Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Kamehla Libokeng?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Kamehla Libokeng?

“A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna.”BAHEBERU 10:24, 25.

LIPINA: 20, 119

1-3. (a) Bakreste ba bang ba bontšitse joang hore ba labalabela ho ba teng libokeng? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong see?

HA MOROETSANA e mong ea bitsoang Corinna a le lilemo li 17, ’mè oa hae o ile a tšoaroa eaba o isoa kampong ea mosebetsi o boima. Hamorao, Corinna le eena o ile a tšoaroa a isoa Siberia, e hōle le habo. Ha a le moo o ne a hoehla ka thata polasing joaloka lekhoba. Ka linako tse ling o ne a qobelloa ho sebetsa ka ntle le ha ho bata haholo, empa a sa apara liphahlo tse mofuthu. Leha ho le joalo, Corinna le morali’abo rōna e mong ba ile ba itjoetsa hore ba tla etsa eng kapa eng eo ba ka e khonang hore ba thobe ’me ba ee libokeng tsa phutheho.

2 Corinna o re: “Re ile ra tloha mantsiboea eaba re ea seteisheneng sa terene se bohōle ba lik’hilomithara tse 25. Terene e ile ea tloha ka hora ea bobeli ka meso, ’me ea tsamaea lihora tse tšeletseng, eaba re tsamaea lik’hilomithara tse leshome ho ea moo liboka li tšoareloang teng.” Corinna o ne a thabetse ho ea libokeng. O ile a re: “Ha re le libokeng re ile ra ithuta Molula-Qhooa ra ba ra bina lipina tsa ’Muso. Li ile tsa re matlafatsa haholo tsa ba tsa re tiisa tumelo.” Corinna le morali’abo rōna eo ba ile ba khutlela polasing ka mor’a matsatsi a mararo, empa mong’a bona o ne a sa hlokomele le hore ba tsamaile.

3 Haesale bahlanka ba Jehova ba thabela ho bokana hammoho. Ka mohlala, Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ne ba thabela ho rapela Jehova ba le hammoho le ho ithuta ka eena. (Liketso 2:42) E ka ’na eaba le uena u thabela ho ba teng libokeng. Mohlomong joaloka balumeli-’moho le uena ba bang, u thatafalloa ho ba teng libokeng kamehla. Ho ka etsahala hore u sebetsa lihora tse ngata kapa u na le boikarabelo bo bongata kapa u lula u khathetse. Joale ke eng e ka re thusang ho etsa sohle se matleng a rōna hore re be teng libokeng? [1] (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.) Re ka etsa’ng e le hore re khothaletse liithuti tsa rōna le batho ba bang hore ba be teng libokeng kamehla? Sehlooho sena se tla hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho ba teng libokeng (1) ho re tsoela molemo, (2) ho thusa ba bang ho bile (3) ho thabisa Jehova. [2]—Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.

LIBOKA LI RE TSOELA MOLEMO

4. Ho ea libokeng ho re thusa joang hore re ithute ka Jehova?

4 Libokeng rea ithuta. Kamehla ha re ile libokeng re ithuta ka Jehova. Ka mohlala, re sa tsoa qeta ho ithuta buka ea Atamela ho Jehova Thutong ea Bibele ea Phutheho. U ile ua ikutloa joang ha re ne re tšohla botho ba Jehova le ha u ne u utloa kamoo balumeli-’moho le uena ba mo ratang kateng? Ha ho potang hore sena se entse hore u rate Jehova le ho feta. Ha re le libokeng re boetse re ithuta Bibele ha ho fanoa ka lipuo, lipontšo le ha ho baloa Bibele. (Nehemia 8:8) Hape nahana ka lintho tse ngata tseo re ithutang tsona ha re lokisetsa ’malo oa Bibele le ha re mametse ba bang ba bolela seo ba ithutileng sona.

