane’ng re Tsofala Ebile re Shoa?

MOLIMO o ne a sa re rera hore re shoe. Baholo-holo ba rona e leng Adama le Eva ba ka be ba ntse ba phela hobane ba ne ba bopiloe ba e-na le kelello le ’mele e phethahetseng. Mantsoe ao Jehova a ileng a a bua ho Adama ka sefate se neng se le serapeng sa Edene a paka hore taba ena ke ’nete.

Jehova o ile a re ho Adama: “Letsatsi leo ka lona u jang [litholoana] tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:​17) E ne e tla ba Molimo o itja nako ka ho cho joalo haeba Adama a ne a se a ntse a tl’o tsofala le ho shoa. Adama o ne a tseba hore o tla lula a phela haeba a ne a ke ke a ja litholoana tsa sefate seo.

E NE E SE MORERO OA MOLIMO HORE BATHO BA SHOE

Ho ne ho se letho le tlamang Adama le Eva hore ba je litholoana tseo, hobane ho ne ho ntse ho e-na le lifate tse ling tse ngata serapeng. (Genese 2:9) Ba ne ba tla be ba bontša hore ba mamela Molimo e leng eena ea ba fileng bophelo haeba ba ne ba ke ke ba ja litholoana tseo. Hape ba ne ba tla be ba bontša hore baa utloisisa hore ke Molimo feela ea nang le tokela ea ho ba tataisa.

KE HOBANE’NG HA BA ILE BA SHOA?

Karabo re tla e fumana ha re hlahloba puisano e re behileng mona kajeno. Satane o ile a bua leshano le letala a sebelisa noha. Bibele e re: “Joale noha e ne e le seli ka ho fetisisa har’a libata tsohle tsa naha tseo Jehova Molimo a li entseng. Kahoo ea qala ho re ho mosali: ‘Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?’ ”​—Genese 3:1.

Eaba Eva o re: “Re ka ja litholoana tsa lifate tse serapeng. Empa ha e le ho ja litholoana tsa sefate se har’a serapa, Molimo o itse: ‘Le se ke la ja tsa sona, che, le se ke la li ama e le hore le se ke la shoa.’ ” Eaba noha e re ho eena: “Ka sebele le ke ke la shoa. Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lona a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” Ha Satane a cho joalo o ne a bolela hore Jehova o leshano ebile o hanela Adama le Eva ka lintho tse monate.​—Genese 3:​2-5.

Eva o ile a kholoa leshano lena la Satane. Eitse ha a sheba sefate a khala, eaba o kha tholoana oa e ja. Bibele e re: “Ka mor’a moo a fa le monna oa hae ha a se a e-na le eena ’me [Adama] a qala ho e ja.”​—Genese 3:6.

Molimo o ile a re ho Adama: “Letsatsi leo ka lona u jang [litholoana] tsa sona ka sebele u tla shoa.”​—GENESE 2:17

E tlameha ebe Jehova o ile a utloa bohloko ha a bona bana ba hae ba sa mo mamele ka boomo. O ile a etsa’ng boemong boo? O ile a re ho Adama: “U tla . . . khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona. Etsoe u lerole ’me u tla khutlela leroleng.” (Genese 3:​17-19) Ka lebaka leo, “matsatsi ’ohle a Adama ao a a phetseng e bile lilemo tse makholo a robong le mashome a mararo [930] eaba oa shoa.” (Genese 5:5) Adama ha aa ka a ea leholimong kapa moea oa hae oa ea sebakeng se seng. O ne a le sieo pele Jehova a mo bopa. Kahoo eitse ha a shoa, a tšoana le lerole feela, eaba ke phetho ka eena.

RONA RE KENA KAE JOALE TABENG EE?

Tšepo eo Adama le Eva ba neng ba e-na le eona ea ho phela ka ho sa feleng ba phethahetse e ile ea e-ba lerootho kaha joale ba ne ba sa mamela. Ha ba fetoha baetsalibe, ba ile ba qala ho thefuleha ’meleng. Taba eo ha ea ka ea ama bona feela empa e ile ea fetela le ho bana ba bona. Lengolo la Baroma 5:​12 le re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”

Bibele e hlalosa lefu le sebe e le “sekoahelo se koahetseng lichaba tsohle, le moloho o loheletsoeng hammoho holim’a lichaba tsohle.” (Esaia 25:7) Sekoahelo sena se tšoana le mosi o chefu o bupelitseng batho hoo ba sa khoneng ho pholoha. Ka lebaka la Adama ‘bohle baa shoa.’ (1 Bakorinthe 15:​22) Batho ba bangata ba ipotsa potso eo moapostola Pauluse a ileng a ipotsa eona ea hore na ‘ke mang ea tla re pholosa ’meleng ona o fetang lefung.’​—Baroma 7:24.