Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 2

Re ka Ithuta’ng ho Morutuoa eo Jesu a Neng a mo Rata?

Re ka Ithuta’ng ho Morutuoa eo Jesu a Neng a mo Rata?

“A re tsoeleng pele ho ratana, hobane lerato le tsoa ho Molimo.”​—1 JOH. 4:7.

PINA EA 105 “Molimo ke Lerato”

SELELEKELA *

1. Taba ea hore Jehova oa re rata e etsa hore re ikutloe joang?

MOAPOSTOLA Johanne o ile a re: “Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) Taba ena e re hopotsa ’nete e ’ngoe ea bohlokoa ea hore Molimo ke eena mohloli oa bophelo hape ke mohloli oa lerato. Jehova oa re rata. Tsela eo a re ratang ka eona e etsa hore re ikutloe re bolokehile, re thabile ebile re khotsofetse.

2. Ho ea ka Matheu 22:​37-40, ke litaelo life tse peli tse kholo, hona ke hobane’ng ha re ka thatafalloa ke ho mamela taelo ea bobeli?

2 Bakreste ha ba na boikhethelo ba hore na ba ka bontša lerato kapa che. Ke taelo e ba tlamang. (Bala Matheu 22:​37-40.) Ha re tseba Jehova hantle, ho ka ’na ha e-ba bonolo hore re mamele taelo eo e qalang. Lebaka ke hobane Jehova o phethahetse, oa re tsotella ebile o re tšoara ka tsela e mosa. Empa ho ka ’na ha e ba thata ho mamela taelo ea bobeli. Hobane’ng? Hobane Bakreste-’moho le rona bao e leng karolo ea baahelani ba rona, ha baa phethahala. Ka linako tse ling, ba ka etsa lintho tse ling kapa ba bua lintho tse ling tse etsang re ikutloe eka ha ba re tsotelle kapa hona ho re rata. Jehova o ne a tseba hore re tl’o tobana le bothata bona, ke kahoo a ileng a bululela bangoli ba bang ba Bibele hore ba ngole ka likeletso tse tobileng tsa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho bontšana lerato le hore na re ka etsa joalo joang. E mong oa bangoli bao ke Johanne.​—1 Joh. 3:​11, 12.

3. Johanne o ile a hatisa’ng?

3 Mangolong a hae, Johanne o ile a bua haholo ka hore na Bakreste ba lokela ho bontšana lerato joang. Ha e le hantle, litlalehong tseo Johanne a ileng a li ngola ka bophelo ba Jesu, o ile a sebelisa lentsoe “lerato” le “ho ratoa” ka makhetlo a mangata ho feta bangoli ba bang ba Likosepele. Johanne o ne a ka ba lilemo tse 100 ha a ne a ngola Kosepele ea hae le mangolo a mang a hae a mararo. Libuka tseo li bontša hore lerato le tlameha ho susumetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. (1 Joh 4:​10, 11) Leha ho le joalo, ho nkile nako hore Johanne a ithute ho bontša lerato.

4. Na Johanne o ne a lula a bontša hore o rata batho ba bang?

4 Ha Johanne e sa le mocha, o ne a sa bontše lerato ka linako tsohle. Mohlala, ka nako e ’ngoe, Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba feta Samaria ba e-ea Jerusalema. Batho ba motse o mong o monyenyane oa Samaria ha baa ka ba ba amohela. Johanne o ile a etsa’ng? O ile a kopa hore mollo o hlahe maholimong o timetse baahi bohle ba motse oo. (Luka 9:​52-56) Ka nako e ’ngoe Johanne haa ka a bontša hore o rata baapostola ba bang. Eena le ngoan’abo Jakobo ba ile ba re ’mè oa bona a kope Jesu ho ba fa maemo a khethehileng ’Musong oa hae. Baapostola ba bang ba ile ba halefa ha ba utloa ntho eo Jakobo le Johanne ba e entseng. (Mat. 20:​20, 21, 24) Ho sa tsotellehe liphoso tseo Johanne a li entseng, Jesu o ne a mo rata.​—Joh. 21:7.