5. Liboka li u thusitse joang hore u sebelise seo u ithutang sona ka Bibeleng le hore u ntlafatse tsela eo u rutang ka eona?

5 Liboka li re ruta ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba rōna. (1 Bathesalonika 4:9, 10) Ka mohlala, na ho na le Thuto ea Molula-Qhooa e kileng ea etsa hore u batle ho ikakhela ka setotsoana tšebeletsong ea Jehova, kapa ea u susumelletsa hore u ntlafatse lithapelo tsa hao, kapa u tšoarele bara le barali beno? Liboka tsa har’a beke li re ruta litsela tsa ho paka ’me li re thusa ho utloisisa Bibele hamolemo.—Matheu 28:19, 20.

6. Ke eng e re khothatsang le ho re matlafatsa ha re le libokeng?

6 Liboka lia re khothatsa. Lefatše la Satane le leka ho thefula tumelo ea rōna ’me le ka ’na la etsa hore re sithabele re be re nyahame. Empa liboka lia re khothatsa le ho re matlafatsa e le hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova. (Bala Liketso 15:30-32.) Hangata re ithuta kamoo boprofeta ba Bibele bo phethahalang kateng. Sena se re tiisetsa hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala. Bara le barali babo rōna baa re khothatsa ha ba fana ka lipuo, ha ba arabela le ha ba binela Jehova ho tsoa pelong. (1 Bakorinthe 14:26) Hape, ha re bua le bona pele liboka li kena le ha li tsoa, rea khothala hobane re qoqa le metsoalle ea rōna e re tsotellang.—1 Bakorinthe 16:17, 18.

Liboka lia re khothatsa le ho re matlafatsa e le hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova

7. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be teng libokeng?

7 Ha re le libokeng Molimo o re thusa ka moea oa hae o halalelang. Jesu o sebelisa moea o halalelang ho tataisa phutheho. Ha e le hantle, o ile a re re lokela ho mamela “seo moea o se bolellang liphutheho.” (Tšenolo 2:7) Moea o halalelang o ka re thusa ho hlōla liteko le ho bolela ka sebete. O ka boela oa re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng. Ke kahoo re lokelang ho etsa sohle se matleng a rōna hore re be teng libokeng e le hore Molimo a ka re thusa ka moea oa hae o halalelang.

LIBOKENG RE THUSA BA BANG

8. Barab’abo rōna ba rua molemo joang ha ba re bona libokeng, ha ba utloa re arabela le ha re bina? (Sheba le lebokose le reng “ Kamehla O Khutla a Hlaphohetsoe.”)

8 Ha re le libokeng, re ba le monyetla oa ho bontša bara le barali babo rōna hore rea ba rata. Balumeli-’moho le rōna ba bangata ba mameletse mathata a boima. Moapostola Pauluse o ile a re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.” (Baheberu 10:24, 25) Re ka bontša hore re nahanela bara le barali babo rōna ka ho khothatsana ha re le libokeng. Ha re ba teng libokeng, re bontša balumeli-’moho le rōna hore rea ba rata le hore re thabela ho buisana le bona ’me re labalabela ho utloa hore na ba ikutloa joang. Re boetse rea ba khothatsa ha re arabela le ha re bina ho tsoa pelong.—Bakolose 3:16.

9, 10. (a) Mantsoe a Jesu a ho Johanne 10:16 a re susumelletsa ho etsa’ng? (b) Ha u ba teng kamehla libokeng u ka ’na ua thusa ba lahluoeng ke ba malapa abo bona joang?

