Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bafu ba Tla Tsoha?

Na Bafu ba Tla Tsoha?

Kaofela lefu le re utloisa bohloko, ebe na le tla ke le fele? Na ha motho a hlokahetse e se e le phetho ka eena kapa ho sa na le tšepo?

MANGOLO A ARABANG POTSO ENA

HA SE PHETHO KA BATHO BA HLOKAHETSENG

‘Bohle ba mabitleng a khopotso ba tla . . . tsoa.’ ​Johanne 5:​28, 29.

Molimo o ntse a hopola bafu ’me o tla ba tsosa.

BAFU BA TLA TSOSOA

“Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” ​Liketso 24:15.

Batho ba tla beng ba tsositsoe ba tla phela ka ho sa feleng ka khotso.

BAFU BA TLA FEELA BA TSOHE

“[Molimo] o bala palo ea linaleli, kaofela ha tsona o li bitsa ka mabitso a tsona.”​Pesaleme ea 147:4.

Molimo o bohlale hoo a tsebang naleli e ’ngoe le e ’ngoe, kahoo re ka kholiseha hore a ke ke a re lebala le ha re shoele ebile o tla re tsosa.