5. Re tl’o ithutang sehloohong see?

5 Sehloohong sena re tl’o hlahloba mohlala oa Johanne le lintho tse ling tseo a ileng a li bua ka lerato. Ha re etsa joalo re tla ithuta hore na re ka bontša lerato joang ho Bakreste-’moho le rona. Hape re tl’o ithuta bohlokoa ba hore na lihlooho tsa malapa li ka bontša lerato joang ho malapa a tsona.

LERATO LE BONTŠOA KA LIKETSO

Jehova o ile a bontša hore oa re rata ka hore a romele Mora oa hae lefatšeng ho tla re shoela (Sheba serapa sa 6 le 7)

6. Jehova o ile a etsa’ng ho bontša hore oa re rata?

6 Hangata re nahana hore lerato ke boikutlo bo mofuthu bo bontšoang ka mantsoe a mosa. Empa e le hore lerato e be la ’nete le lokela ho bontšoa le ka liketso. (Bapisa Jakobo 2:​17, 26.) Mohlala, Jehova oa re rata. (1 Joh. 4:​19) O bontšitse hore oa re rata ka ho sebelisa mantsoe a monate a ka Bibeleng. (Pes. 25:​10; Bar. 8:​38, 39) Leha ho le joalo, Molimo ha aa re bolelle feela hore oa re rata empa o bontša le ka liketso. Johanne o ile a re: “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rona ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.” (1 Joh. 4:9) Jehova o ile a lumella Mora oa hae eo a mo ratang hore a utloe bohloko a be a re shoele. (Joh. 3:​16) Kahoo, na u kholisehile hore Jehova oa u rata?

7. Jesu o ile a etsa’ng ho bontša hore oa re rata?

7 Jesu o ile a kholisa barutuoa ba hae hore oa ba rata. (Joh. 13:1; 15:​15) O ile a bontša ka ho hlaka hore na o ba rata hakae le hore na o re rata hakae eseng feela ka molomo empa le ka liketso. O ile a re: “Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.” (Joh. 15:​13) Ha re nahana ka lintho tseo Jehova le Jesu ba re etselitseng tsona, re lokela ho ikutloa joang?

8. 1 Johanne 3:​18 e re re lokela ho etsa’ng?

8 Re bontša hore re rata Jehova le Jesu ka hore re ba mamele. (Joh. 14:​15; 1 Joh. 5:3) Ka ho khetheha, Jesu o ile a re re ratane. (Joh. 13:​34, 35) Ha rea lokela ho bontša Bakreste-’moho le rona ka lipuo feela hore re ea ba rata empa re lokela ho bontša ka liketso. (Bala 1 Johanne 3:​18.) Ke eng ka ho khetheha eo re ka e etsang ho bontša hore rea ba rata?

RATA BAKRESTE-’MOHO LE UENA

9. Lerato le ile la susumetsa Johanne hore a etse’ng?

Johanne a ka be a ile a lula le ntate oa hae e le hore ba etse chelete ka ho tšoasa litlhapi. Ho e-na le hoo, karolo e kholo ea bophelo ba hae o ile a e qeta a ntse a thusa ba bang ho tseba ka Jehova le Jesu. Bophelo boo Johanne a ileng a bo khetha bo ne bo se bonolo. O ile a mamella ho sotloa eaba ho elella qetellong ea mehla ea hae, o thibeloa ho bolela. (Lik. 3:1; 4:​1-3; 5:​18;Tšen. 1:9) Esita le nakong eo a neng a le teronkong ka lebaka la ho bolela ka Jesu, tsela eo oa neng a nahana ka eona e ne e bontša hore o rata batho ba bang. Mohlala, ha a ntse a le sehlekehlekeng sa Patmose, o ile a ngola buka ea Tšenolo eaba o e romella liphuthehong e le hore li tsebe “lintho tse tla etsahala haufinyane.” (Tšen. 1:1) Kahoo, e ka ’na eaba ha a qeta ho lokolloa Patmose o ile a ngola Kosepele e buang ka bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae. O ile a boela a ngola mangolo a mararo e le ho matlafatsa le ho khothatsa Bakreste-’moho le eena. Re ka bontša moea oa boitelo joang joaloka Johanne?