9 Ha re ba teng libokeng, re thusa phutheho hore e momahane. (Bala Johanne 10:16.) Jesu o ile a ipapisa le molisa eaba o tšoantša balateli ba hae le mohlape oa linku. Nahana ka sena: Nka hore motho o na le linku tse hlano, tse peli li leralleng, tse ling tse peli li phuleng ’me e ’ngoe e itsamaela hlatheng, na u ne u ka re linku tseo ke mohlape? Che, hobane haeba e ne e le mohlape li ne li tla tsamaea ’moho ’me li latele molisa oa tsona. Ka tsela e tšoanang, ha rea lokela ho itšehla thajana ka ho se be teng libokeng. Ho e-na le hoo, re lokela ho bokana hammoho le barab’abo rōna e le hore re ka ba “mohlape o le mong” o latelang ‘molisa a le mong.’

10 Liboka li re thusa ho ba lelapa le momahaneng. (Pesaleme ea 133:1) Balumeli-’moho le rōna ba bang ba lahluoe ke ba malapa abo bona. Empa Jesu o tšepisitse hore o tla ba fa lelapa le tla ba rata le ho ba hlokomela. (Mareka 10:29, 30) Haeba u ba teng kamehla libokeng, u ka phetha karolo ea ntate, ’mè, abuti, kapa ausi ho balumeli-’moho le uena. Ha re nahana ka sena re tla susumelletseha ho etsa sohle se matleng a rōna hore re be teng libokeng tsohle.

RE THABISA JEHOVA

11. Ho ba teng libokeng ho re thusa joang hore re fe Jehova tlotla e mo tšoanelang?

11 Ha re le libokeng re fa Jehova tlotla e mo tšoanelang. Kaha ke ’Mōpi oa rōna, re lokela ho mo leboha, ho mo hlompha le ho mo rorisa. (Bala Tšenolo 7:12.) Re etsa sena libokeng ha re mo rapela, ha re bina le ha re bua ka eena. Ruri re na le monyetla o babatsehang oa ho rorisa Jehova beke le beke!

Jehova oa hlokomela ha re hlile re batla ho ba teng kamehla libokeng ’me o hlohonolofatsa boiteko ba rōna

12. Jehova o ikutloa joang ha re mamela taelo ea hae ea hore re be teng kamehla libokeng?

12 Jehova o re bōpile, kahoo re lokela ho mo mamela. O re laetse hore re bokane hammoho, haholo-holo nakong ena ea bofelo. Kahoo, Jehova oa thaba ha re mamela taelo ena. (1 Johanne 3:22) Oa hlokomela ha re hlile re batla ho ba teng kamehla libokeng ’me o hlohonolofatsa boiteko ba rōna.—Baheberu 6:10.

13, 14. Liboka li re thusa joang ho ba le kamano e ntle le Jehova le Jesu?

13 Ha re ea libokeng, re bontša Jehova le Mora oa hae hore re batla ho ba le kamano e ntle le bona. Ha re le libokeng, re ithuta Bibele ’me Jehova o re ruta hore na re lokela ho etsa’ng le hore na re lokela ho phela joang. (Esaia 30:20, 21) Esita le batho bao re ba memelang ho tla libokeng, baa hlokomela hore re tataisoa ke Jehova. (1 Bakorinthe 14:23-25) Jehova o tsamaisa liboka tsa rōna a sebelisa moea o halalelang ’me seo re ithutang sona moo se tsoa ho eena. Kahoo ha re le libokeng, re mamela seo Jehova a se buang, re bona kamoo a re ratang kateng ’me re ba le kamano e ntle le eena.

14 Jesu, e leng eena Hlooho ea phutheho, o ile a re: “Moo ho nang le ba babeli kapa ba bararo ba bokaneng ka lebitso la ka, ke teng moo har’a bona.” (Matheu 18:20) Bibele e boetse e re Jesu ‘o tsamaea har’a’ liphutheho. (Tšenolo 1:20–2:1) Ho totobetse hore Jehova le Jesu ba ba le rōna libokeng ’me baa re matlafatsa. U nahana hore Jehova o ikutloa joang ha a bona hore u etsa sohle se matleng a hao hore u be le kamano e ntle le eena hammoho le Mora oa hae?

