Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ngoetsi ea Malapa ’Ohle

Ngoetsi ea Malapa ’Ohle

NAHANA u shebelletse video ea khalala e ’ngoe mohlomong e le sebini se tsebahalang seo u bileng u se ratang. Video ena e mo hlahisa ha a sa le monyane, ha a ithuta ’mino le ha a qala ho bina. Ebe o hlaha a bina likh’onseteng, a hahlaula le mafatše a bile a se a tsebahala lefatšeng lohle. Li fula li shebisa manaka hae, joale oa tsofala ebile oa hlokahala.

Video ena e bontša lintho tse hlileng li etsahalang bophelong. Ha se hore li etsahalla libini feela empa li etsahalla motho e mong le e mong ho sa tsotellehe hore na ke rasaense, semathi kapa motho e mong ea tsebahalang. Ho na le lintho tse ngata tseo batho bana ba li fihletseng bophelong, ebe u nahana hore hoja e ne e se ka botsofali le lefu ba ka be ba le hokae ka bophelo?

Ka bomali-mabe, lefu ke ngoetsi ea malapa ’ohle. (Moeklesia 9:5) Ho sa tsotelle hore na rea rata kapa che, ra ka se qobe botsofali le lefu. Ka linako tse ling lefu le ka re khaoletsa ka hore re kule kapa re hlaheloe ke kotsi e ’ngoe feela. Bibele e re bophelo ba rona bo tšoana le “moholi o bonahalang ka nakoana o ntan’o nyamela.”​—Jakobo 4:14.

Ho batho ba bang bophelo bo lerootho hoo ba nang le maikutlo a hore “a re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” (1 Bakorinthe 15:​32) Batho ba bang ba phela ka tsela ena hobane ba nka ho se na thuso. Mohlomong le uena e ee e re ha ho nyolosetsa u ipotse hore na e le hore re bopetsoe ho phela tjena. Na potso ee e na le karabo?

Batho ba bangata ba nahana hore saense e ka ba araba. Bo-rasaense le lingaka ba fumane lintho tse ngata tse etsang hore batho ba se ke ba shoa kapele ebile ba leka maoala ’ohle ho eketsa lilemo tseo batho ba li phelang. Ho sa tsotellehe boiteko bohle ba bona, potso ke hore na ke hobane’ng re tsofala re bile re shoa, le hore na lefu le sa tla ke le fele. Lihlooho tse latelang li tl’o araba potso ena, re be re bone hore na bophelo bona e se ehlile e le phetho.