10. U ka bontša joang hore u rata batho?

10 Tsela eo ka eona u khethang hore na bophelo ba hao bo tla ba joang e ka bontša hore na o rata batho ba bang kapa che. Lefatše la Satane le batla u qete nako u ichebile bouena feela u iketsetsa chelete le ho ipatlela botumo. Ho e-na le hoo, Bakreste ba bangata lefatšeng ka bophara ba qeta nako ba bolella batho ba bang molaetsa oa Bibele le ho ba thusa hore e be metsoalle ea Jehova. Ba bang ba khona ho ruta le ho bolela ka nako e tletseng.

Re bontša hore re rata bara le barali ba bo rona le malapa a rona ka lintho tseo re ba etsetsang sona (Sheba serapa sa 11 le 17) *

11. Bahoeletsi ba tšepahalang ba bontša joang hore ba rata Jehova le Bakreste-’moho le bona?

11 Bakreste ba bangata ba tšepahalang ba qeta nako e ngata ba le mesebetsing e le hore ba tle ba khone ho hlokomela ba lelapa la bona le ho itlhokomela. Leha ho le joalo, Bakreste bana ba tšepahalang ba tšehetsa mokhatlo oa Molimo kahohle kamoo ba ka khonang. Ka mohlala, ba bang ba thusa ha ho e-na le likoluoa, ba bang ba sebetsa kahong hape kaofela ha rona na le monyetla oa ho fana ka monehelo ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle. Ba etsa lintho tsena hobane ba rata Molimo le batho ba bang. Beke le beke re bontša hore re rata Bakreste-’moho le rona ka ho ba teng libokeng le ho nka karolo ho tsona. Ka matsatsi a mang re ka ikutloa re khathetse empa re ba teng libokeng. Le hoja re ka tšoha, rea arabela. Hape le hoja kaofela ha rona re e-na le mathata re khothatsa ba bang pele ho liboka le ka mor’a tsona. (Baheb. 10:​24, 25) Re ananela mosebetsi oo bara le barali ba bo rona ba o etsang.

12. Ke ka tsela e fe e ’ngoe eo Johanne a ileng a bontša hore o rata bara le barali ba bo rona?

12 Johanne ha aa ka a bontša lerato feela ka ho babatsa Bakreste-’moho le eena empa o ile a le bontša le ka ho ba fa keletso. Mohlala, mangolong a hae o ile a babatsa Bakreste-’moho le eena ka tumelo eo ba nang le eona le mesebetsi e metle eo ba e etsang empa o ile a boela a ba fa keletso e tobileng ha a ne a bua ka ho etsa sebe. (1 Joh. 1:8–2:​1, 13, 14) Ka tsela e tšoanang, le rona re lokela ho babatsa bara le barali ba bo rona ka lintho tse ntle tseo ba li etsang. Empa ha motho e mong a qala a etsa ntho e ka ’nang ea ama setsoalle sa hae le Jehova, re ka mo bontša lerato ka hore re mo fe keletso. Ha u fa motsoalle oa hao keletso, ho hlokahala hore u be sebete etsoe Bibele e re metsoalle ea ’nete e fanana likeletso kapa hona ho bontšana liphoso.​—Liprov. 27:17.