15. Ha re ba teng libokeng, re bontša joang hore re ikemiselitse ho mamela Jehova?

15 Ha re ea libokeng, re bontša Jehova hore re ikemiselitse ho mo mamela. Jehova ha a re qobelle ho mo mamela. (Esaia 43:23) Kahoo ha re khetha ho mamela taelo ea hore re be teng libokeng, re bontša hore rea mo rata ’me re lumela hore o na le tokelo ea ho re laela. (Baroma 6:17) Ka mohlala, re tla etsa’ng haeba mohiri oa rōna a re fa mosebetsi o mongata hoo re sa khoneng ho ba teng kamehla libokeng? Mohlomong ’muso o fane ka taelo ea hore ha motho a ea libokeng o tla lefisoa, a isoe teronkong, kapa a fuoe kotlo e ’ngoe e boima. Kapa ka linako tse ling re mpa feela re batla ho etsa lintho tse itseng ho e-na le ho ea libokeng. Maemong ana ’ohle re lokela ho iketsetsa qeto ea hore na re tla etsa’ng. (Liketso 5:29) Empa kamehla Jehova oa thaba ha re khetha ho mo mamela.—Liproverbia 27:11.

LULA U BA TENG LIBOKENG

16, 17. (a) Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba bontša joang hore ba nka ho bokana hammoho e le habohlokoa? (b) Mor’abo rōna George Gangas o ne a ikutloa joang ka liboka?

16 Ka mor’a hore Bakreste ba be sebokeng sa Pentekonta ka selemo sa 33, ba ile ba lula ba bokana ho tla rorisa Jehova. Ba ile “ba tsoela pele ho inehela thutong ea baapostola le ho arolelaneng, ho jeng lijo le lithapelong.” (Liketso 2:42) Ha baa ka ba khaotsa ho bokana hammoho, esita le ha ba ne ba hlorisoa ke ’muso oa Roma le baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda. Le hoja ho ne ho le thata, ba ile ba etsa sohle se matleng a bona hore ba lule ba bokana hammoho.

17 Le kajeno bahlanka ba Jehova ba ntse ba ananela liboka ’me ba thabela ho ba ho tsona. George Gangas, eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang ka lilemo tse fetang 22, o ile a re: “Ho ’na, ho kopana le barab’abo rōna ke e ’ngoe ea lintho tse ntlisetsang thabo bophelong le mohloli oa khothatso. Ke rata ho ba har’a ba fihlang pele Holong ea ’Muso, ’me ke tlohe le ba ho qetela, haeba ho khoneha. Ke ikutloa ke khotsofetse ha ke bua le batho ba Molimo. Ha ke le har’a bona ke ikutloa ke phutholohile.” O ile a phaella ka ho re: “Kamehla ke labalabela ho ba teng libokeng.”

18. U ikutloa joang ka liboka, hona u ikemiselitse ho etsa’ng?

18 Na le uena ke kamoo u ikutloang kateng ka liboka? Haeba ho joalo, tsoela pele u etsa sohle se matleng a hao hore u be teng libokeng, esita le ha ho le thata. Bontša Jehova hore u ikutloa joaloka Morena Davida, ea ileng a re: “Jehova, ke ratile bolulo ba ntlo ea hao.”—Pesaleme ea 26:8.

^ [1] (serapeng sa 3) Bara le barali babo rōna ba bang ha ba khone ho ba teng libokeng kamehla ka lebaka la maemo ao ba ke keng ba a qoba. Ka mohlala, ba bang ba kula haholo. Ba lokela ho kholiseha hore Jehova o utloisisa maemo a bona ’me o ananela sohle seo ba se etsang ho mo rapela. Mohlomong baholo ba ka ba thusa ho mamela liboka ka thelefono kapa ba ba rekotela tsona.

^ [2] (serapeng sa 3) Sheba lebokose le reng “ Mabaka a ho ba Teng Libokeng.”