13. Re lokela ho qoba ho etsa’ng?

13 Ka linako tse ling re ka bontša Bakreste-’moho le rona hore rea ba rata ka ho se etse lintho tse itseng. Mohlala, ha re utloisoe bohloko ke lintho tseo ba li buang. Ak’u nahane hore na ho ile ha etsahala’ng qetellong ea bophelo ba Jesu ha a le lefatšeng. O ile a re ho barutuoa ba hae, e le hore ba tle ba fumane bophelo ba lokela ho ja nama ea hae le ho noa mali a hae. (Joh. 6:​53-57) Mantsoe ao a ile a tšosa barutuoa ba hae ba bangata hoo ba ileng ba tsamaea. Empa metsoalle ea hae ea ’nete e akarelletsang Johanne ha ea ka ea tsamaea. E ile ea mo khomarela ka botšepehi. E ne e sa utloisise hore na Jesu o ne a re’ng hape e ka ’na eaba ntho eo e ne e ba tšositse. Metsoalle ea Jesu e tšepahalang ha e-ea ka ea nahana hore o ne a fositse ’me ntho eo ha e-ea ka ea ba utloisa bohloko. Ho e-na le hoo, e ne e mo tšepa ’me e ne e tseba hore o ne a bua ’nete. (Joh. 6:​60, 66-69) Ke habohlokoa hore re se ke ra tatela ho utloisoa bohloko ke lintho tseo metsoalle ea rona e li buang. Ho e-na le hoo, re lokela ho e fa monyetla oa hore e itlhalose.​—Liprov. 18:​13; Moek. 7:9.

14. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hloea bara le barali ba bo rona?

14 Johanne o ile a boela a re khothalletsa hore re se ke ra hloea bara kapa baralib’abo rona. Haeba re sa mamele keletso eo, re ipeha kotsing ea hore re susumetsoe ke Satane. (1 Joh. 2:​11; 3:​15) Ntho eo e ile ea etsahalla batho ba bang qetellong ea mehla ea Johanne. Satane o ne a ikeme lepaketla ka hore a arole batho ba Molimo le hore ba hloeane. Nakong eo Johanne a neng a ngola mangolo a hae ho ne ho se ho e-na le banna ba tšoanang le Satane ba neng ba tlile ka phuthehong. Mohlala, Diotrefe o ne a se a entse likarohano tse mpe haholo ka phuthehong. (3 Joh. 9, 10) O ne a tella baemeli ba sehlopha se busang. Diotrefe o ne a se a bile a lekile ho leleka batho ba neng ba amohela baeti bao a neng a sa ba rate ka phuthehong. O ne a se a tsoile tseleng hakaakang! Satane o ntse a leka ka matla ho arola batho ba Molimo le hore ba se ke ba thusana mehleng ena. E se eka re ke ke ra lumella lehloeo hore le re arole le Bakreste-’moho le rona.

RATA LELAPA LA HAO

Jesu o ile a kopa Johanne hore a hlokomele ’mè oa hae le hore a mo thuse ho tsoela pele a sebeletsa Jehova. Lihlooho tsa malapa li lokela ho hlokomela ba malapa a bona (Sheba serapa sa 15 le 16)

15. Hlooho ea lelapa e lokela ho hopola’ng?

15 Ntho e ’ngoe eo hlooho ea lelapa e ka bontšang hore e rata lelapa la eona ke hore e le hlokomele ka litlhoko tsa mantlha. (1 Tim. 5:8) Leha ho le joalo, e lokela ho hopola hore ntho ea bohlokoa ke ho thusa lelapa la hae hore le sebeletse Jehova. (Mat. 5:3) Ak’u nahane ka mohlala oo Jesu a o behetseng lihlooho tsa malapa. Ho ea ka Kosepele ea Johanne, Jesu o ne a ntse a nahana ka lelapa la bo ha a le thupeng ea tlhokofatso ’me a le haufi le ho shoa. Johanne o ne a eme le Maria ’mè oa Jesu moo Jesu a neng a tl’o bolaeloa teng. Ho sa tsotellehe bohloko bo boholo boo Jesu a neng a bo utloa, o ile a re Johanne a hlokomele ’mè oa hae. (Joh. 19:​26, 27) Jesu o ne a e-na le bana ba bo ba neng ba ka hlokomela Maria empa ho bonahala eka ha ho le ea mong oa bona eo e neng e se e le molateli oa Jesu. Jesu o ile a etsa bonnete ba hore Maria oa hlokomeloa le ho thusoa hore a lule a e-na le kamano e ntle le Molimo.

16. Ke boikarabelo bofe boo Johanne a neng a e-na le bona?

16 Johanne o ne a e-na le boikarabelo bo bongata. Kaha e ne e le moapostola o ne a lokela ho chesehela mosebetsi oa ho bolela. E ka ’na eaba o ne a nyetse, kahoo o ne a lokela ho leka-lekanya lintho e le hore a hlokomele lelapa le ho le thusa ho ba le kamano e ntle le Jehova. (1 Bakor. 9:5) Lihlooho tsa malapa li ka ithuta’ng?

17. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore hlooho ea lelapa e thuse lelapa la eona hore lule le sebeletsa Jehova?

17 Mor’abo rona eo e leng hlooho ea lelapa a ka ’na a ba le boikarabelo bo bongata. Ka mohlala, o lokela ho sebetsa ka thata mosebetsing oa hae oa boipheliso e le hore tsela eo a itšoarang ka eona e ise thoriso ho Jehova. (Baef. 6:​5, 6; Tite 2:​9, 10) Kapa mohlomong o na le boikarabelo ka phuthehong, joaloka ho ba molisa le ho etella pele mosebetsi oa boboleli. Ka nako e tšoanang ho bohlokoa hore a bale Bibele le mosali oa hae le bana ba hae kamehla. Ba tla ananela haholo lintho tseo a li etsang hore ba lule ba phetse hantle ’meleng le maikutlong le hore ba lule ba e-na le kamano e ntle le Jehova.​—Baef. 5:​28, 29; 6:4.

“LULANG LERATONG LA KA”

18. Johanne o ne a kholisehile ka’ng?

18 Johanne o ile a phela nako e telele ’me o ile a thabela lintho tse ngata bophelong ba hae. O ile a thulana le liteko tsa mefuta eohle tse neng li ka ’na tsa fokolisa tumelo ea hae. Empa o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho mamela litaelo tsa Jesu tse akarelletsang ho rata Bakreste-’moho le eena. Ka lebaka leo Johanne o ne a kholisehile hore Jehova le Jesu baa mo rata le hore ba ne ba tla mo fa matla a hore a mamelle teko leha e le efe. (Joh. 14:​15-17; 15:​10; 1 Joh. 4:​16) Ho sa tsotellehe makhobonthithi ao Satane le lefatše la hae ba ileng ba a etsa, Johanne ha aa ka a tlohela ho bontša Bakreste-’moho le eena lerato ka lipuo le ka liketso.

19. 1 Johanne 4:7 e re khothalletsa ho etsa’ng, hona hobane’ng?

19 Joaloka Johanne, re phela lefatšeng le busoang ke Satane ’musi ea khopo ka ho fetisisa. (1 Joh. 3:​1, 10) Kaha ntho eo a e batlang ke hore re hloee Bakreste-’moho le rona, a ke ke a khona ho etsa joalo haeba re sa mo lumelle. E se e ka re ka tsoela pele re bontša lerato ho bara le barali ba bo rona ka lintho tseo re li buang le tseo re li etsang. Ha re bontša lerato leo, re tla thabela ho ba ka har’a lelapa la Jehova ’me re tla phela bophelo bo monate haholo.​—Bala 1 Johanne 4:7.

PINA EA 88 Nthute Thato ea Hao

^ ser. 5 Re lumela hore moapostola Johanne ke morutuoa eo Jesu “a neng a mo rata.” (Joh. 21:7) Le hoja Johanne a ne e sa le mocha nakong eo Jesu a ntseng a le lefatšeng, o ne a e-na le makhabane a matle haholo. Lilemo hamorao Jehova o ile a mo sebelisa hore a ngole haholo ka lerato. Sehloohong sena re tl’o ithuta tse ling tsa lintho tseo Johanne a li ngotseng le hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae.

^ ser. 59 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Hlooho ea lelapa e phathahane ka ho thusa moo ho nang le likoluoa, e fana ka monehelo oa lefatše lohle le ho mema ba bang ha ba tšoara borapeli ba lelapa.